Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 6/8 maq. 27-28
  • Na Maemo a Tla ke a Ntlafale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Maemo a Tla ke a Ntlafale?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la ho ba le Tšepo
  • Ke Hobane’ng ha a Boile Sekoele?
    Tsoha!—2003
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
  • Mafu a Bakoang ke Likokoanyana—Bothata bo Jang Setsi
    Tsoha!—2003
  • Lefatše le se Nang Boloetse
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 6/8 maq. 27-28

Na Maemo a Tla ke a Ntlafale?

KAJENO, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo le lihlopha tse ling tse tšoenyehileng li na le mananeo a ho beha maloetse leihlo le ho laola ho jaleha ha ’ona. Mekhatlo e sa tšoaneng e fana ka boitsebiso le ho khothalletsa hore ho fumanoe meriana e mecha le litsela tse ncha tsa ho a laola, ’me tsena tsohle li etsoa molemong oa hore ho sebetsanoe ka katleho le bothata ba maloetse a bakoang ke likokoanyana. Batho ka bomong le lichaba le bona ba ka etsa ho eketsehileng ho fumana boitsebiso le ho itšireletsa. Leha ho le joalo, ho sireletsa batho ka bomong ha ho tšoane le ho laola maloetse lefatšeng ka bophara.

Litsebi tse ngata li lumela hore ho ba le tšebelisano lefatšeng ka bophara le ho tšepana ke lintho tsa bohlokoa tse ka etsang hore ho laoloe maloetse. Bukeng ea hae ea The Coming Plague—Newly Emerging Diseases in a World out of Balance, motlalehi oa litaba Laurie Garrett, ea hapileng Khau ea Pulitzer o re: “Tšebelisano-’moho e eketsehang ka potlako ea lichaba le linaha lefatšeng ka bophara, e hloka hore batho lefatšeng ka bophara ba se ke ba talima sebaka seo ba leng ho sona, liprofinse, linaha kapa karolo eo ba leng ho eona lefatšeng e le eona feela tikoloho e ikarabellang ka bona. Likokoana-hloko le liphoofolo tseo li li fetisang ha li na taba le meeli e sehiloeng ke batho.” Seoa se itseng naheng e ’ngoe ha se tšoenye linaha tsa boahelani feela empa se tšoenya le linaha tse ling lefatšeng ka bophara.

Mebuso e meng le batho e sa ntsane e le lekhonono ka mekhoa leha e le efe ea thibelo e tsoang linaheng tse ling—esita le mananeo a ho laola maloetse. Ho phaella moo, ho se nahanele pele ha mebuso ea lipolotiki le meharo ea khoebo hangata li sitisa boiteko bo kopanetsoeng ba machaba. Ntoeng ea batho le maloetse, na likokoana-hloko ke tsona tse tla hlōla? Mongoli Eugene Linden, ea nahanang hore li tla hlōla, o re: “Ha ho sa na se ka etsoang.”

Lebaka la ho ba le Tšepo

Tsoelo-pele ea saense le ea theknoloji li sitoa ho khema le maloetse a eketsehang ka potlako. ’Me taba ke hore bothata bona ba maloetse a bakoang ke likokoanyana ke bo le bong ho a mangata a sokelang bophelo ba batho. Empa tšepo eona e teng. Le hoja e le hona litsebi tsa saense li qalang ho utloisisa kamano e rarahaneng pakeng tsa lintho tse phelang, lia elelloa hore lefatše ka bolona le na le mokhoa oa ho ipholisa. Lefatše la rōna le na le mokhoa oa tlhaho oa ho lokisa mathata a bang teng tlhahong. Ka mohlala, meru e atisa ho hlaha hape moo e neng e kile ea rengoa, ’me kamano e pakeng tsa likokoana-hloko, likokoanyana le liphoofolo ho bonahala e tsitsa ka mor’a nako e itseng.

Habohlokoa haholoanyane, tlhophiso e rarahaneng e bonahalang tlhahong e supa hore ’Mōpi o teng, Molimo eo e leng eena ea thehileng tsamaiso eohle ea lefatše. Litsebi tse ngata tsa saense le tsona lia lumela hore ho tlameha ho e-na le motho ea itseng ea bohlale ka ho fetisisa ea ikarabellang pōpong ea lintho tse lefatšeng. E, batho ba nahanang ka ho teba ba ke ke ba khona ho latola hore Molimo o teng. Bibele e hlalosa ’Mōpi, Jehova Molimo e le ea matla ’ohle le ea lerato. O thahasella thabo ea rōna haholo.

Bibele e boetse e hlalosa hore ka lebaka la sebe sa ka boomo sa batho ba pele, motho o futsitse ho se phethahale, ho kula le lefu. Na see se bolela hore re tsuong ea ka ho sa feleng? Che! Morero oa Molimo ke ho etsa lefatše paradeise, moo batho ba tla phela ka boiketlo le libōpuoa tse ling, tse khōlō le tse nyenyane. Bibele e bolela esale pele ka nako eo ho sa tl’o hlola ho e-ba le kotsi e bakoang ke phoofolo, ebang ke sebata se seholo, kapa kokoanyana e nyenyane.—Esaia 11:6-9.

Ke ’nete hore batho ba tla ba le karolo eo ba e phethang ho etsa hore maemo ao a lule a le teng—bathong le tikolohong. Molimo o ile a laela batho hore ba ‘hlokomele’ lefatše. (Genese 2:15) Paradeiseng ea ka moso, batho ba tla phetha seo ka ho feletseng ka ho mamela litaelo tsa ’Mōpi ka boeena. Ka hona, re ka lebella letsatsi leo ‘ho seng moahi ea tla re: “Kea kula.”’—Esaia 33:24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela