Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 12/8 maq. 8-9
  • Lefatše le se Nang Boloetse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le se Nang Boloetse
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motso oa Boloetse
  • Pheko ea Sebele
  • Phekolo e sa Feleng e Atametse
    Tsoha!—1987
  • Kamoo Kholofalo e Tla Fela Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bophelo bo se Nang Bohloko bo Atametse!
    Tsoha!—1994
  • Seo “Molimo a le Mong Feela oa ’Nete” a se Tšepisang
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 12/8 maq. 8-9

Lefatše le se Nang Boloetse

Setsebi tabeng ea boitšireletso khahlanong le mafu, Dr. Dan Gordon se re: “‘Malaria’ e bolotsana ho feta kamoo motho leha e le ofe a kileng a nahana ka teng. Re ntse re leka ho fumana tharollo bakeng sa eona.”

BARRY BLOOM oa Setsi sa Meriana sa Howard Hughes o re: “Re ntse re sa tsebe ka ho lekaneng mabapi le tšebetso ea [kokoana-hloko ea lefuba]. Ha re tsebe ka botlalo kamoo sethethefatsi leha e le sefe se sebetsang ka teng. Ke feela hore e hlile ha re tsebe.”

Ha a hlokomela ho hlōleha ha phutuho ea “likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng” bakeng sa ho fokotsa mokaola, ’muelli oa Litsi tsa Taolo ea Maloetse oa tletleba: “Hase hakaalo hore tsebo e tlisa phetoho boitšoarong.” Joalokaha lipolelo tse ka holimo li bontša, ntoa khahlanong le malaria, lefuba le mokaola e ’nile ea e-ba e ferekanyang. Na bokamoso bo tla tlisa phekolo e ntlafalitsoeng bakeng sa maloetse aa?

Mohlomong. Empa le hoja motho a ka ’na a hlōla maloetse a mang ’me a etsa hore ho be bonolo ho phela le a mang, ho na le lebaka la motheo la hore na ke hobane’ng a ke ke a hlōla ntoa ka botlalo khahlanong le maloetse.

Motso oa Boloetse

Ntoa khahlanong le boloetse hase feela ho loantša likokoanyana le likokoana-hloko. Bibele e hlalosa hore boloetse ke phello ea sebe se futsitsoeng ho ntat’a rōna oa pele oa motho. (Ba-Roma 5:12) Sebe ha sea ka sa senya kamano ea motho le ’Mōpi oa hae feela empa hape se ile sa lebisa ho senyeheng ha motho kelellong, maikutlong le ’meleng. Ka hona, ho e-na le ho tsoela pele ka phetheho lefatšeng la paradeise, batho ba ile ba lahleheloa ke phetheho ’me ba senyeha ho fihlela lefu le ba khaoletsa.—Genese 3:17-19.

Esita le ka phekolo ea meriana e molemohali, motho a ke ke a fetola boemo ba hae ba boetsalibe kapa liphello tsa bona. Bothata bona bo siea moloko oa batho o le “tlas’a ’muso oa bosaoana [“o lekanyelitsoe haholo,” Phillips].” (Ba-Roma 8:20) ’Me sena ke ’nete mabapi le ho hlōla boloetse. Hangata khatelo-pele ea ho pholosa bophelo lefapheng la meriana e nyopisoa ke tšenyeho ea sechaba e sokelang bophelo.

Jerold M. Lowenstein o ngotse tjena makasineng oa Discover: “Re iphumana re le bothateng. Ha re ba le katleho e khōloanyane ho loantšeng boloetse le ho atoloseng bophelo ba batho, ho hlaha menyetla e meholoanyane ea ho akofisa ho fela ha rōna” ka lebaka la sepenya sa baahi le ho senyeha ha tikoloho.

Pheko ea Sebele

Phekolo ea sebele bakeng sa boloetse hase taba ea motho empa ke ea ’Mōpi. Ke ka lebaka leo mopesaleme a ileng a phatlalatsa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” Bibele e phaella ka ho re: “Ho lehlohonolo . . . eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! O entse maholimo le lefatše.” (Pesaleme ea 146:3, 5, 6) Ke Molimo feela ea nang le matla a ho felisa ho kula le hore a ho ntše ka metso. ’Me ho ea ka Bibele, o rerile ho etsa joalo. Nako eo e ntse e atamela.

Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore “maloetse a seoa” e ne e tla ba bo bong ba bopaki bo bongata ba hore re phela qetellong ea tsamaiso ea hona joale ea lintho le hore re lintšing tsa ho tla ha lefatše le lecha. O ile a boela a bua esale pele ka maemo a hlileng a mpefatsang boloetse, a joaloka ntoa, tlala le ho hloka molao.—Luka 21:11; Mattheu 24:3, 7, 12; 2 Timothea 3:1-5, 13.

Ha a le lefatšeng, ka mohlolo Jesu o ile a folisa batho ba kulang, kahoo a qalisa ho phethahatsa boprofeta bo reng: “O ipelesitse maloetse a rōna, o nkile mahlomola a rōna.” (Esaia 53:4; Mattheu 8:17) Ka ho etsa joalo o ile a bontša ka tekanyo e fokolang seo Molimo a rerileng ho se phethahatsa haufinyane ka tekanyo e akaretsang lefatše ka bophara. Mabapi le Jesu, Bibele e re: “Matšoele a mangata a tla ho eena, a tlisa lihlotsa, le lifofu, le limumu, le lihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, ’me a ba folisa. Eaba bongata boo boa makala, ha ba bona limumu li bua, le lihole li e-na le ’mele o motle, le lihlotsa li tsamaea, le lifofu li bona.”—Mattheu 15:30, 31.

Batho ba ileng ba bona mehlolo eo ba ile ba tlotlisa Molimo hobane ba ne ba utloisisa hore ke eena ea neng a file Jesu matla a ho etsa mehlolo eo. Matla ao Jesu a neng a e-na le ’ona ke ’ona a sebelisitsoeng ho bōpa bokahohle ba rōna bo hlollang. E ne e le moea o halalelang oa Molimo, matla a hae a sebetsang.—Genese 1:1, 2; Tšenolo 4:11.

Moprofeta Esaia o ile a ngola ka nako eo ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) ’Me Tšenolo 21:4, 5 e re: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”

Bibele e bontša hore re phela nakong ea phetoho e khōlō. (1 Johanne 2:15-17) Haufinyane lefatše lena, hammoho le ho kula ha lona, masoabi, tlōlo ea molao, pefo le lefu, e tla ba lintho tsa nakong e fetileng. Molimo o tla le felisa hammoho le litsietsi tsohle tsa lona, ’me a betle tsela bakeng sa lefatše le lecha hona mona lefatšeng, “moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:11-13) Jesu o ile a bitsa lefatše leo le lecha le tlang ‘Paradeise,’ kaha le tla tšoana le Paradeise ea pele ea serapa sa Edene, empa feela e le boemong ba lefatše ka bophara.—Luka 23:43; Genese 2:7, 8.

Ka hona Bakreste ba na le tšepo, eseng feela bakeng sa pheko ea nakoana, empa bakeng sa ho lokolloa ka ho sa feleng ho se phethahaleng, boloetseng le lefung. Ba lebeletse ka cheseho phethahatsong e feletseng ea tšepiso ea Molimo: “Ke ’na Jehova mooki oa hao.” “’Me lefu ke tla le khelosa ho uena.”—Exoda 15:26; 23:25.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Jesu o ne a fuoe matla ke Molimo ho folisa ba kulang le ho tsosa bafu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela