Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 35 leq. 206-leq. 208 ser. 3
  • Ho Pheta-pheta Bakeng sa Khatiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Pheta-pheta Bakeng sa Khatiso
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintlha Tse Khōlō li Totobalitsoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Sephetho se Sebetsang
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Etsa Kemiso ea Puo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 35 leq. 206-leq. 208 ser. 3

Thuto 35

Ho Pheta-pheta Bakeng sa Khatiso

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Pheta ka makhetlo a ’maloa lintlha tseo u batlang hore bamameli ba hao ba li hopole ka ho khetheha.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Ho phaella tabeng ea ho thusa motho ho hopola lintho, ho pheta-pheta ho ka sebelisoa ka katleho ho totobatsa lintlha tsa sehlooho le ho thusa bamameli ba hao ho li utloisisa ka ho hlaka.

HO RUTA ka katleho ho akarelletsa ho pheta-pheta lintlha. Ha ntlha ea bohlokoa e phetoa ka makhetlo a ’maloa, bamameli ba tla e hopola. Haeba khopolo eo e buuoa ka tsela e fapaneng hanyenyane, ba ka ba ba e utloisisa ka mokhoa o hlakileng haholoanyane.

Haeba bamameli ba hao ba sa hopole seo u se buang, mantsoe a hao a ke ke a susumetsa seo ba se lumelang kapa tsela eo ba phelang ka eona. Mohlomong ba tla tsoela pele ho nahana ka lintlha tseo u li hatisang ka ho khethehileng.

Jehova, Morupeli oa rōna e Moholo, o re behela mohlala ka ho pheta-pheta lintlha. O ile a neha sechaba sa Iseraele Litaelo Tse Leshome. A sebelisa ’muelli oa lengeloi, o ile a etsa hore sechaba seo se utloe litaelo tseo Thabeng ea Sinai. Hamorao o ile a li neha Moshe li ngotsoe. (Ex. 20:1-17; 31:18; Deut. 5:22) Ka taelo ea Jehova, Moshe o ile a bolella sechaba litaelo tseo hape pele se kena Naheng e Tšepisitsoeng ’me ka thuso ea moea o halalelang, Moshe o ile a tlaleha seo, joalokaha se fumanoa ho Deuteronoma 5:6-21. Har’a litaelo tse ileng tsa fuoa Baiseraele ho ne ho e-na le tlhokahalo ea hore ba rate Jehova le ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa bona, moea le mafolofolo ’ohle a bona. Taelo ena le eona e ile ea phetoa hangata. (Deut. 6:5; 10:12; 11:13; 30:6) Hobane’ng? Hobane, joalokaha Jesu a boletse, e ne e le “eona taelo e khōlō le ea pele.” (Mat. 22:34-38) Ka moprofeta Jeremia, Jehova o ile a hopotsa batho ba Juda ka makhetlo a fetang 20 ka bohlokoa ba ho mo mamela linthong tsohle tseo a ba laetseng tsona. (Jer. 7:23; 11:4; 12:17; 19:15) A sebelisa Ezekiele, Molimo o ile a bolela ka makhetlo a fetang 60 hore lichaba li “tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”—Ezek. 6:10; 38:23.

Tlalehong ea tšebeletso ea Jesu, re boetse re bona tšebeliso e atlehang ea ho pheta-pheta. Ka mohlala, ho na le Likosepele tse ’nè—ka ’ngoe ea tsona e bua ka liketsahalo tsa bohlokoa tse tlalehiloeng Kosepeleng e ’ngoe kapa ho tse eketsehileng empa e hlalosa liketsahalo tsena ka tsela e batlang e sa tšoane. Thutong ea hae, ka makhetlo a mangata Jesu o ile a bua ka ntlha e tšoanang ea motheo ea thuto empa a e bua ka litsela tse sa tšoaneng. (Mar. 9:34-37; 10:35-45; Joh. 13:2-17) ’Me ha a ntse a le Thabeng ea Mehloaare matsatsi a seng makae pele ho lefu la hae, Jesu o ile a sebelisa ho pheta-pheta bakeng sa ho hatisa keletso ena ea bohlokoa: “Le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—Mat. 24:42; 25:13.

Tšebeletsong ea Tšimo. Ha u pakela batho, u tšepa hore ba tla hopola seo u se buang. Ho sebelisa ho pheta-pheta ka katleho ho ka u thusa ho finyella pakane eo.

Hangata, ho pheta-pheta nakong eo taba e ntseng e tšohloa ka eona ho tla thusa ho etsa hore e hatisehe kelellong ea motho. Kahoo, ka mor’a ho bala lengolo, u ka ’na ua le hatisa ka ho bontša karolo ea bohlokoa ea lona ebe ua botsa, “Na u hlokometse kamoo temana ee e behiloeng kateng?”

Lipolelo tsa ho qetela moqoqong le tsona li ka sebelisoa ka katleho. Ka mohlala, u ka ’na ua re: “Ntlha ea sehlooho eo ke tšepang hore u tla e hopola puisanong ea rōna ke ho re . . . ” Ebe u e pheta ka mantsoe a bonolo. U ka ’na ua bua ho hong ho kang hona: “Morero oa Molimo ke hore lefatše le fetoloe paradeise. Ka sebele morero oo o tla phethahatsoa.” Kapa u ka ’na ua re: “Bibele e bontša ka ho hlaka hore re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Hore re pholohe ha e felisoa, re lokela ho ithuta seo Molimo a se hlokang ho rōna.” Kapa u ka re: “Joalokaha re bone, Bibele e fana ka keletso e sebetsang mabapi le kamoo re ka thulanang ka katleho kateng le mathata a bophelo ba lelapa.” Maemong a mang u ka ’na ua pheta mantsoe a qotsitsoeng Bibeleng e le eona ntlha eo u batlang hore e hopoloe. Ho hlakile hore ho etsa sena ka katleho ho hloka ho nahana esale pele.

Maetong a ho boela, ho akarelletsa le lithutong tsa Bibele, ho sebelisa ha hao ho pheta-pheta ho ka ’na ha akarelletsa lipotso tsa tlhahlobo.

Ha motho a thatafalloa ke ho utloisisa keletso ea Bibele kapa ho e sebelisa, ho ka ’na ha hlokahala hore u phete taba eo ka makhetlo a ’maloa. Leka ho e hlalosa ka mekhoa e sa tšoaneng. Ha ho hlokahale hore lipuisano tseo li be telele empa li lokela ho khothatsa seithuti hore se lule se nahana ka taba eo. Hopola, Jesu o ile a sebelisa mofuta ona oa ho pheta-pheta ha a thusa barutuoa ba hae ho hlōla takatso ea ho iketelletsa pele.—Mat. 18:1-6; 20:20-28; Luka 22:24-27.

Ha U Fana ka Lipuo. Haeba u fana ka puo u le sethaleng, pakane ea hao hase ho nehelana ka boitsebiso feela. U batla hore bamameli ba bo utloisise, ba bo hopole ’me ba bo sebelise. Ho finyella seo, sebelisa ho pheta-pheta hamolemo.

Leha ho le joalo, haeba u pheta lintlha tse khōlō ka makhetlo a mangata haholo, bamameli ba hao ba ka ’na ba tlosa tlhokomelo ea bona ho uena. Khetha ka hloko lintlha tse lokelang ho hatisoa ka ho khethehileng. Hangata tsena ke lintlha tse khōlō tseo e leng tsona motheo oa puo ea hao, empa hape li ka ’na tsa akarelletsa mehopolo e meng e tla tsoela bamameli ba hao molemo ka ho khethehileng.

E le hore u sebelise ho pheta-pheta, pele u ka ’na ua lokolisa lintlha tsa hao tse khōlō kenyelletsong. Etsa joalo ka ho sebelisa lipolelo tse khutšoanyane tse fanang ka kakaretso e batsi ea seo u tla se akarelletsa, ka lipotso, kapa ka mehlala e mekhutšoanyane e hlahisang mathata a lokelang ho rarolloa. U ka ’na ua bolela hore na ho na le lintlha tse kae tse khōlō ’me u li bolele ka ho latellana. Joale hōlisa e ’ngoe le e ’ngoe ea lintlha tseo ’meleng oa puo ea hao. U ka eketsa khatiso ’meleng oa puo ea hao ka ho pheta ntlha ka ’ngoe e khōlō pele u fetela ho e latelang. Kapa u ka ho etsa ka ho sebelisa mohlala o bontšang kamoo ntlha eo e khōlō e sebetsang kateng. Hape u ka hatisa lintlha tsa hao tse khōlō ka ho sebelisa sephetho se li pheta-phetang, se li totobatsang ka ho li bapisa le lintho tse ling tse fapaneng, se arabang lipotso tse botsitsoeng kapa se bontšang ka bokhutšoanyane tharollo ea mathata a hlahisitsoeng.

Ho phaella linthong tse boletsoeng ka holimo, sebui se nang le phihlelo se sheba ka hloko hore na bamameli ba sona ke batho ba mofuta ofe. Haeba ba bang ba bona ba sa utloisise ntlha e itseng, sebui se khona ho bona seo. Haeba ntlha e le ea bohlokoa, sea e pheta. Leha ho le joalo, ho pheta-pheta mantsoe a tšoanang ho ka ’na ha se ke ha finyella sepheo sa sebui. Ho ruta ha ho akarelletse seo feela. Sebui se lokela ho tenyetseha. Ho ka ’na ha hlokahala hore se kenyelletse lintho tse ling tse sa lokisetsoang esale pele puong ea sona. Ho ithuta ha hao ho sebetsana le litlhoko tsa bamameli ka tsela ena ho tla bontša ho atleha ha hao joaloka mosuoe ka tekanyo e khōlō.

NAKO EO U KA HO ETSANG KA EONA

Kapele-pele ka mor’a ho bolela ntlha ea bohlokoa kapa ka mor’a ho hōlisa ntlha e khōlō ka botlalo.

Qetellong ea moqoqo oa hao kapa puo ea hao.

Ha u hlokomela hore bamameli ba hao ba thatafalloa ke ho utloisisa ntlha e itseng e khōlō.

Ka lekhetlo le fetang le le leng, mohlomong matsatsi kapa libeke haeba e le maeto a ho boela kapa lithuto tsa Bibele.

BOITLHAKISO: (1) Ha u phetha moqoqo le motho eo u kopaneng le eena ka lekhetlo la pele tšebeletsong ea tšimo, pheta ntlha e le ’ngoe feela ea bohlokoa eo le e tšohlileng le eo u batlang hore motho eo a e hopole. (2) Ha u phetha leeto la ho boela, pheta ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse khōlō tsa puisano ea lōna tseo motho ea thahasellang a ka li hopolang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela