Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 2/8 maq. 28-30
  • Na ke Lokela ho Bolela Sebe sa ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Bolela Sebe sa ka?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ha ho Letho le Patiloeng”
  • Ho Qala ho Bua
  • Ho Bolella Batsoali ba Hao
  • Ho Kōpa Thuso ho Baholo
  • ‘Ke Tšaba ho Khaoloa’
  • Amohela Taeo ea Jehova Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • U Lokela ho Etsa’ng ha U Entse Sebe se Tebileng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Nka Khaotsa ho Phela Bophelo bo Habeli Joang?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 2/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Bolela Sebe sa ka?

“Ke aparetsoe ke lihlong hoo ke sa tsebeng hore na ke etse joang. Ke batla ho ea ho batsoali ba ka empa ke hlajoa ke lihlong haholo.”—Lisa.a

KE KAMOO moroetsana e mong ea lubehileng maikutlo a ileng a ngola kateng. O ne a ’nile a ratana le motho ea sa lumelang ka lilemo tse ’maloa ho fihlela ha ka letsatsi le leng, a le tlas’a tšusumetso ea tahi, a e-ba le likamano tsa botona le botšehali le eena.

Ka masoabi, lintho tse joalo li etsahala nako le nako, esita le har’a bacha ba Bakreste. Ha re le ba banyenyane ebile re le ba hlokang phihlelo haholoanyane, re na le tšekamelo ea ho etsa liphoso haholoanyane. Empa le hoja ho etsa phoso e fokolang e le taba e ’ngoe, ho etsa phoso e tebileng joaloka ho kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, ke taba e fapaneng ka ho feletseng. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Ha seo se etsahala, mocha o hloka ho fumana thuso. Bothata ke hore ha ho bonolo ho ipolela liphoso.

Ngoanana e mong oa Mokreste o ile a kopanela likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. O ile a etsa qeto ea ho bolella baholo ba phutheho ea habo, a ba a beha le letsatsi leo a tla etsa seo ka lona. Empa o ile a chechisa letsatsi leo. Hamorao, a boela a chechisa letsatsi leo. E se khale, selemo sohle se ne se se se fetile!

“Ha ho Letho le Patiloeng”

Haeba u oetse sebeng se tebileng, u lokela ho hlokomela hore ho thōla ke khopolo e mpe haholo. Taba ke hore ’nete e qetella e hlaheletse leha ho ka ba joang. Ha a sa le monyenyane, Mark o ile a pshatla mokhabiso o entsoeng ka letsopa oa leboteng. Oa hopola: “Ke ile ka leka ho o khomaretsa ka hloko, empa ha hoa ka ha nka nako e telele pele batsoali ba ka ba lemoha mapetso.” Ke ’nete hore ha u sa le ngoana. Empa, hangata batsoali ba bangata ba ka khona ho bona ha ho e-na le ho itseng ho phoso ka bana ba bona.

Ann ea lilemo li 15 oa lumela: “Ke ile ka leka ho pata mathata a ka ka mashano, empa ke ile ka qetella ke mpefalitse lintho le ho feta.” Hangata, mashano aa pepeseha. ’Me ha batsoali ba hao ba fumana hore u ba thetsitse, mohlomong ba tla halefa—ba halefe ho feta kamoo ba neng ba ka halefa kateng haeba u ne u ile ua hla ua ba bolella ’nete sethathong.

Ho bohlokoa ka ho fetisisa, Bibele e re: “Ha ho letho le patiloeng le se nang ho bonahala, leha e le ntho leha e le efe e patiloeng ka hloko eo le ka mohla e se nang ho tsejoa ’me le ka mohla e se hlahelle pepeneneng.” (Luka 8:17) Jehova o tseba seo re se entseng le seo re se etsang. U ke ke ua ipatela eena joalo feela ka ha Adama a sa ka a khona. (Genese 3:8-11) Qetellong, libe tsa hao le tsona li ka ’na tsa pepeseha ho ba bang.—1 Timothea 5:24.

Ho thōla ho ka u ntša kotsi ka litsela tse ling hape. Mopesaleme Davida o ile a ngola: “Enere ha ke khutsitse, masapo a ka a na a felisoa ke ho bobola ha ka ka letsatsi lohle. Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho ’na nyene le bosiu.” (Pesaleme ea 32:3, 4) E, khatello ea ho boloka lekunutu e ka hlahisa tšenyo e khōlō maikutlong. Ho tšoenyeha le boikutlo bo molato, esita le tšabo ea ho pepeseha li ka etsa hore u ikutloe u tepeletse ka ho feletseng. U ka ’na ua qala ho itšehla thajana ho metsoalle ea hao le ba lelapa leno. U ka ba ua ikutloa eka u arohantsoe le Molimo ka boeena! Mocha ea bitsoang Andrew o ile a ngola: “Ke ’nile ka suoa-suoana le letsoalo le molato ka lebaka la ho siteloa Jehova. Le ne le nkhekhetha.”

Ho Qala ho Bua

Na ho na le mokhoa oa ho imoloha pherekanong ee ea maikutlo? E, o teng! Mopesaleme o itse: “Ka ba ka u bolella sebe sa ka, ’me ha kea ka ka pata bokhopo ba ka, . . . ’me ua hlakola bokhopo ba sebe sa ka.” (Pesaleme ea 32:5; bapisa le 1 Johanne 1:9.) Ka ho tšoanang, Andrew le eena o ile a imoloha ka tsela ea sebele ka ho ipolela sebe sa hae. Oa hopola: “Ke ile ka atamela Jehova ’me ka mo kōpa ka tieo hore a ntšoarele.”

U ka etsa se tšoanang. Rapela Jehova. O tseba seo u se entseng, empa ka boikokobetso se lumele ho eena ka thapelo. Kōpa tšoarelo, u se ke ua ithiba hobane u ikutloa u le khopo haholo bakeng sa hore u ka thusoa. Jesu o ile a shoa e le hore re khone ho fumana boemo bo botle le Molimo ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna. (1 Johanne 2:1, 2) U ka ba ua kōpa le matla a ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ho bala Pesaleme ea 51 ho ka ’na ha ipaka ho le molemo ka ho khetheha ho uena ha u atamela Molimo ka tsela ena.

Ho Bolella Batsoali ba Hao

Leha ho le joalo, ho hlokahala ho hongata ho feta feela ho bolella Molimo. U boetse u tlameha ho bolella batsoali ba hao. Ba laetsoe ke Molimo hore ba u hōlise “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ba ka etsa sena hafeela ba tseba mathata a hao. Hape, ho bolella batsoali ba hao ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo kapa ha thabisa. Empa ka mor’a karabelo ea bona ea pele, mohlomong ba tla laola maikutlo a bona. Ba ka ba ba thabisoa ke hore u ile ua ba tšepa ka ho lekaneng hore u ba senolele bothata ba hao. Papiso ea Jesu ea mora ea lehlasoa e re bolella ka mohlankana ea ileng a oela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Empa ha qetellong a ipolela, ntate oa hae o ile a mo amohela ka matsoho a mabeli! (Luka 15:11-24) Ha ho pelaelo hore ka ho tšoanang, batsoali ba hao ba tla u thusa. Etsoe ba ntse ba u rata.

Ke ’nete hore u ka ’na ua tšaba hore u tla utloisa batsoali ba hao bohloko. Empa hase ho ipolela sebe ho utloisang batsoali ba hao bohloko; ke ho etsa sebe ho ba utloisang bohloko! Mohato oa pele oa ho thoba bohloko boo ke ho ipolela. Ann ea boletsoeng pejana o ile a bolella batsoali ba hae ’me ka mor’a moo a ikutloa a imolohile haholo.b

Tšitiso e ’ngoe hape ea ho ipolela ke sekhobo le masoabi. Mongoli ea neng a tšepahala, Esdrase, o ne a sa etsa libe ka boeena, empa ha a bolela libe tsa Bajuda-’moho le eena, o ile a re: “Ke soabile, ke lihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho uena, Molimo oa ka.” (Esdrase 9:6) Ka sebele, ho loketse ho ikutloa u hlajoa ke lihlong ha u entse phoso. Ho bontša hore letsoalo la hao le ntse le sebetsa. ’Me ka mor’a nako maikutlo ao a lihlong a tla fela. Andrew o ile a hlalosa tjena: “Ho ipolela ho boima haholo ’me hoa soabisa. Empa hoa imolla ho tseba hore Jehova o tla tšoarela haholo.”

Ho Kōpa Thuso ho Baholo

Haeba u Mokreste, taba ha e felle ho bolelleng batsoali ba hao feela. Andrew o re: “Ke ne ke tseba hore ke lokela ho isa bothata ba ka ho baholo ba phutheho. E ile ea e-ba ho nkimollang hakaakang ho tseba hore ba ne ba le teng bakeng sa ho nthusa!” E, bacha ba Lipaki tsa Jehova ba ka ea ebile ba tšoanetse ho ea ho baholo ba phutheho bakeng sa thuso le khothatso. Empa ke hobane’ng ha u sa rapele Jehova feela ebe ke phetho? Hobane Jehova o behile tlhokomelong ea baholo boikarabelo ba ho “lula ba lebetse lisoule tsa lōna.” (Baheberu 13:17) Ba ka u thusa hore u qobe ho oela sebeng hape.—Bapisa le Jakobo 5:14-16.

U se ke ua ithetsa ka ho ipolella hore u ka ithusa. Haeba ka sebele u ne u le matla ka ho lekaneng ho etsa joalo, na tabeng ea pele, u ka be u ile ua oela sebeng? Ka ho hlakileng, ho hlokahala hore u batle thuso ka thōko. Ka sebete Andrew o ile a etsa joalo. Keletso ea hae ke efe? “Ke khothalletsa mang le mang ea kopanetseng sebeng se tebileng kapa ea kileng a kopanela ho sona hore a phetlele Jehova pelo ea hae esita le e mong oa balisa ba hae.”

Empa ke joang u ka atamelang moholo? Khetha a le mong eo u ikutloang u phutholoha hantle ho eena. U ka ’na ua qala ka ho re: “Ho na le seo ke batlang ho bua ka sona” kapa “Ke na le bothata” kapa hona ho re “Ke na le bothata ’me ke hloka thuso ea hao.” Ho tšepahala le ho phutholoha ha hao ho tla bontša pako ea hao kannete le takatso ea hao ea ho fetoha.

‘Ke Tšaba ho Khaoloa’

Ho thoe’ng ka seo se ka ’nang sa etsahala? Ke ’nete hore ho etsa sebe se tebileng ho etsa hore motho a tšoaneloe ke ho khaoloa, empa hoo ha ho itlise feela tjee. Ho khaoloa ke ha ba hanang ho baka—bao ka manganga ba hanang ho fetoha. Liproverbia 28:13 e re: “Ea patang melato ea hae a ke ke a hlohonolofala; empa ea e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.” Taba ea hore u atametse baholo bakeng sa thuso ke bopaki ba hore u lakatsa ho fetoha. Ka ho khetheha, baholo ke bafolisi, hase ba fanang ka kotlo. Ba tlameha ho tšoara batho ba Molimo ka mosa le tlhompho. Ba batla ho u thusa hore u ‘otlolle litsela bakeng sa maoto a hao.’—Baheberu 12:13.

Bonneteng, moo ho amehang bolotsana kapa tloaelo e fosahetseng e tebileng ea nako e telele, “mesebetsi e tšoanelang pako” e kholisang e ka ’na eaba ea haella. (Liketso 26:20) Ka linako tse ling phello e ba ho khaoloa. ’Me esita le moo mofosi a bontšang pako, baholo ba tlameha ho fana ka mokhoa o itseng oa taeo. Na u lokela ho hlonama kapa ho halefa ka lebaka la qeto ea bona? Ho Baheberu 12:5, 6, Pauluse oa phehella: “Mora oa ka, u se ke ua nyenyefatsa taeo e tsoang ho Jehova, leha e le ho felloa ke matla ha u khalemeloa ke eena; kaha eo Jehova a mo ratang oa mo laea; ha e le hantle, o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.” Ho sa tsotellehe hore na ke taeo efe eo u e fumanang, e nke e le bopaki ba hore Molimo oa u rata. Hopola, pako ea ’nete e tla u khutlisetsa kamanong e loketseng le Ntate oa rōna ea mohau, Jehova Molimo.

Ho hloka boikemisetso ho amohela liphoso tsa hao. Empa ka ho etsa joalo, u ka lokisa litaba eseng feela le batsoali ba hao empa le Jehova Molimo ka boeena. U se ke ua lumella tšabo, boikhohomoso kapa masoabi ho u sitisa ho fumana thuso. Hopola: Jehova ‘o tla tšoarela haholo.’—Esaia 55:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Bakeng sa boitsebiso bo mabapi le ho atamela batsoali ba hao, bona khaolo ea 2 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]

‘Ke khothalletsa bohle ba entseng sebe hore ba phetlele Jehova lipelo tsa bona.’—Andrew

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho bolella batsoali ba hao ho ka lebisa ho hlaphoheloeng moeeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela