Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February
Beke e Qalang ka la 1 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bohle hore ba nehelane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa January.
17 mets: “Nehelana ka Buka ea Thabo ea Lelapa ho Batho ba Lilemo Tsohle.” Moholo o tšohla sehlooho sena le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba nang le bokhoni. Lebisa tlhokomelo pakaneng ea ho thusa ba bang ho hlokomela hore lekunutu la thabo ea lelapa le itšetlehile ka ho latela keletso ea Bibele. (Bona Thabo ea Lelapa, leqepheng la 9-12.) Etsa pontšo ka e ’ngoe ea linehelano tse bontšitsoeng. Bontša kamoo ho lokisetsoang leeto la ho boela kateng.
18 mets: “Le Apare Botho bo Bocha.” Puo, e hlahlobang Baefese 4:20-24. (Bona Molula-Qhooa oa March 1, 1993, leqepheng la 14-18, serapeng sa 4-17.) Hlalosa kamoo re hlobolang botho ba khale kateng le ho apara bo bocha.
Pina 4 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 8 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Qeto ea Rōna e Tiileng ke ho Phehella Tsela ea Jehova ea Bophelo.” Puo. Kopanyelletsa le ho khothatsa bohle hore ba be teng libokeng tsa beke le beke tse hlano tsa phutheho.
Pina 173 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 15 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.
18 mets: Re Rua Molemo Joang ka ho Ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Puisano le bamameli e tsamaisoang ke molebeli oa sekolo. Morero oa sekolo hase feela ho fana ka koetliso ea ho bua phatlalatsa. Ho na le litsela tse ling tseo ka tsona re ruang molemo ka ho tobileng. (Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 12-13.) Re ithuta kamoo re ka buisanang hamolemo kateng le batho ba bang. Re rutoa ho bua ka mokhoa o hlakileng, o bontšang botsitso le sebete. Re ba le tsebo ea ho araba lipotso mabapi le tumelo ea rōna le ho hlalosa liqeto tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Tsebo ea rōna ka Bibele ea eketseha, e re thusa ho atleha haholoanyane ha re pakela ba bang. Re ithuta ho lumela mefokolo ea rōna le ho amohela keletso, e leng ho fellang ka hore re sebelisane le ba bang ka khotso haholoanyane. Koetliso e akaretsang eo sekolo se re fang eona e re thusa ho lula re “tšoaneleha ka ho lekaneng” re le basebeletsi ba Molimo.—2 Bakor. 3:5, 6.
17 mets: “Kamoo Litho Tsa Lelapa li Sebelisanang Hammoho Kateng Hore li Kopanele ka Botlalo—Thutong ea Bibele.” Puisano e etsoang ke lelapa. Ba hlahlobisisa kamoo ba sebelisang kateng litlhahiso tsa ho bala Bibele le ho ithuta e le lelapa, tse fumanoang ho Molula-Qhooa oa May 15, 1996, leqepheng la 14-15 le ho Molula-Qhooa oa October 15, 1992, leqepheng la 16-17.
Pina 57 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 22 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Ho Paka Lifoleteng le Matlong a Litoropo Moo Tšireletso e Leng Matla. (Haeba le se na bothata bona tšimong ea lōna, hlahloba litlhoko tsa phutheho kapa sehlooho se reng “Bua ka Sebete” ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 1996.) Puisano le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo. Ho thata ho pakela batho ba lulang lifoleteng le matlong a litoropo moo tsela ea ho buisana le bona e leng ka intercom feela. Hlahloba litsela tsa ho hlaolela thahasello. Ka mokhoa o botsoalle, ipolele hore u moahisani; sebelisa lebitso la mong’a ntlo haeba le bontšitsoe bukeng e thathamisitseng linomoro tsa thelefono; bua ka sehlooho se nakong seo u ratang ho se tšohla, kapa u bale kenyelletso ka ho toba bukeng ea ho Ho Bea Mabaka, leqepheng la 9-15; ’me u hlalose hore u lakatsa ho mo siela pampitšana, makasine kapa bukana e arabang potso ea bohlokoa, ebe u bolela potso eo. Moo ho leng thata ho buisana le beng ba matlo, ba ngolle mangolo kapa u ba pakele seterateng ha ba ntse ba fihla le ha ba tsamaea. Etsa pontšo ka mokhoa o sebelisoang sebakeng sa lōna o bileng le liphello tse ntle ho batho ba lulang mehahong ena.
20 mets: Tsela ea Ho Fumana Thabo ka ho Etsa Barutuoa. Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa February 15, 1996, leqepheng la 19-22.
Pina 91 le thapelo e koalang.