Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho Falimehela Maemo
1 Jehova Molimo le Kreste Jesu baa ipabola ka ho ela hloko litlhoko tse khethehileng tsa batho le ka ho ithaopela ho ba thusa. (2 Likron. 16:9; Mar. 6:34) Ha re hlokomela hore na batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ba thahasella eng ’me ba amehile ka eng, re ka ’na ra khona ho fetola nehelano ea rōna ea litaba tse molemo hore e lumellane le maemo a bona.
2 Mamelisisa: Jesu o ne a falimehela maemo. (Mar. 12:41-43; Luka 19:1-6) Ka ho tšoanang, ha re atamela monyako ’me re hlokomela mekhabiso ea bolumeli, listikara likoloing, kapa lintho tsa ho bapala jareteng, re ka ’na ra fumana menyetla ea ho bolela litaba tse molemo ka tsela e atlehang.
3 Tšobotsi ea motho ea sefahleho le tsela eo a itšoarang ka eona li ka ’na tsa bontša hore na o ikutloa joang. (Liprov. 15:13) Mohlomong o shoetsoe ke moratuoa kapa ho na le ho hong ho mo tšoentseng ’me o hloka khothatso. A ka ’na a thaba ha re mo balla mangolo a loketseng. (Liprov. 16:24) Na mong’a ntlo o potlaketse ho tsamaea kapa o nkile ngoana ea llang? Haeba ho joalo, ho ka ba molemo ho lokisetsa ho mo etela ka nako e ’ngoe. Ka ho mo nahanela le ka ho ‘bontša hore re mo utloela bohloko,’ re ka ’na ra mo susumelletsa ho mamela ha re khutlela.—1 Pet. 3:8.
4 Feto-fetola Nehelano ea Hao: Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore motse oa Athene o ne o e-na le aletare e nehetsoeng “Ho Molimo ea sa Tsejoeng.” Sena se ile sa ba le tšusumetso tseleng eo a ileng a bolela litaba tse molemo ka eona, hobane o ile a re: “Seo ka ho se tsebe le se fang boinehelo ba bomolimo, sena kea se phatlalatsa ho lōna.” Mokhoa oa Pauluse o masene o ile oa susumetsa ba bang ho ba neng ba le teng hore ba nahane ka molaetsa oa ’Muso ’me e be balumeli.—Lik. 17:23, 34.
5 Ka ho tšoanang, ho falimehela maemo ho re thusa ho lemoha seo motho a se thahasellang, ka tsela eo ho re fa monyetla oa ho feto-fetola nehelano ea rōna hore e lumellane le maemo. Sebelisa lipotso tse ka ’nang tsa fata maikutlo a mong’a ntlo. Nahana ka mangolo a ka sebelisoang ho eketsa thahasello ea hae. (Liprov. 20:5) Ha re falimehela maemo ’me re bontša hore re thahasella ba bang ka tieo, ho tla ba bonolo hore re bolelle ba bang litaba tse molemo ka bohlale.