Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 6/8 maq. 5-6
  • Na li Hlile li Kotsi Hakaalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na li Hlile li Kotsi Hakaalo?
  • Tsoha!—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likotsi Tse Bakoang ke Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro
    Tsoha!—2003
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Qoba Litšoantšo Tse Tsosang Takatso?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Qoba Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro Joang?
    Tsoha!—2007
  • Litšoantšo Tsa Bootsoa—Na li Kotsi Kapa Che?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 6/8 maq. 5-6

Na li Hlile li Kotsi Hakaalo?

JOALOKAHA re bone, Internet e entse hore litšoantšo tsa bootsoa li fumanehe habonolo ho batho ba baholo le ho bana. Na u lokela ho ameha ka see? Na litšoantšo tsa bootsoa li hlile li kotsi?

Ba bangata ba nahana hore ho habanya feela tjee litšoantšo tsa bootsoa ha ho na kotsi. Leha ho le joalo, linnete li bontša ho fapaneng. Nahana ka boemo ba banyalani ba bang ba neng ba bonahala ba thabile lenyalong la bona. Ba ne ba eme hantle licheleteng, ’me ba rata ho nka maeto. Metsoalle ea bona e ne e ba nka ba atamelane haholo, ba ratana ba bile ba itetse e mong bakeng sa e mong, ’me ka litsela tse ngata ho ne ho hlile ho le joalo.

Leha ho le joalo, mathata a ile a qhoma ha monna a qala ho sheba litšoantšo tsa bootsoa. Ha mosali oa hae ea tšoenyehileng a ngolla moeletsi e mong ea tummeng oa koranta, o ile a hlalosa ngongoreho ea hae: “Ha [monna oa ka] a qala ho qeta nako e ngata k’homphieutheng har’a mpa ea bosiu le ka matjeke, o ile a mpolella hore o etsa ‘lipatlisiso.’ Hoseng ho hong ke ile ka kena a sa lebella ’me ka mo khaoletsa a shebile [litšoantšo tsa bootsoa] . . . O ile a re o ne a mpa a nkuoe ke bohelehele feela. Ha ke shebisisa seo a neng a se shebile, ke ile ka utloa ke nyonya. O ne a soabile ’me a ntšepisa hore o tla khaotsa, ’me ke ile ka lumela hore o fela a bolela seo. E ’nile ea e-ba motho ea hlomphehang kamehla—motho ea emang lentsoeng la hae.”

Joaloka monna enoa, qalong ba bangata ba sheba litšoantšo tsa bootsoa ka lebaka la ho qetoa ke bohelehele. Ka lebaka la ho tšaba ho khaoletsoa, ba sebelisa Internet bosiu haholo kapa ka matjeke. Ha ba tšoaroa, hangata ba leka ho pata seo ba se etsang ka ho bua leshano joalokaha monna enoa a ile a etsa. Ka ho utloahalang, na motho leha e le mang a ka bolela hore ke “ho itlosa bolutu” ho se nang kotsi ho etsang hore “motho ea emang lentsoeng la hae” a nyonyobe har’a mp’a bosiu ’me a thetse baratuoa ba hae?

Mokhoa ona o ka lebisa mathateng a tebileng a botho le a lelapa. Ba bang ba boletse hore ho shebella litšoantšo tsa bootsoa ho ba sitisitse ho hlaolela kamano e haufi le ba bang. Ha ba batle hore ho be le batho ba bang haufi le bona ha ba khotsofatsa takatso ea bona ea ho sheba litšoantšo tsa bootsoa. Batho ba shebang litšoantšo tsa bootsoa ba sekamela ho loreng ba ntse ba shebile ’me litoro tse joalo ha li thuse motho hore a hlaolele kamano e matla le batho ba bang kapa hore a tobane le bophelo lefatšeng la sebele. Na ho phomotsa kelello ho etsang hore batho ba ikhule ho batho ba hlileng ba ba tsotellang ha ho na kotsi?

Maemong a mang batho ba shebang kapa ba balang boitsebiso ba bootsoa ba bile ba ba le bothata ba ho thabela likamano tsa botona le botšehali tse tloaelehileng le balekane ba bona. Hore u utloisise lebaka la seo, hlahloba morero oa Molimo oa tšimolohong ka batho ba nyalaneng. Ka lerato o ile a fa banna le basali matla a hore ba bontšane lerato ka tsela e thabisang ka likamano tsa botona le botšehali tse hlomphehang. Liproverbia 5:18, 19 (NW) e bontša hore sena se ne se lokela ho fana ka thabo: “U thabe le mosali oa bocha ba hao . . . Matsoele a hae a ke a u tahe ka linako tsohle. E se eka ka lerato la hae u ka ba le boikutlo bo matla ba nyakallo kamehla.”

Hlokomela hore lerato e ne e lokela ho ba motheo oa likamano tsa botona le botšehali. Na motho ea shebang litšoantšo tsa bootsoa o hlaolela kamano e mofuthu ea lerato le ea botho? Che, maemong a mangata o khotsofatsa litakatso tsa hae tsa likamano tsa botona le botšehali—a le mong. Monna ea nyetseng ea shebellang litšoantšo tsa bootsoa a ka qala ho nka molekane oa hae e le sesebelisoa feela—motho ea phelelang ho khotsofatsa litakatso tsa hae feela. Sena se fapane hōle le seriti le tlhompho tseo ’Mōpi a bolelang hore banna ba lokela ho li bontša basali. (1 Petrose 3:7) Na mokhoa o kena-kenanang le boemo bo haufi-ufi ba lenyalo o ka nkoa e le o motle?

Ho feta moo, seo pele se neng se etsoa ka khopolo ea hore ke ho ikhotsofatsa feela ho sa reng letho, se ka lebisa bokhobeng ba nako e telele. Sengoli se seng sea hlokomela: “Joalokaha ba lemaletseng lithethefatsi ba hloka lithethefatsi tse matla haholoanyane hore ba ‘tahoe,’ ba shebang litšoantšo tsa bootsoa ba lokela ho sheba tse tebileng haholoanyane e le hore ba ikutloe ba nyakalletse joaloka pele.”

Sena ke seo ho bonahalang se ile sa etsahala ka monna ea boletsoeng pejana sehloohong sena. Ka phirimana e ’ngoe likhoeli tse ’maloa ka mor’a hore a tšepise hore o tla khaotsa ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, mosali oa hae o ile a fihla hae ’me a mo fumana a le k’homphieutheng. Mosali o ile a bona ka tsela eo a itšoarang ka eona hore ho na le ho hong ho phoso. Mosali oa ngola: “[O] ne a tšohile a bile a koatile. Ke ile ka sheba k’homphieutha ’me ka sebele o ne a shebile tse ling tsa litšoantšo tse litšila ka ho feteletseng. O ile a re o ne a sa nthetse ha a ne a ntšepisa hore o tla khaotsa, empa ho thata ho tlohela.”

Ka lebaka la kotsi eo litšoantšo tsa bootsoa li ka e bakang le ka lebaka la ho fumaneha ha tsona ka ho pharaletseng, u na le lebaka le utloahalang la ho ameha ka tsona. U ka itšireletsa le ho sireletsa bana ba hao joang? Sehlooho se qetellang letotong lena se tla arabela potso ena.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Litšoantšo tsa bootsoa li hlephisa boitšoaro

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela