Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Molula-Qhooa January 1
“Ho bonahala eka mebuso e lula e e-na le bothata ba bobolu. U nahana hore ke hobane’ng ha ho le joalo? [Emela karabo.] Ke ile ka khahloa ke seo Bibele e se boletseng tabeng ena. [Bala Moeklesia 7:20.] Makasine ona o totobatsa litsela tsa ho rarolla bobolu tse hlahang ka Bibeleng. Ke kōpa u iphe nako e seng kae ea ho o bala. Oa hao ke ona.”
Tsoha! January
“Batho ba bangata ba lumela hore khopolo ea ho iphetola ha lintho e hlalosa hore na bophelo bo qalile joang empa ba bang ha ba tsebe hantle. Uena u nahana hore bophelo bo qalile joang? [Emela karabo.] Ka mor’a hore ho etsoe lipatlisiso ka lilemo tse ngata, ho fumanoe hore bophelo bo tsoa nthong e kileng ea phela. Sena se lumellana le poleloana ena e bonolo e fumanoang ka Bibeleng. [Bala Pesaleme ea 36:9.] Makasine ona o hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba entse qeto ea hore bophelo bo rarahane haholo ’me bo hlolla hoo ho ke keng ha boleloa hore bo bile teng ka ho iphetola ha lintho.”