Bacha Baa Botsa . . .
Nka Etsa Joang Hore ho Lula ha ka Naheng Esele e be ho Atlehileng?
“Ha ke fihla boema-fofane, ke ne ke batla ho ipona ke le hae! . . . Ke ne ke timeletsoe ke tabatabelo ea ka ea ho batla ho itekela bophelo ho sa tsotellehe se ka hlahang ’me ke ne ke lahlehetsoe ke thabo ea ho sibolla seo. Ha e le hantle, ke ne ke hopotse hae ho feta kamoo nkileng ka hopola kateng nakong e fetileng.”—Uta.
HOA tšosa ho ba mong naheng esele. Empa joalokaha sehlooho se fetileng letotong lena se ile sa bontša, bacha ba bangata ba khetha ho qeta nako e itseng ba le naheng esele. Ba bang ba ela ho ea fumana thuto kapa koetliso e khethehileng. Ba bang ba batla ho ithuta puo. Ba bang ba mpa ba batla ho fumana chelete. Leha ho le joalo, ba bang ba ea linaheng lisele ka morero oa ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso.
Haeba re nka hore u lula naheng esele ka mabaka a bohlale—mabaka a nahanelang litlhoko tsa hao tsa moea le lipakane tsa haoa—u ka etsa eng ho etsa bonnete ba hore ho lula ha hao moo e ba ho atlehileng?
Ikemisetse ho Ikamahanya le Maemo
Pele ho tsohle, u tlameha ho ikemisetsa ho ikamahanya le maemo. Seo ha se bolele hore u lokela ho hlokomoloha melao-motheo ea Bokreste kapa kemiso ea hao ea lintho tsa moea. Empa se ka ’na sa bolela ho itloaetsa lijo tse ncha, ho ithuta melao e mecha ea mekhoa e metle, kapa ho leka litsela tse ncha tsa ho etsa lintho. Mekhoa ena e ka ’na ea e-ba e fapaneng haholo le tsela eo u neng u etsa lintho ka eona hae. Empa taelo ea Jesu ea ho ‘khaotsa ho ahlola’ e ka sebetsa hantle tabeng ena. (Matheu 7:1) Ka sebele, ha ho na morabe kapa setso se nang le tokelo ea ho ipolela se phahametse tse ling. (Liketso 17:26) Joalokaha batho ba baholo ba lokela ho qoba ho bapisa ka tsela e nyatsang bacha ba nakong e fetileng le bacha ba kajeno, le bona bacha ba naheng esele ba lokela ho qoba ho bapisa ka tsela e nyatsang naha e ’ngoe le naha ea habo bona. (Moeklesia 7:10) Lebisa tlhokomelo linthong tse molemo tseo naha ena e ncha le tloaelo ea teng e tla fana ka tsona. Hape, ha u potlakela ho ithuta puo ea naha ena, u tla tloaela sebaka kapele.
Moapostola Pauluse o ile a ikamahanya le mekhoa e fapaneng ea bophelo mosebetsing oa hae oa boromuoa kaha o ne a ikemiselitse ho ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” (1 Bakorinthe 9:22) Boikutlo bo tšoanang bo ka u thusa hore u ikamahanye le maemo. Adrianne ke ngoanana ea sebeletsang lelapa le leng Jeremane molemong oa ho ithuta puo ea teng, o etsa mosebetsi oa ka tlung bakeng sa lelapa leo, ebe lona le mo fa bolulo le lijo. Oa hlalosa: “Ke lokela ho tenyetseha le maemo haholo hobane nke ke ka lebella hore ba bang ba ikamahanye le mokhoa oo ke etsang lintho ka oona.”
‘Ke Hlolohetsoe Hae!’
Libekeng tse seng kae tse qalang, ho tloaelehile ho ikutloa u hlomohile ebile u hlolohetsoe hae. Bibele e bontša hore Jakobo o ne a ‘hlolohetsoe ntlo ea ntat’ae ka ho fetisisa,’ le hoja Jakobo a ne a bile naheng esele ka lilemo tse fetang 20! (Genese 31:30) Ka hona, u se ke ua makala ha ka linako tse ling ho re u lle. Ke ’nete hore haeba le teng u lula u nahana ka lintho tseo u li siileng, u ka eketsa tlhonamo ea hao. (Numere 11:4, 5) Tsela e molemohali ea ho hlōla ho touta ke ho sebeletsa ho tloaela kemiso e ncha le sebaka. Le hoja ho le molemo ho ’na u buisana le lelapa leno ka mangolo kapa ka ho ba letsetsa mohala, ho letsetsa hae hangata ho ka ’na ha u sitisa ho tloaelana le lehae la hao le lecha.
Bacha ba bangata ba Bakreste ba fumana hore ho khutlela kemisong ea bona ea moea ke setlhare se molemohali sa bolutu. (Bafilippi 3:16) Amber o hopola libeke tsa hae tse qalang a le naheng esele: “Ke ne ke thatafalloa linakong tsa mantsiboea ha ho se letho leo nka le etsang, ka hona, ke ile ka leka ho ithuta ka ho eketsehileng kapa ho bala buka.” Rachel e monyenyane, ngoanana oa Brithani ea sebeletsang lelapa le leng Jeremane bakeng sa bolulo le lijo o fana ka keletso ea phihlelo eo a bileng le eona: “Kena khabong kapele-pele. Qala ho kopanela libokeng hang-hang.” Qalong, u ka ’na ua hloka thuso e itseng hore u fihle libokeng. Empa ka har’a phutheho ea Bokreste, u ka fumana metsoalle e molemo e ka bang joaloka ‘barab’eno le baralib’eno le bo-’mè ba hao.’—Mareka 10:29, 30.
Ho kopanela mosebetsing oa Bokreste oa ho bolela evangeli ke karolo e ’ngoe ea bohlokoa kemisong ea hao e ntle ea moea. Ho bolela ho ke ke ha u ruisa molemo moeeng feela empa ho tla boela ho u thuse ho ikamahanya le mekhoa e mecha ea bophelo le puo.
Qetellong, phehella kemiso ea hao ea ho rapela le ea thuto ea botho. Ke tsa bohlokoa ho luleng ha hao u phela hantle moeeng. (Baroma 12:12; 1 Timothea 4:15) Ka lebaka lena, Adrianne ea boletsoeng pejana o ile a etsa bonnete ba hore o tla le lingoliloeng tsa Bibele tse ngotsoeng ka puo ea habo.
Ho Lula le Lelapa le U Amohetseng
Bacha ba bang ba Bakreste ba lokiselitse ho lula le malapa a lumetseng ha ba ntse ba le naheng esele. Le hoja ho ke ke ha lebelloa hore lelapa le amohetseng mocha le phethe karolo ea batsoali, e ka ba metsoalle e metle le mohloli oa khothatso moeeng.—Liproverbia 27:17.
Leha ho le joalo, ho buisana le lelapa le u amohetseng ka tsela e bulehileng ke habohlokoa bakeng sa hore likamano li lule li le ntle. (Liproverbia 15:22; 20:5; 25:11) Amber o re: “U lokela ho ba le leseli la hore na u tla tlameha ho etsa eng. U lokela ho tseba hore na batho ba u amohetseng ba lebelletse eng. ’Me le bona ba lokela ho tseba hore na u lebelletse eng.” Tseba melao ea lelapa leo le hore na u lebelletsoe ho kopanela mosebetsing oa lelapa ho isa bohōleng bofe. Litaba tse joalo li lokela ho tšohloa ka ho teba.
Boemo ba hao e tla ba bo phephetsang haholo-holo haeba, ka mohlala, u sebeletsa lelapa le u amohetseng le sa lumeleng seo u se lumelang. Kaha lelapa leo le ka ’na la se ke la utloisisa boemo ba hao mabapi le melao-motheo ea Bibele, u ka ’na ua iphumana u le maemong a sekisetsang. (Liproverbia 13:20) Tlhokahalo ea ho phetha mesebetsi ea lelapa e ka ’na ea hohlana le boikarabelo ba hao ba moea, bo kang ho ea libokeng tsa Bokreste. Ka hona, haeba maemo a sa qojoeng a u qobella ho lula le lelapa le sa lumeleng seo u se lumelang, joale u tla tlameha ho latela litemoso tse ’maloa.
Rachel o re: “Etsa bonnete ba hore baa tseba hore u Mokreste. Ho molemo ho ba bolella ka botšepehi li sa tloha.” Ho hlalosa litekanyetso tsa hao tsa bolumeli le tsa boitšoaro ho ka ’na ha sebetsa e le tšireletso. Hape, u lokela ho hlakisetsa mohiri oa hao hore na liboka tsa Bokreste le ho bolela ke tsa bohlokoa hakae ho uena. Qetellong, ke bohlale ho etsa bonnete ba hore litaba tsa bohlokoa tse kang lihora tseo u lokelang ho li sebetsa, nako ea phomolo le tefo, li ngoloa fatše pele u qala ho sebetsa. Sena se ka u qobisa mathata nakong e tlang.
Ho Rarolla Mathata
Ho sa tsotellehe boiteko bohle ba hao, ho ntse ho ka hlaha mathata. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba batho ba u amohetseng ba u leleka ha bona? Sena e ka ba se ferekanyang haholo. Haeba ho e-ba le ho se utloisisane ho itseng, u ka ’na ua leka ho rarolla bothata ka ho buisana le ba u amohetseng ka moea o tlaase le ka tsela e utloahalang. (Liproverbia 15:1) Ikemisetse ho amohela liphoso tseo e ka ’nang eaba u li entse. Mohlomong li tla etsa hore ba fetole mehopolo ea bona. Haeba ho se joalo, u tla tlameha ho batla bolulo bo bong.
Mathata a mang a ka ’na a hloka hore u kōpe thuso ea motho e mong. Ka mohlala, u ka ’na ua ba le mathata a lichelete kapa oa kula. Moo u tšabang hore batsoali ba hao ba tla u lata ba u ise hae, u ka ’na ua ba leqe ho ba bolella se etsahalang. Ho feta moo, ba hōle haholo ’me ba ka ’na ba se ke ba tseba hore na ba sebetsane le bothata bo joalo joang naheng esele. Leha ho le joalo, baholo ba phutheho ba sebakeng seo, ba ka ’na ba e-ba le phihlelo ho sebetsaneng le mathata a joalo ’me ba ka ’na ba khona ho u fa keletso e sebetsang. Ba ka ba ba u thusa ho etsa qeto ea hore na taba eo e hloka hore batsoali ba e tsebe kapa che.
Ha U Khutlela Hae
Ho sa tsotellehe mathata le liphephetso, ho qeta nako e itseng naheng esele e ka ba phihlelo e thabisang, haholo-holo haeba u ea ka mabaka a lintho tsa moea. Ke ’nete hore nako ea ho khutlela hae e tla fihla. Andreas o re: “Ka lebaka la ho ba le mehopolo e mengata ea liketsahalo tse thabisang—tse mpe li lebaleha ka potlako—ho ile ha e-ba thata ha ke tlameha ho tloha.” Leha ho le joalo, ha u se u khutlile u se ke ua lebella metsoalle kapa ba lelapa leno hore ka potlako ba fetole tsela eo ba etsang lintho ka eona hobane joale u se u tla le mekhoa e mecha eo u ithutileng eona ha u le naheng esele. Ho phaella moo, u se ke ua ba kena ka tsebeng ka ho lula u ba hopotsa hore na lintho li etsoa joang sebakeng se seng. Ha ho pelaelo hore u tla rata ho phetela motho e mong le e mong ka phihlelo ea hao, empa u se ke ua nyahama haeba e se bohle ba bang moeeng joaloka uena.
Ka ho hlakileng, qeto ea ho ea lula ka nakoana naheng e ’ngoe e lokela ho nkoa ka botebo. Haeba ka mor’a ho tšohla taba ena le batsoali ba hao u fihlela qeto ea hore ho na le mabaka a utloahalang a hore u tsamaee, itokisetse ho sebetsana ka katleho le liphephetso tseo u tla thulana le tsona. Joaloka qeto leha e le efe e khōlō eo u lokelang ho e nka bophelong, ke bohlale ho bala litšenyehelo pele.—Luka 14:28-30.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Na Nka ea Lula Naheng Esele?,” se hlahang tokollong ea July 8, 2000.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
Likeletso Tse Sireletsang
● Boloka phasepoto ea hao, chelete le tekete ea ho khutla sebakeng se sireletsehileng.
● Etsa likopi tsa phasepoto ea hao hammoho le lengolo la tumello ea ho kena le/kapa visa, tekete ea hao ea ho khutla le lipampiri tse ling tsa bohlokoa. Boloka tse ling tsa likopi tseo, ’me u romele tse ling ho batsoali ba hao kapa metsoalle hae.
● Lula u e-na le linomoro tsa thelefono tsa batsoali ba hao kapa metsoalle hae, le tsa lelapa le u amohetseng.
● Itšoare ka tsela e hloekileng ho batho ba bong bo fapaneng le uena, e-bang ke ba lelapa le u amohetseng, bao u kenang sekolo le bona, bao u sebetsang le bona kapa ba libakeng tse ling.
● Bonyane tseba mantsoe a itseng le lipoleloana tsa motheo ka puo ea naha eo u leng ho eona.
● Hlahlobjoa ke ngaka pele u tsamaea. Etsa bonnete ba hore u na le meriana leha e le efe e lekaneng e hlokahalang.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Haeba ho se utloisisane ho e-ba teng lipakeng tsa hao le lelapa le u amohetseng, buisana le lona ka tsela e bonolo