Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 11/8 maq. 15-17
  • Botenya—Tharollo ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botenya—Tharollo ke Efe?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikoetliso ke ba Bohlokoa Hakae?
  • Na Tšebetso ea ho Buuoa ke Tharollo e Molemo?
  • Nka Theola Boima ba ’Mele Joang?
    Tsoha!—1994
  • Ha ho Nona ho se Molemo
    Tsoha!—1997
  • Botenya—Bo Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2004
  • Ho Khetha Lijo Tse Matlafatsang
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 11/8 maq. 15-17

Botenya—Tharollo ke Efe?

TSOHA! e ile ea buisana le Diane, setsebi sa lijo tse nang le phepo, hammoho le Ellen, mooki ea nang le mangolo, bao ka bobeli ba sebetsaneng ka ho khetheha le bakuli ba nonang ho feta boima ba ’mele, le ba batenya. Ba ile ba lumellana hore ho ja ka tsela e itseng e le ho fokotsa lik’habohaedreite le ho ja liprotheine haholo (linama) ho ka etsa hore ’mele o theohe. Leha ho le joalo, ba re ka mor’a nako e telele, ho ka ba le mathata a hlahisoang ke seo.a Sena se tiisoa ke chate e bitsoang Ho Boloka Boima bo Loketseng ba ’Mele. E re: “Ho fokotsa k’habohaedreite haholo lijong, haholo-holo ha ho etsoa ntle le tataiso ea ngaka, ho ka ba kotsi.” E tsoela pele: “[Mokhoa ona oa ho ja] o etselitsoe hore o theole ’mele kapele ka ho etsa hore ’mele o hlahise metsoako ea liasiti tse ngata tse bitsoang ketone bodies (tse hlahang ha ’mele o chesa mafura).” Haeba u batla ho leka ho fokotsa k’habohaedreite lijong tsa hao, etsa bonnete ba hore u ikopanya le ngaka pele.

U se ke ua khathala matla haeba pakane ea hao ke ho theola ’mele. Dr. Walter C. Willett o re: “Hoa khoneha hore motho a theole ’mele, ebile ha ho bolele hore motho a itime lijo, kapa a lule a itena ka lijo tsa mofuta o le mong feela. Ka boiteko bo etsoang ka hloko le bokhoni ba ho etsa lintho, batho ba bangata ba ka atleha ho laola ’mele ea bona ka nako e telele empa ba ntse ba thabela lijo ka tsela e itekanetseng le ho lula ba ikoetlisa. Ha ho potang hore ho hloka boiteko hore motho a phele hantle ’me e le ka nako e telele.”b—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Boikoetliso ke ba Bohlokoa Hakae?

Dr. Willett o re: “Ntle le ho se tsube, boikoetliso ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang hore u lule u phela hantle le ho thibela mafu a sa phekoleheng.” Motho o lokela ho ikoetlisa hangata hakae? Ho na le melemo efe?

Litsebi tse ling li eletsa hore ho ka ba molemo haholo ho ikoetlisa letsatsi le leng le le leng, leha e ka ba feela ka metsotso e 30. Empa ho etsoa tlhahiso ea hore ho ikoetlisa hararo ka beke le hona ho ka thusa ho qoba mathata a tebileng ka moso. Ho ikoetlisa ho chesa lik’hilojule, ’me potso ea bohlokoa ho motho ea lekang ho theola ’mele e lokela ho ba ea hore, Na letsatsi le leng le le leng ke chesa lik’hilojule tse ngata ho feta tseo ke li jang? Haeba karabo ke che, joale ha ho potang hore u tla nona. Ka hona, tsamaea kapa u palame baesekele ho e-na le ho palama koloi. Tsamaea ka litepisi ho e-na le ho palama lefti. Ikoetlise! Chesa lik’hilojule!

Dr. Willett oa hlalosa: “Ho batho ba bangata, ho tsamaea ke mokhoa o motle haholo oa ho ikoetlisa ho feta mekhoa e meng kaha ha ho hloke thepa e khethehileng, ho ka etsoa neng kapa neng, kae kapa kae, ’me ka tloaelo ha ho kotsi.” Keletso ena ea hae ho hlakile hore ke ea ho tsamaea ka potlako ka morero oa ho ikoetlisa, eseng ho itsamaela ka boiketlo. O khothalletsa hore motho a nke metsotso e 30 letsatsi le leng le le leng a ikoetlisa ha ho khoneha.

Na Tšebetso ea ho Buuoa ke Tharollo e Molemo?

Ka boiteko ba ho fokotsa ’mele le ho thibela ho nona hape nakong e tlang, bakuli ba bang ba batenya ho feta tekano ba latetse keletso ea litsebi tse sebetsanang le botenya, tse khothalletsang batho mefuta e sa tšoaneng ea ho buuoa. Ke bo-mang ba loketseng tharollo ee ea ho buuoa? Bangoli ba buka ea Mayo Clinic on Healthy Weight, ba fana ka tlhahiso e latelang: “Ngaka ea hao e ka ’na ea nahana hore u buuoe haeba boima ba hao ba ’mele bo feta 40 ha bo bapisoa le bolelele ba ’mele oa hao, e leng pontšo ea hore u motenya ho feta tekano.” (Bona chate leqepheng la 13.) Mayo Clinic Health Letter e fana ka tlhahiso: “Ka tloaelo tšebetso ea ho buuoa ka morero oa ho fokotsa botenya e khothalletsoa feela bathong ba pakeng tsa lilemo tse 18 le tse 65, bao boima ba bona ba ’mele bo fetang 40 ha bo bapisoa le bolelele ba bona, batho bao botenya ba bona bo behang bophelo ba bona kotsing e khōlō.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

E meng ea mekhoa e sebelisoang ea ho buuoa ke efe? E meng ke ea ho etsa tsela ea lijo e potang mala a masesaane ka thōko, ho arola mpa ka lehare, ho koala karolo e itseng ea mpa le ho etsa tselana e potang mpa ka thōko. Mokhoa ona oa ho qetela o akarelletsa ho koala karolo e ka holimo ea mpa, ho sale feela karoloana e ka tšelang lijo tse ka bang boima ba ligrama tse 14 feela. Joale mala a masesaane aa pongoa ebe a khomeletsoa karoloaneng ena. Ka hona, boholo ba mpa bo koetsoe hammoho le karolo e qalang ea mala a masesaane.

Joale ho thoe’ng ka batho ba atlehileng ho theola ’mele haholo? Na ho ba tsoetse molemo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mathata ana a akarelletsa ho ba le tšepe e ngata ho tlōla maling, mathata a liphio le ho siba.

b Bakreste ba inehetseng ba batlang ho sebelisa bophelo ba bona ka tsela e amohelehang tšebeletsong e halalelang ea Molimo ba na le lebaka le eketsehileng la ho batla ho theola ’mele le ho lula ba phela hantle. Ho e-na le ho shoa pele ho nako, ba ka sebeletsa Molimo hamolemonyana ka lilemo tse eketsehileng.—Baroma 12:1.

[Lebokose le leqepheng la 15]

Phiramide e Khothalletsoang ea ho ja ka Tsela e Nepahetseng

Litsoekere Lintho tse nang le tsoekere e

senyekhenyekhe kapa e hlapolotsoeng (li je

seoelo; li se ke tsa feta lik’hilojule tse

315 ka letsatsi)

Mafura Oli ea mohloaare, linate, oli ea canola,

li-avocado (ja likarolo tse 3-5 ka letsatsi;

karolo e le ’ngoe ke khabana e le ’ngoe ea oli

kapa likhaba tse peli tsa linate)

Liprotheine le Lihlahisoa Tsa Lebese Linaoa, tlhapi,

nama e se nang mafura, mahe, lijo tse entsoeng ka

lebese le tlhotliloeng mafura, chisi (ja likarolo tse

3-7 ka letsatsi; karolo e le ’ngoe ke ligrama tse 85

tsa nama e phehiloeng kapa tlhapi)

Lik’habohaedreite Haholo-holo lijo-thollo—pasta, bohobe,

raese, lijo tse nang le litlheferetsi (ja likarolo tse 4-8 ka letsatsi; karolo e le ’ngoe ke selae sa bohobe)

Litholoana le Meroho Mofuteng o mong le o mong (ja kamoo u ratang kateng ka letsatsi, bonyane tse tharo ha ho se ho thoe u hlōtsoe)

Tsoha! ha e buelle mokhoa leha e le ofe oa ho ja le oa ho theola boima ba ’mele. E fana feela ka boitsebiso ho babali ba eona hore na mefuta e teng eo ba ka khethang ho eona ke efe. Motho ka mong o lokela ho bona ngaka ea hae pele a ka sebelisa mokhoa leha e le ofe oa ho ikoetlisa kapa oa ho ja.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

ka ba Mayo Clinic

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Ba bang ba lekile litlhahiso tse latelang ho theola ’mele:

1. Hlokomela hore na seo u se jang le seo u se noang se na le lik’hilojule tse kae. Tlhokomeliso: Lino-mapholi e ka ba mohloli o moholo oa lik’hilojule, haholo-holo lijuse tse natefisitsoeng ka tsoekere. Lino tse tahang le tsona li na le lik’hilojule tse ngata. Hape hlokomela lino-mapholi tse bapatsoang haholo. Sheba hore na li ngotsoe hore li na le lik’hilojule tse kae. U ka ’na ua haroha letsoalo.

2. Qoba lijo tse khalisang. Haeba masimba, lichokolete, kapa likuku li le teng, ho hlakile hore u tla li ja! Ho e-na le hore u batle tsona, batla lijo tse nang le lik’hilojule tse fokolang tse kang liapole, lihoete le libisikiti tse nang le litlheferetsi.

3. Ja nthonyana e bobebe kapa senonyana pele u e-ja. Li tla fokotsa takatso ea lijo ’me li ka ’na tsa etsa hore u se je haholo.

4. U se ke ua ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e behoang ka pel’a hao. Khetha. Qoba tseo u tsebang hore li na le lik’hilojule tse ngata.

5. Ja butle. U potlaketse kae? Thabela lijo tsa hao ka ho hlokomela seo u se jang—’mala, tatso, ho tsoakana ha lijo. Mamela ’mele ha o re “ho lekane. Ke khotse.”

6. Khaotsa ho ja pele u utloa hore u khotse.

7. Lireschorente linaheng tse ling li tumme ka ho fepa batho lijo tse ngata haholo. Siea halofo ea lijo tseo u li ngoathetsoeng kapa u li arolelane le motho e mong.

8. Hase tlamo ho qetella lijo ka limenyemenye. Ho molemo ho qetella ka tholoana kapa ho hong ho nang le lik’hilojule tse tlaase.

9. Bahlahisi ba lijo ba batla hore u je tse eketsehileng. Bona ba amehile ka phaello haholo. Ba tla leka ho nka monyetla ka bofokoli ba hao. U se ke ua thetsoa ke papatso ea bona e bohlale le litšoantšo tsa bona tse ntle. U ka hana!

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Lethathamo lena le nkiloe bukeng ea Eat, Drink, and Be Healthy, ea Dr. Walter C. Willett

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Ikoetlise!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela