Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 15
  • U ka Thusoa Ke’ng ha U sa Khone ho Kopana le Batho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Thusoa Ke’ng ha U sa Khone ho Kopana le Batho?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntlafatsa setsoalle sa hao le Molimo
  • Bala litemana tsa Bibele tse khothatsang
  • Ithute hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse bohloko
  • Qoba ho tšoenyeha ho sa hlokahale
  • Holisa setsoalle le ba bang
  • Ikoetlise
  • Ho Boloka Setsoalle Lefatšeng le se Nang Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • U ka Thabela Setsoalle se Tšoarellang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Khetha Metsoalle Hantle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 15
Mosali o hae, o shebile ka fensetere.

U ka Thusoa Ke’ng ha U sa Khone ho Kopana le Batho?

Na u ikutloa u le motoaitoai? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u ikutloa joaloka mongoli e mong oa Pesaleme ea ileng a re: “Ke fetohile ea joaloka nonyana e ’notši holim’a marulelo.” (Pesaleme ea 102:7) Likeletso tse bohlale tse hlahang ka Bibeleng li ka u thusa ho sebetsana le mathata a hlahang ha u ikarotse ho batho ba bang.

  • Ntlafatsa setsoalle sa hao le Molimo

  • Bala litemana tsa Bibele tse khothatsang

  • Ithute hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse bohloko

  • Qoba ho tšoenyeha ho sa hlokahale

  • Holisa setsoalle le ba bang

  • Ikoetlise

Ntlafatsa setsoalle sa hao le Molimo

Le ha u ikarotse bathong, u ka thaba haeba u hlokomela hore u hloka Molimo bophelong ba hao ’me u ithuta ka eena haholoanyane. (Matheu 5:​3, 6) U ka sebelisa lintho tsena tse latelang mahala e le hore u atlehe.

  • Bibele e inthaneteng e nepahetseng le e utloisisehang habonolo

  • Livideo tse khutšoanyane tse hlalosang lithuto tsa bohlokoa tsa Bibele

  • Likarabo tse tobileng tsa lipotso tseo batho ba bangata ba ipotsang tsona tse hlahang ho “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa”

  • Letoto la lihlooho tsa “Etsisa Tumelo ea Bona” tse buang ka banna le basali ba nang le tumelo ba hlahang ka Bibeleng

  • Lihlooho tse hlalosang kamoo lintho tsa tlhaho li leng ntle li bileng li rarahaneng kateng

Bala litemana tsa Bibele tse khothatsang

Mangolo a Bibele a boletsoeng mona a khothalitse batho ba bangata. Ho e-na le ho bala mangolo ana ’ohle ka nako e le ’ngoe, nka monyetla ka hore u mong, ’me u thuise ka lengolo ka leng u be u rapele.​—Mareka 1:35.

  • Pesaleme ea 23:​1-6

  • Pesaleme ea 34:​1-22

  • Pesaleme ea 46:​1-11

  • Pesaleme ea 63:​6-8

  • Pesaleme ea 91:​1-6

  • Matheu 6:​25-34

  • 2 Bakorinthe 1:​3, 4

  • Bafilipi 4:​6, 7

  • 1 Petrose 5:​6, 7

Ithute hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse bohloko

U ka khona ho sebetsana le mathata le ha e le afe haeba u tseba hore na ke hobane’ng ha lintho tse bohloko li etsahala ebile u tseba kamoo Molimo a tla li thibela a be a lokise tšenyo e seng e etsahetse.​—Esaia 65:17.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Mathata?

  • Na Molimo o tsotella tsela eo re tšoarang ’mele ea rona ka eona?

  • Matšoao a ‘Matsatsi a ho Qetela’ ke afe?

  • Bapalami Ba Bane ba Lipere ke Bo-mang?

  • ʼMuso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

Qoba ho tšoenyeha ho sa hlokahale

Lihlooho tsena tse latelang li ka u thusa hore u sebetsane le khatello ea maikutlo e bakoang ke ho ba mong ’me li tla u thusa hore u ‘khaotse ho tšoenyeha.’​—Matheu 6:25.

  • U ka thusoa ke’ng ha u e-na le stress?

  • E-ba le maikutlo a nepahetseng

  • Ho tšoenyeha ka likotsi

  • Ho tšoenyeha ka chelete

  • Matšoenyeho ao bacha ba thulanang le ’ona

Holisa setsoalle le ba bang

Ho ba le metsoalle ho ka u thusa hore u lule u hlaphohile kelellong hape u lule u thabile, ’me metsoalle ke ea bohlokoa le ha u sitoa ho kopana ka seqo le eona. Haeba u le mong lapeng, u ka bua le metsoalle ea hao kapa ua etsa e mecha ka ho e letsetsa kapa ua bua le eona ka video. Lihlooho tse latelang li ka u thusa hore u fumane “motsoalle oa ’nete” le hore u be “motsoalle oa ’nete” ho ba bang.​—Liproverbia 17:17.

  • Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?

  • Ho thoe’ng haeba u nka hore ha u na metsoalle?

  • E-ba motsoalle ea molemo ka hore u be motho ea seatla se bulehileng

  • E-ba motsoalle ea molemo ka hore u be motho ea nang le teboho

Ikoetlise

Bibele e re “koetliso ea ’mele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8) E ka etsa hore u phole ka hloohong, haholo-holo ha u arohile ho batho ba bang. Le haeba u sa khone ho tloha lapeng, e tlameha ebe ho na le lintho tseo u ka li etsang hore ’mele o koetle.

  • Itlhokomele ’meleng

  • Thusa ’mele le kelello hore li itoanele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela