Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/05 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 14 November
  • Beke e Qalang ka la 21 November
  • Beke e Qalang ka la 28 November
  • Beke e Qalang ka la 5 December
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 11/05 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 14 November

Pina ea 220

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4, (haeba li sebetsa tšimong ea lōna), lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa November 15 le Tsoha! ea December 8. Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse sebetsang. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le motho ea khaoletsang moqoqo ka ho re, “Ha ke thahaselle bolumeli.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 16.

15 mets: Menehelo e Thabisang Pelo ea Molimo. Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 1, 2005, leqepheng la 26-30.

20 mets: “Bolelang Khanya ea Jehova.”a Ha u tšohla serapa sa 4, kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse khutšoanyane tse bontšang kamoo boitšoaro bo botle bo ka bulang monyetla oa ho fana ka bopaki.

Pina ea 24 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 21 November

Pina ea 40

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Babatsa bohle ba ileng ba kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Fana ka tlaleho ea se finyeletsoeng ’me u phete liphihlelo life kapa life tse khothatsang.

20 mets: Ho Etsa Jehova Molimo oa Hao. Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa April 1, 2005, leqepheng la 25-8. Bontša kamoo seo re ithutang sona mohlaleng oa Abrahama, Davida le Elia se ka sebelisoang kateng.

15 mets: “Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho Falimehela Maemo.”b Akarelletsa le pontšo ea mohoeletsi ea hlokomelang ntho e itseng e bontšang seo mong’a ntlo a se thahasellang ’me a fetola nehelano ea hae hore e lumellane le maemo a mong’a ntlo.

Pina ea 67 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 28 November

Pina ea 7

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa November. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4, (haeba li sebetsa tšimong ea lōna), lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa December 1 le Tsoha! ea December 8. Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse sebetsang. Ho buuoe le ka tokisetso ea monehelo.

15 mets: “Re ka Thusa Joang?” Puo. Fana ka mehlala e seng mekae ea boiteko bo entsoeng ke bahlanka ba Jehova ba ho lokisetsa liphallelo bakeng sa balumeli-’moho le bona ba mahlomoleng. (Bona Tsoha! ea August 8, 2003, maq. 10-15; ea December 8, 2002, maq. 13-18 le [ea Senyesemane] ea October 22, 2001, maq. 23-7. Ho ka sebelisoa le litšupiso tse ling.) Ebe u tšohla lintlha tse khōlō sehloohong se leqepheng la 3 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Totobatsa hore haeba ho e-na le ea batlang ho etsa monehelo oa liphallelo, ho ka thabeloa hore a o etse bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle.

18 mets: Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka December. Puo le puisano le bamameli. Kenyelletsong ea metsotso e mehlano, hlahloba ka bokhutšoanyane lintlha tse latelang sehloohong se reng, “Mokhoa oa ho Sebelisa Linehelano Tse Fanoeng e le Mohlala” tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea January 2005 leqepheng la 8: (1) Hangata re tla atleha haholoanyane haeba re fana ka linehelano tsena ka mantsoe a rōna. (2) Re lokela ho ba le kahlolo e molemo ’me re feto-fetole linehelano tsa rōna hore li lumellane le se amohelehang sebakeng seo re leng ho sona. (3) Re lokela ho ela hloko limelo tsa batho ba tšimong ea rōna le mokhoa oo ba nahanang ka oona. (4) Re lokela ho bala ka hloko khaolo eo re rerang ho e buella ’me re batle lintlha tse ka tsosang thahasello. (5) Ha rea lokela ho sebelisa feela linehelano tse fanoeng e le mohlala. Ka mor’a moo tšohla kamoo lintlha tseo li ka sebelisoang kateng ha ho buelloa lingoliloeng tse tsamaisoang ka December. U ka ’na ua sebelisa linehelano tse fanoeng e le mohlala tse hlahang kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005 kapa linehelano tse ling tse sebetsang sebakeng seo u leng ho sona. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.

Pina ea 123 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 5 December

Pina ea 38

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Seo re se Finyellang Tšebeletsong ea Rōna.”c Ha u tšohla serapa sa 5, kopanyelletsa le litlhaloso tse Molula-Qhooeng oa February 15, 2004, leqepheng la 32.

Pina ea 26 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela