Na U Ithuta Sohle Seo U ka Ithutang Sona ho Jehova?
1. Jehova o ikutloa joang ka thuto?
1 Jehova, “Morupeli oa [rōna] e Moholo,” o batla hore re rutehe. (Esa. 30:20) O qalile ho ruta ka mor’a hore a bōpe Mora oa hae oa letsibolo. (Joh. 8:28) Jehova ha aa ka a khaotsa ho ruta ka mor’a hore Adama e be lerabele, ho e-na le hoo, ka lerato o ile a tsoela pele ho rupela batho ba sa phethahalang.—Esa. 48:17, 18; 2 Tim. 3:14, 15.
2. Ke letšolo lefe la ho ruta le tsoelang pele hona joale?
2 Mehleng ena, Jehova o tsamaisa letšolo le leholo ka ho fetisisa la ho ruta le kileng la e-ba teng. Ho latela boprofeta ba Esaia, batho ba limilione lefatšeng lohle ba phallela ‘thabeng ea ntlo ea Jehova’ ea tšoantšetso. (Esa. 2:2) Ke hobane’ng ha ba phallela moo? E le hore ba rupeloe ka litsela tsa Molimo, e leng hore ba rutoe ke Jehova. (Esa. 2:3) Selemong sa tšebeletso sa 2010, Lipaki Tsa Jehova li qetile lihora tse fetang libilione tse 1,6 mosebetsing oa ho paka le ho ruta batho ’nete ea Bibele. Ho phaella moo, beke le beke batho ba rupeloa moeeng liphuthehong tse fetang 105 000 lefatšeng lohle, ’me lekhoba le tšepahalang le le masene le hatisa lingoliloeng tse rutang tsa Bokreste ka lipuo tse fetang 500.
3. Uena u ruile molemo joang thutong eo Jehova a fanang ka eona?
3 Rua Molemo o Feletseng: Ruri re ruile molemo o moholo thutong ea Jehova! Re ithutile hore Molimo o na le lebitso le hore oa re tsotella. (Pes. 83:18; 1 Pet. 5:6, 7) Re ithutile likarabo tsa lipotso tse ling tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong tse kang: Ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko ba bile ba e-shoa? Nka etsa joang hore ke thabe e le kannete? Morero oa bophelo ke ofe? Jehova o boetse oa re tataisa hore na re itšoare joang e le hore re ka ‘atlehisa tsela ea rōna.’—Josh. 1:8.
4. E meng ea menyetla ea thuto e bulehetseng bahlanka ba Molimo ke efe, hona ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta sohle seo re ka ithutang sona ho Jehova?
4 Ho phaella moo, Jehova o lokiselitse thuto e khethehileng e le hore a thuse bahlanka ba hae ba bangata hore ba atolose tšebeletso eo ba mo etsetsang eona. Leqepheng la 4-6 ho thathamisitsoe menyetla e bulehetseng ba bang ba bona. Le haeba maemo a rōna a sa re lumelle ho koetlisoa ho se seng sa likolo tse thathamisitsoeng, na rea ikitlaetsa e le hore re rue molemo o feletseng thutong ea Jehova, eo maemo a rōna a re lumellang hore re e fumane? Kaha hangata bacha ba susumetsoa ke matichere le ba bang hore ba hahamalle thuto e phahameng ea lefatše, na re ba khothalletsa hore ho e-na le hoo, ba ipehele lipakane tsa moea ’me ba phehelle thuto e phahameng ka ho fetisisa—e leng thuto ea Jehova? Ha re ithuta sohle seo re ka ithutang sona ho Jehova, sena se tla re thusa ho phela ka thabo hona joale se be se re thuse hore re be le bokamoso ba ka ho sa feleng.—Pes. 119:105; Joh. 17:3.
Menyetla e Meng ea Thuto eo Mokhatlo oa Jehova o Fanang ka Eona
Litlelase Tsa ho Ithuta ho Bala le ho Ngola
• Morero: Ho ruta batho ho bala le ho ngola e le hore ba bale Bibele, ba ithute eona ’me ba rute batho ba bang ’nete.
• Nako: E itšetlehile ka maemo.
• Sebaka: Holong ea ’Muso ea sebaka ka seng.
• Ba ka Kenang ho Tsona: Bahoeletsi bohle le batho ba thahasellang.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Baholo ba phutheho ba hlophisa litlelase tsena ba itšetlehile ka maemo a phutheho, ’me ba khothalletsa bohle bao li ka ba tsoelang molemo hore ba ingolise.
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
• Morero: Ho koetlisa bahoeletsi hore e be baboleli le mesuoe ea litaba tse molemo e atlehang.
• Nako: Ha se koaloe.
• Sebaka: Holong ea ’Muso ea sebaka ka seng.
• Ba ka Ingolisang: Bahoeletsi bohle hammoho le batho ba bang ba kopanelang le phutheho kamehla, ba lumellanang le lithuto tsa Bibele ’me bophelo ba bona bo lumellana le melao-motheo ea Bokreste.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Bua le molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
Litlelase Tsa ho Ithuta Lipuo Tse Ling
• Morero: Ho ruta bahoeletsi ho bolela litaba tse molemo ka puo e ’ngoe.
• Nako: Likhoeli tse ’nè kapa tse hlano. Hangata li kena ka Moqebelo hoseng ’me li nka hora e le ’ngoe kapa tse peli.
• Sebaka: Ka tloaelo li tšoareloa Holong ea ’Muso eo bongata bo ka fihlang ho eona habonolo.
• Ba ka Ingolisang: Bahoeletsi ba tšoanelehang ba ratang ho bolela litaba tse molemo ka puo e ’ngoe.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Litlelase li hlophisoa ke ofisi ea lekala ho latela se hlokahalang.
Kaho ea Liholo Tsa ’Muso
• Morero: Ho haha le ho nchafatsa Liholo Tsa ’Muso. Hase sekolo, empa tokisetsong ena baithaopi ba rutoa mesebetsi e sa tšoaneng e le hore ba ka thusa mesebetsing e amanang le kaho.
• Nako: E itšetlehile ka maemo a moithaopi.
• Sebaka: Moithaopi o sebetsa hohle moo Komiti ea Kaho ea Lebatooa e abetsoeng ho haha teng. Ho seng joalo, a ka sebetsa ka nako e tletseng moo ho nang le tlhokahalo, a thusa se seng sa Lihlopha Tsa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso se tlas’a ofisi ea lekala.
• Litšoaneleho: E lokela e be bara le barali babo rōna ba kolobelitsoeng bao sehlopha sa baholo se bontšitseng hore baa tšoaneleha. Ha ho tsotellehe hore na ba na le tsebo ea mosebetsi kapa che.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: E le hore u sebetse le Komiti ea Kaho ea Lebatooa, tlatsa Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire (S-82) eo u tla e fuoa ke baholo ba phutheho ea heno. Haeba u ka khona ho thusa kamehla ka nako e ka etsang khoeli e le ’ngoe kapa ho feta moo, tlatsa foromo ea Application for Kingdom Hall Construction Volunteer Program (A-25).
Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho
• Morero: Ho thusa bo-pula-maliboho hore ba ‘phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.’—2 Tim. 4:5.
• Nako: Libeke tse peli.
• Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala, hangata e ba Holo ea ’Muso eo bongata bo ka fihlang ho eona habonolo.
• Litšoaneleho: Bahoeletsi ba qetileng selemo e le bo-pula-maliboho ba kamehla.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Ha ho hlokahale hore bo-pula-maliboho ba tšoanelehang ba ingolise, ba tsebisoa ke molebeli oa bona oa potoloho.
Sekolo sa ba sa Tsoa Fihla Bethele
• Morero: Morero oa sekolo sena ke ho thusa ba fihlang hore ba atlehe tšebeletsong ea bona ea Bethele.
• Nako: Se nka hora e le ’ngoe beke le beke ka libeke tse leshome le metso e tšeletseng.
• Sebaka: Bethele.
• Litšoaneleho: Ke sa litho tsa lelapa la Bethele tsa nako e tletseng kapa tse ithaopetseng ho sebeletsa Bethele ka nako e etsang selemo kapa ho feta.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Ha ho hlokahale hore litho tsa lelapa la Bethele tse tšoanelehang li ingolise.
Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso
• Morero: Ho koetlisa baholo le bahlanka ba sebeletsang hore ba hlokomele mesebetsi ea bona ea bolebeli le ea tsamaiso ea phutheho. (Lik. 20:28) Sekolo sena se tšoaroa ka mor’a lilemo tse ’maloa ho itšetlehile ka qeto ea Sehlopha se Busang.
• Nako: Morao tjena sekolo sa baholo se ’nile sa nka letsatsi le halofo ’me sa bahlanka ba sebeletsang sa nka letsatsi le le leng.
• Sebaka: Ka tloaelo se tšoareloa Holong ea ’Muso kapa Holong ea Kopano eo bongata bo ka fihlang ho eona habonolo.
• Litšoaneleho: Ke sa baholo kapa bahlanka ba sebeletsang.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Baholo ba tšoanelehang le bahlanka ba sebeletsang ba mengoa ke molebeli oa potoloho.
Sekolo sa Baholo ba Phuthehoa
• Morero: Ho thusa baholo ho jara boikarabelo ba bona ka phuthehong.
• Nako: Matsatsi a mahlano.
• Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala ’me ka tloaelo se tšoareloa Holong ea ’Muso kapa Holong ea Kopano eo bongata bo ka fihlang ho eona habonolo.
• Litšoaneleho: Ke sa baholo.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Baholo ba tšoanelehang ba mengoa ke ofisi ea lekala.
Sekolo sa Balebeli ba Potoloho le ba Setereke Hammoho le Basali ba Bonab
• Morero: Ho thusa balebeli ba potoloho le ba setereke hore ba atlehe haholo ha ba sebeletsa liphutheho le hore ba ‘sebetse ka thata ho bueng le ho ruteng’ ’me ba lise ba tlhokomelong ea bona.—1 Tim. 5:17; 1 Pet. 5:2, 3.
• Nako: Likhoeli tse peli.
• Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala.
• Litšoaneleho: Ke sa balebeli ba potoloho le ba setereke.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Balebeli ba potoloho le ba setereke ba tšoanelehang hammoho le basali ba bona ba mengoa ke ofisi ea lekala.
Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masohac
• Morero: Ho koetlisa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sa nyalang hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng. Barab’abo rōna ba bangata ba koetlisitsoeng sekolong sena, ba tla sebeletsa moo ho hlokahalang thuso linaheng tsa habo bona. Ba ’maloa ba ka isoa linaheng tse ling haeba ba tsebisa ofisi ea lekala hore ba ka ithaopa.
• Nako: Likhoeli tse peli.
• Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala, ka tloaelo e ba Holo ea Kopano kapa Holo ea ’Muso.
• Litšoaneleho: Ke sa barab’abo rōna ba masoha ba pakeng tsa lilemo tse 23 le tse 62 ’me e le ba phetseng hantle, ba ratang ho sebeletsa barab’abo bona le ho sebeletsa Jehova hohle moo ho hlokahalang thuso. (Mar. 10:29, 30) Bonyane ba lokela ba be ba qetile lilemo tse peli tse latellanang e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Haeba ho e-na le sekolo seo barab’abo rōna ba tšimong ea lekala la heno ba ka eang ho sona, seboka sa ba ratang ho ingolisa se tšoaroa kopanong ea potoloho. Boitsebiso bo eketsehileng bo tla hlakisoa sebokeng seo.
Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakrested
• Morero: Ho koetlisa banyalani ka tsela e khethehileng e le hore ba ka sebelisoa haholoanyane ke Jehova le mokhatlo oa hae. Banyalani ba bangata ba koetlisitsoeng sekolong sena, ba tla sebeletsa moo ho hlokahalang thuso linaheng tsa habo bona. Ba ’maloa ba ka isoa linaheng tse ling haeba ba tsebisa ofisi ea lekala hore ba ka ithaopa.
• Nako: Likhoeli tse peli.
• Sebaka: Litlelase tsa pele tse ’maloa li tsoela pele Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, U.S.A. Ka mor’a moo, ofisi ea lekala e tla khetha libaka tseo sekolo sena se tla tšoareloa ho tsona, hangata e le Holong ea Kopano kapa Holong ea ’Muso.
• Litšoaneleho: Banyalani ba pakeng tsa lilemo tse 25 le tse 50, ba phetseng hantle bao maemo a bona a ba lumellang ho sebeletsa kae kapa kae moo ho hlokahalang thuso ’me ba e-na le maikutlo a hore “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esa. 6:8) Ho feta moo, bonyane ba be ba nyalane ka lilemo tse peli ’me hona joale ba se ba qetile lilemo tse peli tse latellanang ba le tšebeletsong ea nako e tletseng.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Haeba sekolo sena se teng tšimong ea lekala la heno, seboka sa ba ratang ho ingolisa se tšoaroa kopanong e khethehileng ea letsatsi. Boitsebiso bo eketsehileng bo tla hlakisoa sebokeng seo.
Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
• Morero: Ke ho koetlisa bo-pula-maliboho le bahlanka ba bang ba nako e tletseng hore e be baromuoa.
• Nako: Likhoeli tse hlano.
• Sebaka: Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, U.S.A.
• Litšoaneleho: Ke sa banyalani bao ha ba ne ba kenya likōpo ka lekhetlo la pele ba neng ba qetile lilemo tse tharo ba kolobelitsoe ’me ba le pakeng tsa lilemo tse 21 le tse 38. Ba lokela ho tseba ho bua Senyesemane, bonyane ba be ba nyalane ka lilemo tse peli ’me hona joale ba se ba qetile lilemo tse peli tse latellanang ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. E be banyalani ba phetseng hantle. Ba bang ba ka kenyang likōpo haeba ba tšoaneleha ke bo-pula-maliboho ba sebeletsang naheng e ’ngoe (ho akarelletsa le ba nkoang e le baromuoa); balebeli ba potoloho le ba setereke, litho tsa lelapa la Bethele; le ba tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha le Sekolong sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Ho na le makala a khethiloeng ao likopanong tsa ’ona tsa setereke ho tšoaroang seboka sa ba ka ratang ho ea sekolong sena. Boitsebiso bo eketsehileng bo tla hlakisoa sebokeng seo. Haeba ho se na seboka sena likopanong tsa naha ea heno ’me u rata ho kenya kōpo, u ka ngolla ofisi ea lekala ea naha ea heno hore e u fe boitsebiso bo eketsehileng.
Sekolo sa Barab’abo Rōna ba Komiti ea Lekala le Basali ba Bona
• Morero: Ho thusa ba sebeletsang Komiting ea Lekala hore ba ipabole mosebetsing oa bona oa ho tsamaisa malapa a Bethele, ho sebetsana le litaba tsa liphutheho, ho okamela lipotoloho le litereke tšimong ea habo bona hammoho le ho okamela mosebetsi oa ho fetolela lingoliloeng, ho li hatisa le ho li romella libakeng tse ling le ho tsamaisa mafapha a sa tšoaneng.—Luka 12:48b.
• Nako: Likhoeli tse peli.
• Sebaka: Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, U.S.A.
• Litšoaneleho: Ke sa barab’abo rōna ba Komiti ea Lekala kapa ba Komiti ea Naha kapa ba seng ba abetsoe hore e tla ba litho tsa e ’ngoe ea likomiti tseo.
• Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Barab’abo rōna ba tšoanelehang le basali ba bona ba mengoa ke Sehlopha se Busang.
[Footnotes]
a Hase linaheng tsohle moo sekolo sena se leng teng hona joale.
b Hase linaheng tsohle moo sekolo sena se leng teng hona joale.
c Hase linaheng tsohle moo sekolo sena se leng teng hona joale.
d Hase linaheng tsohle moo sekolo sena se leng teng hona joale.