Na U e Sebelisa ka Botlalo?
1 “Ekare nka e tsamaisa hang-hang tšimong!” Ke seo morali e mong oabo rōna a ileng a se bua ka mor’a ho bala Molula-Qhooa oa January 1, 2008. Na u hlahlobile lihlooho tse ling tse hlahang khafetsa khatisong ea batho ka kakaretso, ’me na u se u fumane litsela tseo u ka li buellang ka tsona tšebeletsong ea tšimo?
2 “Re Ithuta’ng ho Jesu . . . ?”: Mohlomong u hlokometse hore sehlooho sena se molemo bakeng sa ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ntle le haeba u se u kile ua leka ho etsa joalo, balla mong’a ntlo sehlooho ebe u mo bontša seo Jesu a se buileng ka taba eo, joalokaha ho boletsoe serapeng sa pele. Ha motho a qala ho bontša thahasello, leka ho ntšetsa moqoqo pele ka ho sebelisa lihloohoana tse ngotsoeng e le lipotso tse fatang maikutlo. E-re a arabe potso eo. Ka bokhutšoanyane hlalosa litšoantšo tse amehang, ebe u fetela serapeng se latelang. U ka ’na ua khona ho tšohla halofo ea sehlooho sena leetong la pele ebe u tšohla karolo e setseng ha u khutla. Sebeletsa ho ntšetsa thuto pele ka buka ea Seo Bibele e se Rutang.
3 “Se Tlisang Thabo ka Lapeng”: Morero oa lihlooho tsena tse hlahang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo, ke ho thusa banyalani le batsoali hore ba sebelise melao-motheo ea Bibele ha ba rarolla mathata a behang khotso ea lelapa kotsing. U ka boela ua sebelisa lihlooho tsena ho thusa batho bao e seng Lipaki hore ba bone bohlale bo fumanoang ka Bibeleng.—2 Tim. 3:16, 17.
4 Lihlooho Tsa Bacha: Sehlooho sa “Tsa Bacha ba Rōna” se ngotsoe ka mokhoa o fang ’mali monyetla oa ho hlahloba tlaleho e itseng ea Bibele. U ka sebelisa sehlooho sena ho thusa bacha bao u kopanang le bona tšimong hore ba bone bohlokoa ba ho ithuta Lentsoe la Molimo. (Pes. 119:9, 105) Ha u bua le batsoali, u ka ’na ua totobatsa lihlooho tse reng “Ruta Bana ba Hao,” tse hlahang khoeling e ’ngoe le e ’ngoe ea bobeli. Lihlooho tsena li ka thusa bana ho ithuta lintho tsa bohlokoa ho batho ba boletsoeng ka Bibeleng. Na u bala lihlooho tsee le bana ba hao?
5 Lihlooho Tse Ling: Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, sehlooho se reng “Babali ba Batla ho Tseba” se tšohla potso eo batho bao e seng Lipaki ba ka ’nang ba e botsa. U ka ’na ua buella sehlooho sena ha u tsamaisa limakasine ka ntlo le ntlo. Sehlooho se reng “Lengolo le Tsoang . . . ” se fana ka tlaleho e matla ea liphephetso tseo baromuoa le ba bang ba tobanang le tsona ha ba phetha tšebeletso ea bona. Lihlooho tsena li ka thusa batho ba thahasellang ho bona hore litaba tse molemo li boleloa lefatšeng ka bophara, e le ho phethahatsa pontšo ea ho ba teng ha Kreste.—Mat. 24:3, 14.
6 Sehlooho sa khoeli le khoeli se reng “Atamela ho Molimo,” se thehiloeng ’malong oa Bibele oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se ka ’na sa susumelletsa batho ba ratang ’nete ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova. Morero oa lihlooho tse reng “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona,” tse hlahang hane ka selemo, ke ho thusa batho ho nahana ka litlaleho tsa Bibele, ho etsa hore ba li balang kajeno ba ipone ba le moo ’me ba bone batho ba boletsoeng ka Bibeleng e le ba sebele—ba bone liqeto tsa bona, liphephetso tsa bona le tumelo ea bona.
7 Re thaba hakaakang hore ebe khoeli le khoeli re fumana Molula-Qhooa o lokiselitsoeng hore re o sebelise tšimong! E se eka re ka o tseba ka ho feletseng ’me re o sebelise ka botlalo tšebeletsong ea rōna.