Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Molula-Qhooa August 1
“Re etetse baahelani ba rōna hakhutšoanyane ho tla qoqa le bona ka bothata bo atileng. Ntho e ’ngoe e thata ka ho fetisisa eo re tlamehang ho sebetsana le eona ke ho shoeloa ke motho eo re mo ratang. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Utloa khothatso ena e tsoang ka Bibeleng. [Bala Tšenolo 21:3, 4.] Bibele e re tšepisa hore ka letsatsi le leng baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla tsoha. Makasine ena e hlalosa hore na sena se tla etsahala joang.”
Tsoha! August
“Re ntse re bontša baahelani ba rōna sehlooho se buang ka boitsebiso bo bongata bo ka har’a lisele tsa ’mele ea rōna. [Mo bontše leqephe le ka ntle la Tsoha!] Batho ba bangata ba nahana hore lintho tse phelang ha lia bōptjoa ha ba bang ba nahana hore li bōpiloe. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Makasine ena e hlakisa liphuputso tse entsoeng tse bontšang kamoo lisele li rarahaneng kateng, e leng se entseng hore bo-rasaense ba bang ba nahane hore ho na le Moqapi oa bophelo.”
Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
“Re le etetse ho tla buisana le lōna ka taba e khothatsang e tsoang ka Bibeleng. Batho ba bangata bao re buisaneng le bona baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a lumeletse mahlomola a mangata hakana lefatšeng. Na u nahana hore ho tloha qalong Molimo o ne a rerile hore mahlomola a be teng lefatšeng?” Emela karabo. Phetla Thuto ea 5, bala u be u tšohle lirapa tse peli tsa pele ebe u bala mangolo a ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng ’me ka mor’a moo u fane ka bukana.