Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Molula-Qhooa June 1
“Re ntse re etela baahelani ba rōna ka nako e khutšoanyane ho ba khothalletsa ho ithuta Bibele. Batho ba bangata ba nahana hore mehleng ena saense e bontšitse hore Bibele ha e ea nepahala. Maikutlo a hao ke afe ka Bibele? Na u nahana hore re ka e tšepa? [Emela karabo.] Mamela mohlala ona o motle oa hore Bibele e nepahetse litabeng tsa saense. [Bala Jobo 26:7.] Makasine ona o tšohla kamoo saense le Bibele li lumellanang kateng.”
Tsoha! June
“Baahelani ba rōna ba bangata baa kula ’me re ba etetse ka nako e khutšoanyane ho tla ba balla temana ena e khothatsang ea Bibele. [Bala Esaia 33:24a.] U nahana hore bophelo ba rōna bo ne bo tla ba joang haeba re ne re sa kule? [Emela karabo.] Ho fihlela boprofeta bona bo phethahala, ho na le lintho tsa bohlokoa tse hlano tseo re ka li etsang ho ntlafatsa bophelo ba rōna. Makasine ona o hlalosa lintho tseo.”