Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Molula-Qhooa February 1
“Re fa motho e mong le e mong pampitšana ena sebakeng sena kajeno. E hlalosa kamoo Bibele e thusang batho kateng. Ea hao ke ena. [Neha mong’a ntlo pampitšana e nang le sehlooho se reng Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele?] Batho ba bang ba ’nile ba ipotsa hore na Bibele e na le keletso e ka ba tsoelang molemo mosebetsing. Hlokomela hore na temana ena e re’ng ka mosebetsi. [Bala Moeklesia 3:13.] Makasine ena e na le melao-motheo ea Bibele e ka u thusang hore u thabele mosebetsi oa hao. Na u ka rata ho o bala?”
Tsoha! February
“Re ntse re etela baahisani ba rōna ka nako e khutšoanyane ho ba bontša Tsoha! ea morao-rao. E araba potso ena e ipiletsang. [Mo bontše leqephe le ka ntle.] Ke rata ho utloa maikutlo a hao ka mohlala ona o boletsoeng makasineng ona. [Bala Liproverbia 29:11.] Na molao-motheo oo oa Bibele o oa sebetsa kajeno? [Emela karabo.] Makasine ona o bua ka melao-motheo e mene ea Bibele ’me o hlalosa kamoo re ka ruang molemo ha re e sebelisa.”