Nehelana ka Buka ea Thabo ea Lelapa ho Batho ba Lilemo Tsohle
1 Moshanyana ea lilemo li 11 oa California o ile a hlalosa kananelo ea hae ka buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. O ile a ngola: “Ke motlotlo ka eona, ’me ke khothalletsa malapa a mang hore a bale buka ena hobane e molemo haholo. E . . . thusa lelapa leso ho ba le khotso le thabo lehaeng la rōna.” Phihlelo ea mocha enoa e lokela ho re khothalletsa hore re nehelane ka buka ea Thabo ea Lelapa ho batho ba lilemo tsohle. Litlhahiso tse seng kae ke tsena tseo u ka ratang ho li leka tšimong ea heno ka February.
2 Ha u kopana le mocha, u ka ’na ua re:
◼ “Ba bangata ba leng lilemong tsa hao ba nahana ka lenyalo. Empa u ka fumana boitsebiso bo tšepahalang hokae bo buang ka taba eo? [Emela karabelo.] Hangata bacha ba bolela hore ha ba tsebe hantle hore na ebe ba se ba loketse ho kena lenyalong. E-re nke ke arolelane le uena seo buka ena e se buang ka taba ena.” Phetla leqepheng la 14 bukeng ea Thabo ea Lelapa, ’me u bale serapa sa 3. Ebe joale u mo bontša sehloohoana ka seng khaolong eo. Nehelana ka buka e sekoahelo se thata ka R5,00 kapa e sekoahelo sa pampiri ka R3,75, ’me u lokisetse ho khutla.
3 Ha u buisana le motsoali, u ka re:
◼ “Re ntse re buisana le batsoali ka tataiso e molemo e hlileng e sebetsang bakeng sa ho hōlisa bana. Tataiso eo e bokelletsoe bukeng ena e reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa.” Phetla leqepheng la 55. Bala serapa sa 10, ho latele Deuteronoma 6:6, 7, e serapeng sa 11. Ebe joale u lebisa tlhokomelo lipolelong tse tšekaletseng serapeng sa 12 ho ea ho sa 16. Tsoela pele ka ho re: “Buka ena e thusitse ba bangata hore ba atlehe haholo joaloka batsoali.” Nehelana ka buka ka monehelo o tloaelehileng.
4 Ha u buisana le motho ea hōlileng, u ka re:
◼ “Ka mor’a hore ke bale tlhaloso ena e khutšoanyane, ke kōpa hore u mpolelle hore na u nahana joang.” Phetla buka ea Thabo ea Lelapa leqepheng la 169, ’me u bale lipolelo tse peli tse qalang tsa serapa sa 17. Ebe joale u mo kōpa hore a arabele. Ho itšetlehile ka karabo, u ka ’na ua bala lintlha tse eketsehileng bukeng pele u nehelana ka eona.
5 Ha u boela moo u faneng ka buka ea Thabo ea Lelapa, hopola ho leka hore u qalise thuto ea Bibele. Thuto ea 8 bukaneng ea Seo a se Hlokang kapa khaolo ea 15 bukeng ea Tsebo e ka ’na ea e-ba sebaka se loketseng hore u qalise ho sona. Ho sa le joalo, a re etseng boiteko ba ho thusa batho ba lilemo tsohle hore ba hahe bophelo bo thabileng ba lelapa ba Bokreste.