Letšolo la ho Phatlalatsa Sehopotso le Qala ka la 17 March
1. Ka la 17 March, re tla qala letšolo lefe?
1 Selemo le selemo ha re tšoara Sehopotso, re phatlalatsa lefu la Jesu. (1 Bakor. 11:26) Ka hona, re batla hore batho ba bang ba tle Sehopotsong le rōna ’me ba utloe ka mpho ea Jehova ea thekollo e bontšang lerato. (Joh. 3:16) Selemong sena, letšolo la rōna la ho memela batho ho tla Sehopotsong le tla qala ka Moqebelo oa la 17 March. Na u ikemiselitse ho etsa sohle seo u ka se khonang hore u be le seabo letšolong lee?
2. Re ka re’ng ha re fana ka memo?
2 Seo re ka se Buang: Ho ka ba molemo hore re bue ka bokhutšoanyane. Re ka ’na ra re: “Lumela. Re tliselitse lelapa la hao memo ena ho tla le memela tšebeletsong ea bohlokoa ea selemo le selemo, e tla tšoaroa lefatšeng lohle ka la 5 April. Ho tla fanoa ka puo ea Bibele e sa lefelloeng, e hlalosang hore na lefu la Jesu le finyeletse eng le hore na o etsa’ng hona joale. Memo ena e bontša hore na seboka seo se tla tšoareloa hokae le hore na se tla tšoaroa ka nako efe motseng ona oa rōna.” Ha re aba limemo tsena nakong ea mafelo-beke, re lokela ho tsamaisa le limakasine moo ho loketseng.
3. Re ka etsa joang hore re meme batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang?
3 Memang Batho ba Bangata Kahohle Kamoo ho ka Khonehang: Pakane ea rōna ke hore re meme batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang. Kahoo, tiisa hore u mema liithuti tsa hao tsa Bibele, batho bao u etsang maeto a ho boela ho bona, beng ka uena, basebetsi-’moho, bao u kenang sekolo le bona, baahelani le batho ba bang bao u ba tloaetseng. Baholo ba phutheho ba tla fana ka tataiso ea hore na le sebetse tšimo ea lōna kaofela joang. Letšolo leo re le etsang selemo le selemo la ho memela batho Sehopotsong le hlahisa litholoana tse molemo. Ha mosali e mong a ne a kena ka holong selemong se fetileng, mohlokomeli o ile a re o tla mo thusa hore a fumane mohoeletsi ea mo memmeng. Leha ho le joalo, mosali eo o ile a re ha ho na motho eo a mo tsebang moo le hore o ne a fumane memo ho motho e mong ea neng a ntse a ea ka ntlo le ntlo pejana letsatsing leo.
4. Re na le mabaka afe a hore re kopanele ka cheseho letšolong lee?
4 Ho ka etsahala hore ebe motho e mong o tla tla Sehopotsong ka lebaka la memo eo u mo sietseng eona. Ebang ho na le motho ea tlang kapa che, boikitlaetso ba hao bo matla bo tla ’ne bo fane ka bopaki. Limemo tseo u li tsamaisang li tla phatlalatsa hore hona joale Jesu ke Morena ea matla. Ho kopanela ha hao ka cheseho ho tla bontša bohle—ba leng tšimong ea heno, bahoeletsi ba bang ’me habohlokoa ka ho fetisisa, Jehova—hore u ananela mpho ea thekollo haholo.—Bakol. 3:15.