Na U Itokiselitse ho Paka Neng le Neng ha U Fumana Monyetla?
1. Ke mohlala ofe o bontšang hore ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha ho ka ba molemo?
1 Ho paka neng le neng ha monyetla o itlhahisa ho ka beha litholoana tse molemo haholo. Bibele e na le mehlala e ’maloa e bontšang litholoana tse ntle tsa ho paka neng le neng ha motho a fumana monyetla. (Joh. 4:7-15) Ke joang re ka itokisetsang ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha?
2. Tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona e re thusa joang hore re pakele batho ba bang?
2 Moaparo le Boitlhopho: Ha ka linako tsohle re ela hloko tsela eo re aparang ka eona le eo re itlhophang ka eona, re tla khona ho pakela ba bang ka bolokolohi. (1 Tim. 2:9, 10) Haeba re ikutloa re sa lokoloha ka lebaka la tsela eo re apereng ka eona, ho ka etsahala hore re tšabe ho pakela batho ba bang. Ka lehlakoreng le leng, haeba re apere hantle, re le makhethe, batho ba ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha re apere ka tsela eo. Ka mohlala, ha lelapa le leng la Lipaki le le leetong, le ile la lula pel’a monna e mong oa Momosleme. Ha monna eo a bona tsela eo ba apereng ka eona, o ile a ba botsa hore na ke Bakreste. Eaba ho qala moqoqo oa Bibele o ileng oa nka lihora tse tharo.
3. U ile ua latela mohlala oa Jesu joang ha u qala moqoqo?
3 Ho Qala Moqoqo: Ha Jesu a kopana le mosali oa Mosamaria selibeng sa Jakobo, o ile a qala moqoqo ka tsela e bonolo ka hore a kōpe metsi. Ka tsela e tšoanang, re ka ’na ra qala moqoqo ka polelo e khutšoanyane kapa ka potso e bonolo. Le hoja ka linako tse ling re ka qeaqea, re ka “iteta sebete” ’me ra qala moqoqo ka hore re itšetlehe ka Jehova.—1 Bathes. 2:2.
4. Re ka etsa joang hore re be malala-a-laotsoe ho pakela batho ba bang neng le neng ha monyetla o hlaha?
4 Ho Itokisetsa ho Sebelisa Menyetla e Hlahang: Bahoeletsi ba bangata ba fumane litsela tsa ho paka neng le neng ha ba fumana monyetla. Hlahloba maemo a hao, ’me u nahane ka batho bao ho ka etsahalang hore u kopane le bona letsatsi le letsatsi. Tsamaea u nkile lingoliloeng tse loketseng le Bibele e nyenyane. Ela hloko maemo a batho bao u kopanang le bona ’me u ba thahaselle. Ha u se u nahanne ka menyetla e ka ’nang ea itlhahisa letsatsing leo, mohlomong u tla be u le malala-a-laotsoe hore u pakele batho ba bang ka tsela e atlehileng.—Bafil. 1:12-14; 1 Pet. 3:15.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho itokisetsa ho pakela batho ba bang neng le neng ha monyetla o hlaha?
5 Mabaka a mabeli a re susumelletsang ho pakela batho neng le neng ha re fumana monyetla ke hobane re rata Molimo ebile re rata moahelani. (Mat. 22:37-39) Kaha mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o lokela ho etsoa ka potlako, re lokela ho itokisetsa ho pakela batho neng le neng ha re fumana monyetla. Nakong ena e setseng, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso neng le neng ha monyetla o hlaha.—Bar. 10:13, 14; 2 Tim. 4:2.