‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’
1. Kopano e khethehileng ea letsatsi ea selemong see sa tšebeletso e u thusitse joang, hona e thusitse ba bang joang?
1 Hangata ha re tsoa kopanong e khethehileng ea letsatsi re ee re re, “Ekare e ne e etselitsoe ’na!” Molebeli e mong oa potoloho o ile a bolela hore ka mor’a hore bahoeletsi ba bang potolohong ea hae ba mamele lenaneo la kopano ea selemong sena sa tšebeletso, ba ile ba bolela hore ba batla ho eketsa nako eo ba e qetang boboleling. Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a re: “E ile ea re thusa hore ha re etsa liqeto bophelong re nahane hantle hore na re phela nakong efe.” E mong eena a re, “Bahoeletsi ba ’maloa ba boletse hore seo ba se utloileng se ba hopolitse hore ba tsepamise maikutlo tšebeletsong kaha ke eona ntho ea bohlokoa.” Kopano eo e khethehileng ea letsatsi e u thusitse joang?
2. Ho tla tšohloa eng lenaneong la kopano ea selemo sa tšebeletso se tlang?
2 Re tla rua molemo hape kopanong ea selemo sa tšebeletso se tlang. Sehlooho sa kopano se tla be se re, “Tšabela ho Jehova,” ’me se thehiloe ho Pesaleme ea 118:8, 9. Tse ling tsa lipuo tse tla tšohloa li re: “Kamoo Jehova e Leng Qhobosheane Linakong Tsa Mahlomola,” “Thusa ba Bang Hore ba Fumane Setšabelo Tlas’a Mapheo a Jehova,” “Etsisa Jehova ka Hore U be Setšabelo,” “Bacha, Tšepang Jehova!” le “Paradeise ea Rōna ea Moea—Tokisetso ea Jehova ea ho re Sireletsa.”
3. Re ka etsa’ng e le hore re rue molemo ka botlalo kopanong?
3 Tsela ea ho Rua Molemo: Hang ha ho boletsoe letsatsi la kopano, etsa litokisetso tsa hore joang kapa joang u be teng u be u meme le liithuti tsa hao tsa Bibele. E le hore re ‘behe litholoana ka mamello,’ re lokela ho boloka seo re se utloang kapa re se hopole. (Luka 8:15) Kahoo, mamelisisa lenaneo, u ngole lintlha tsa sehlooho ka bokhutšoanyane hammoho le lintho tseo u ithutang tsona tseo u rerang ho li sebelisa bophelong le tšebeletsong. Ka mor’a kopano, lokisetsa hore uena le lelapa la hao le qete nako e itseng le buisana ka lenaneo, ’me le tšohle litsela tse tobileng tseo ka tsona le ka sebelisang lintho tseo le ithutileng tsona.
4. Ke hobane’ng ha re ka lebella ka thabo kopano e khethehileng ea letsatsi ea selemo se tlang sa tšebeletso?
4 Kopano e khethehileng ea letsatsi ea selemong se tlang sa tšebeletso e lokisitsoe ka lerato le ka kelo-hloko joaloka lijo tse hlabosang, tse matlafatsang. E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko ba lōna ba ho ba teng kopanong le ba ho rua molemo ‘lijong tsena tse fanoang ka nako e tšoanetseng’ molemong oa ho matlafatsa tumelo ea bahlanka ba Molimo.—Mat. 24:45.