Chelete Monghali ea Sehlōhō
PHATLALATSO e sebelisa maqheka a bohlale ho susumetsa batho hore ba reke. E phehella batho ho ‘reka lintho tseo ba hlileng ba sa li hlokeng ka chelete eo ba se nang eona, ka linako tse ling ho khahlisa batho bao ba sa ba rateng.’
Ba bangata ba ekoa ho leka ho etsa chelete e ngata ka tšepo ea ho fumana tšireletseho. Empa na sena se lebisa phellong e lakatsoang?
Liz, ea boletsoeng pelenyana, qetellong o ile a nyaloa ke monna ea nang le chelete. Oa bolela: “Ha re nyalana, re ne re ena le ntlo e ntle le likoloi tse peli, ’me boemo ba rōna ba chelete bo ne bo re lumella ho ba le tokoloho ea ho thabela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo lefatše le neng le ka fana ka eona, ho eta, le boikhathollo. Empa ka bomalimabe, ke ne ke tšoenyehile ka chelete.” O hlalosa lebaka: “Ho ne ho ena le lintho tse ngata tseo re neng re ka lahleheloa ke tsona. Ho bonahala hore ha u bokella lintho tse ngata, u ikutloa u sa sireletseha haholo. Chelete ha ea ka ea re tlisetsa tokoloho matšoenyehong kapa ho belaeleng.”
Le hoja letšolo la ho batla chelete e le letšoao le khethollang mehla ea rōna, khotsofalo ea ’nete e tla ka seoelo. “Ho nahana ka ho fetelletseng ka chelete ho ka bonahala e le ntho ea tlhaho lilemong tsena tsa bo1980, mehla ea lintho tse bonahalang,” ho ngola David Sylvester ho Detroit Free Press. “Empa kamoo ke boneng kateng lintho tsena tse bonahalang ke letšoao la ho hloka boiketlo.”
Mokitlane kapa Molato?
Ekasita leha moputso oa hao u sa u lumelle ho reka lintho tse ling tse mabothobotho, mokhatlo oa rōna o tšoarehileng ka lintho tse bonahalang o tla etsa u lumele hore ke tokelo ea hao ho ba le tsona. Khatello ena ea ho thabela maruo, hammoho le ho nyoloha ha theko ea lintho, li hōlisitse katleho ea khoebo ea likarete tsa mokitlane, kapa chelete ea polasetiki. Ha ba fana ka lebaka la ho reka ka mokitlane ba re ‘ke bothoto ho leta ka nakoana pele motho a reka ka hobane litheko li tla be li nyolohile ka nako eo a rekang ka eona.’
Brithani, e nang le basebelisi ba likarete tsa mokitlane ba limillione tse 22, 6, hona joale e tsejoa e le “mosebelisi e moholo” oa likarete tse joalo Europa, e feta Fora ka basebelisi ba eona ba limillione tse 6,9 ba likarete tsena. Ho ntse ho le joalo, ho boleloa hore, ’maraka oa Brithani “ha o e-s’o tlale.” Nako e fetohile hakaakang! “Ho reka ka molato e kile ea eba ntho e qojoang,” ho hlalosa makasine oa The Listener. “Kajeno ho bitsoa mokitlane, ’me ba phehella bareki.”
Ka baka leo, molato oa lefatše o phahame ’me o sokela lichaba tse ruileng haholo. ’Me tekanyetsong ea motho ka mong, molato o phahametse moputso ho feta leha e le neng pele. Boemo bona ha bo felle naheng kapa kontinenteng e le ’ngoe feela. “Mehleng e fetileng, batho ba batšo ba ne ba sa reke ka mokitlane,” ho hlalosa moahi e motšo oa Afrika Boroa. Empa oa phaella: “Ho reka ha bona ka mokitlane ho thusa lifeme tse ngata, joaloka mabenkele a thepa ea ntlo, ho lula a rekisa.”
“Re moloko o phelang ka molato oa chelete,” ho hlalosa rakhoebo David Sylvester, “o re moloko o sebelisang chelete haholo, o sa e bolokeng, o phelang joaloka ha eka letsatsi la hosane le ke ke la chaba—kapa haeba le ka chaba, lekhotla la thuso ea sechaba le tla re ntša mathateng.” Kahoo, na katamelo ena ea lintho tse bonahalang e tlisitse thabo?
Liphello tse Bohloko
“Borakhoebo ba atlehileng ba motse oa toropo ‘ba tlosa khatello ka cocaine,’” ho boletse sehlooho se seholo ho The Daily Telegraph ea London. E, borakhoebo ba bacha ba lefshoang haholo, ba talimaneng le khatello e khōlō ha ba bua ka litaba tsa chelete, ba loantša boloetse bo hōlang: bokhoba ba lithethefatsi.
Setereke sa chelete sa New York, Wall Street, se hlokofatsoa ke bohloko bo tšoanang. Moemeli oa Tsamaiso ea Thibelo ea Lithethefatsi o tlalehile: “Ba amehang [bokhobeng bona] ke batho ba bohlale haholo. Batho ha ba qalise ho tsuba cocaine feela ntle ho lebaka, empa u se etse phoso, karolo ea 90 lekholong sebakeng sena sa khoebo ea e sebelisa. Bacha bana ba atlehileng cheleteng ba tšoha hore ba ka hlōleha ho etsa puisano ea chelete le e mong haeba ba sa ka ba sebelisa sethethefatsi.”
Empa tlōlo ea molao eo joale e senyang limmaraka tsa chelete ha ea lekanyetsoa tšebelisong e mpe ea lithethefatsi feela. Ho na le litlaleho tsa ho qhekella le khoebo ea bokunyata.
“Ke joang batho ba amohelang chelete e fetang lidolara tse millione [liranta tse limillione tse peli] ka selemo ba batlang chelete hakaana hoo ba bileng ba ikemiselitseng ho tlōla molao hore ba e fumane?” ho botsa seithuti sa kelello sa Wall Street Jay. B. Rohrlich. Ha a ikaraba o tsoela pele: “Batho ba bang ba thethefalitsoe le ho tšoasoa haholo ke chelete ka tsela e tšoanang le eo ba bang ba fetohang makhoba a joala le cocaine le lithethefatsi tse ling.” Ho bona, oa hlalosa, “chelete e fetoha tharollo ea boikutlo bo phehellang ba ho se khotsofale.”
Lefatšeng la rōna le tšoarehileng haholo ka lintho tse bonahalang tse eketsehang, ho bokelloa ha letlotlo ha ho sa nenoa. Tlhahlobo e hatisitsoeng makasineng oa Fora Le Figaro e senola hore chelete ha e sa na ‘monkho o mobe.’ Ka ho thahasellisang, ha a botsoa ka seo a nahanang hore chelete e ka fana ka sona, karolo ea 45 lekholong ea Mafora a hlahlobiloeng e arabetse: thabo. Empa, ka masoabi, ha ho joalo.
Na ho na le se ka etsoang ho loantša takatso e feteletseng ea chelete e hlahisitseng ho hloka thabo ho hoholo hakaana?
Ho Hlokahala Boitlhahlobo
U ka ’na ua nahana hore ha u lekhoba la chelete. Empa nahana: Na chelete kapa lintho tse ka rekoang ka chelete ke sehlooho se seholo sa moqoqo oa hao? Na u bea khatiso e khōlō cheleteng? Na u nahana hore boikutlo ba hao ka eona ke bo tloaelehileng ’me kahoo u lokafatsa takatso ea hao e khōlō ka eona?
Ha ho pelaelo, ho na le kotsi ea ho oela lerabeng la chelete, ’me u ka fetoha lekhoba la eona. Mosuoe ea bohlale oa lilemong tse likete tse peli tse fetileng o lemositse ka “ho thetsa ha lefumo” ’me a tšoantša thabo ea ho ba le chelete e ngata le meutloa e pupetsang lijalo tse beang litholoana. (Mattheu 13:22) Hape Bibele e lemosa hore “lerato la leruo ke motso oa libe tsohle” le hore ba le phehellang, “ba itlhabile ka mahlomola a mangata.”—1 Timothea 6:10.
Ke ’nete, ha chelete e busa, ke monghali ea sehlōhō. Empa, e na le mosebetsi oa bohlokoa lefatšeng la kajeno—e le mohlanka.