Litaba tsa Puso ea Molimo
◼ Lipaki tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao Bulgaria ka la 7 October, 1998. Re kopanela le bahoeletsi ba 946 ba moo ho leboha Jehova ka khatelo-pele ena.
◼ Ka la 12 October, 1998, ’muso oa Latvia o ile oa lumella ho ngolisoa ha liphutheho tsa pele tse 2 ho tse 21 naheng eo.
◼ Ho sa tsotellehe khanyetso, barab’abo rōna ba Fora ba ntse ba phehella ho bolela ka ’Muso. Ka November le December, ho ile ha etsoa letšolo la ho lebisa tlhokomelo ea naha Bibeleng ka kabo e khethehileng ea bukana e reng Buka ea Batho Bohle. Basebeletsi ba Bethele ba ka bang 50 ba Fora ba falletse Brithani ho ea thusa ka mosebetsi oa ho hatisa le ho romela o etsoang lekaleng, ha litho tse setseng tse 250 tsa lelapa la Bethele la Fora le barab’abo rōna ba leng tšimong ba ntse ba tsoela pele ho sebetsa ka thabo tlas’a maemo a tloaelehileng.
◼ Afrika Boroa, khoeling ea pele ea selemo sa tšebeletso sa 1999, Holo ea ’Muso ea Tsumeb (Namibia) e ile ea neheloa. Khoeling e latelang ho ile ha neheloa Holo e ncha ea ’Muso ea Pretoria North, ’me ka November, ho ile ha neheloa liholo tse tšeletseng tse latelang: Inanda Newtown West, Maphophoma, Nongoma le Nyuswa (kaofela ha tsona li KwaZulu Natal), Jwaneng (Botswana) le Bloemfontein South. Re thaba le liphutheho tsena tseo joale li nang le Liholo tsa ’Muso tse ntle tseo li ka rapelang Jehova ho tsona.