Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 9/8 maq. 18-19
  • Lebaka Leo ka Lona li Neng li sa Tšabe ho Bua ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona li Neng li sa Tšabe ho Bua ka Sebete
  • Tsoha!—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
  • U Mamela Mang—Molimo Kapa Batho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?
    Tsoha!—1989
  • Lebaka Leo ka Lona Likereke li Ileng Tsa Khutsa
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 9/8 maq. 18-19

Lebaka Leo ka Lona li Neng li sa Tšabe ho Bua ka Sebete

HA RE nahana ka se ileng sa etsahala, ho ka boleloa hore khohlano e neng e le teng pakeng tsa Lipaki tsa Jehova le Bonazi, kapa Puso ea Sechaba eo ’Muso o Laolang Lintho Tsohle, ho hang e ne e ke ke ea qojoa. Hobane’ng? Ka lebaka la lintho tseo Manazi a neng a li batla a sa sekisetse tse neng li hohlana le litumelo tse tharo tsa motheo tsa Lipaki tse thehiloeng Bibeleng. Tsona ke: (1) Jehova Molimo ke ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa. (2) Bakreste ba ’nete ha ba nke lehlakore lipolotiking. (3) Molimo o tla tsosa ba ipakileng ba tšepahala ho eena ho fihlela lefung.

Litumelo tsena tse thehiloeng Bibeleng li ile tsa etsa hore Lipaki tsa Jehova li eme li tiile khahlanong le lintho tse se nang bomolimo tseo Manazi a neng a li batla. Ka hona, li ile tsa bua ka sebete ’me tsa pepesa Bonazi e le bo khopo joalokaha bo ne bo le joalo.

Lipaki tsa Jehova li ile tsa hana ho tlotlisa Hitler. Li ne li hana hobane li bolela hore poloko ea tsona e tsoa ho Molimo ’me li nehetse bophelo ba tsona ho eena a le mong. Bibele e re ka Jehova: “Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18, NW.

Ha e le hantle, ho re “Heil Hitler” ho ne ho fana ka maikutlo a hore poloko e ne e tsoa ho Hitler. Kahoo Lipaki li ne li ke ke tsa tšepahala ho Molimo ’me ka nako e tšoanang li tlotlise motho leha e le ofe. Bophelo ba tsona hammoho le botšepehi ba tsona bo sa sekisetseng le ho tšepahala li ne li lokela Molimo.

Lipaki tsa Jehova li ne li e-na le mehlala e hlakileng bakeng sa ho hana ho mamela lintho tse fosahetseng tse neng li batloa ke Hitler. Ka mohlala, ha baapostola ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba laeloa ho khaotsa ho phatlalatsa litaba tse molemo ka Kreste, ba ile ba hana. Ba ile ba re: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” Bibele e bolela hore ka lebaka la boemo ba bona bo tiileng, ba nang le matla a ho laela ba ile “ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ka ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu.” Leha ho le joalo, baapostola ba ile ba hana ho mamela taelo eo e nyelisang Molimo. “Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela.”—Liketso 5:29, 40-42.

Bakreste ba bangata ba pele ba ile ba shoa hobane ba ile ba mamela Molimo ho e-na le batho. Ba bangata ba ile ba shoa mabaleng a boithabiso a Roma hobane ha e le hantle, ba ile ba hana ho tlotlisa Sesare ka ho etsa ketso ea borapeli ho eena. Empa ho batho ba joalo e ne e le tlotla le tlhōlo ho ipaka ba tšepahala ho Molimo esita le ho isa lefung, joalokaha lesole le sebete le ikemiselitse ho shoela naha ea habo lona.

Kahobane Lipaki tsa Jehova li buella puso e le ’ngoe feela, ’Muso oa Molimo, ba bang ba ’nile ba li talima e le tse fetohelang ’muso. Empa seo hase ’nete le hanyenyane. Li etsisa baapostola ba Jesu, “hase ba lefatše.” (Johanne 17:16) Ha li nke lehlakore lipolotiking. Ka lebaka la botšepehi ba tsona ho Molimo, li mamela melao ea lipuso tse fapaneng tsa batho tseo li leng ho tsona. Ka sebele, li beha mohlala ka ho ‘ikokobeletsa ha tsona balaoli ba phahameng.’ (Ba-Roma 13:1, NW) Le ka mohla ha li e-s’o ka li buella bofetoheli khahlanong le puso leha e le efe ea motho!

Leha ho le joalo, ho na le moeli o ke keng oa tlōloa tlas’a maemo leha e le afe. Ke moeli o pakeng tsa boikarabelo ba Lipaki tsa Jehova ho motho le boikarabelo ba tsona ho Molimo. Li neha Sesare, kapa ba nang le matla a ho laela ba mebuso, seo e leng sa Sesare empa li neha Molimo seo e leng sa Hae. (Mattheu 22:21) Haeba motho leha e le ofe a leka ho batla ho tsona seo e leng sa Molimo, boiteko boo bo tla hlōleha.

Ho thoe’ng haeba Paki e sokeloa ka lefu? Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova li na le kholiseho e sa thekeseleng matleng a Molimo a ho li tsosolosetsa bophelong. (Liketso 24:15) Kahoo Lipaki li na le boikutlo bo tšoanang le boo Baheberu ba bararo ba bacha ba neng ba e-na le bona Babylona ea boholo-holo. Ha ba sokeloa ka lefu ka sebōping sa mollo, ba ile ba bolella Morena Nebukadnezare: “Molimo oa rōna, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla. . . . U tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa melimo ea hao, re ke ke ra khumamela setšoantšo sa khauta seo u se emisitseng.”—Daniele 3:17, 18.

Ka hona, joalokaha ho boletsoe pejana, ha Hitler a qala ho hloella boemong ba hae bo phahameng joaloka molingoana o ipehileng, ntoa ea ho fapana ka likhopolo e ne e ke ke ea qojoa. Puso ea Bonazi, e tšoereng sabole, e ile ea iphumana e tobane le sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa Jehova tse neng li hlapantse ho tšepahala ho Molimo oa ’nete, Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova. Leha ho le joalo, esita le pele ntoa e qala, ho ile ha finyelloa qeto mabapi le liphello.

[Lebokose le leqepheng la 19]

Ho Tšepahala ho Isa Lefung

WOLFGANG KUSSEROW ke e mong oa ba ileng ba bolaoa kahobane a ile a tšepahala ho Molimo ’me a hana ho tšehetsa Bonazi. Pejana ho hore a khaoloe hlooho ka la 28 March, 1942, o ile a ngolla batsoali ba hae le banab’abo: “Joale, joaloka mor’a lōna oa boraro le ngoan’abo lōna, ke tlameha ho le siea hosasa hoseng. Le se utloe bohloko, hobane nako e tla tla eo re tla ba hammoho hape. . . . Thabo ea rōna e tla ba khōlō hakaakang ka nako eo, ha re kopanngoa hape! . . . Hona joale re arohantsoe, ’me e mong le e mong oa rōna o tlameha ho mamella teko ka katleho; joale re tla putsoa.”

Pejana ho polao ea hae ka la 8 January, 1941, Johannes Harms o ile a ngolla ntate oa hae lengolo la ho qetela: “Kahlolo ea ka ea lefu e se e phatlalalitsoe ’me ke tlanngoe ka mahlaahlela bosiu le motšehare—matheba ana (a pampiring) a tsoa lihaneboing . . . Ntate ea ratehang, ke u kōpa ka tieo, lula u tšepahala, joalokaha ke lekile ho lula ke tšepahala, ’me joale re tla bonana hape. Ke tla lula ke ntse ke nahana ka uena ho fihlela qetellong.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela