Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa July 1
“Boholo ba rōna ha re tsebe hore na re re’ng ha re bua le motsoalle ea kulang haholo kapa ea makhatheng a lefu. U ikutloa joang ka keletso ee? [Bala Jakobo 1:19. Ebe u emela karabo.] Sehloohong sena ho na le likeletso tse ’maloa tse thusang tse thehiloeng melao-motheong ea Bibele.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 10.
Tsoha! July
“Na basali ba lokela ho ruta ka phuthehong? [Emela karabo.] Bibele e bua tjena ka mosali e mong. [Bala Baroma 16:1.] Leha ho le joalo, temana e ’ngoe eona e re basali ba lokela ho khutsa ka phuthehong. Hantle-ntle Bibele e re’ng tabeng ee? Sehloohong sena ho arajoa potso eo.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 28.
Molula-Qhooa August 1
“Batho ba bangata ba tšohile hore ntoa ea nyutlelie kapa ho fetoha ha maemo a leholimo ho tla senya lefatše kapa ho le timetse. Na u nahana hore seo se tla ke se etsahale? [Emela karabo.] Ak’u utloe hore na Bibele e re’ng ka taba ena. [Bala Tšenolo 11:18.] Makasineng ena ho arajoa lipotso tse ’nè tsa bohlokoa mabapi le bofelo ba lefatše.”
Tsoha! August
“Ho ka etsahala hore ebe Lipaki Tsa Jehova li kile tsa bua le uena. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha re etela batho ka ntlo le ntlo, haholo hobane batho ba bangata ha ba thahaselle molaetsa oa rōna? [Emela karabo. Ebe u bala Matheu 24:14.] Rea tseba hore batho ba bangata ba na le maikutlo a fosahetseng ka rōna. Makasineng ena ho hlalosoa hore na Lipaki Tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe.”