Ketsahalo e ’Ngoe ea Bohlokoahali Thutong ea Bibele
LABONE, la la 1 Mphalane, 1987, e ne e le ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoahali thutong ea Bibele e fanoang ke Mokhatlo oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova. Le ile la tšoaea ho neheloa ha Sekolo se secha Sa Ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Sehlopha sa pele sa baena ba masooa ba 24 se ne se ile sa itlaleha bakeng sa koetliso e khethehileng Holong e khōlō ea Likopano ea Pittsburgh e Coraopolis, Pennsylvania. Beng ba matlo ba lipelo li ntle ba Lipaki ba sebakeng seo ba ile ba bula matlo a bona ho fa liithuti tsena bolulo bakeng sa koetliso ea bona ea nako ea libeke tse robeli.
Liithuti li ile tsa ngolisoa hoseng, tsa fumana libuka tseo li tlang ho ithuta ka tsona ’moho le litaelo tse qalang. Ka 7:30 mantsiboeeng ao, Holo ea Likopano e ne e tletse Lipaki tse tletseng cheseho tse 1 518 tse neng li laba-labela ho kopanela ho buloeng ka molao ha sekolo sena se secha.
Albert Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a sebeletsa e le molula-setulo. Kamor’a pina le thapelo, o ile a bitsa Robert Dawson, molebeli oa motse oa Pittsburgh. Ka mofuthu Moena Dawson o ile a amohela liithuti tse 24 Pittsburgh ’me a babatsa beng ba matlo a 13 ba neng ba ithaopetse ho li fa bolulo. Moena Dawson o ile a hopotsa beng ba matlo hore e tla ba tlotla ho bona ho bontša lerato le jarang, le lumelang, le tšepang, le le mamellang tsohle. (1 Ba-Korinthe 13:7) O ile a hopotsa liithuti hore, joaloka baeti, li lokela ho bontša teboho, boikokobetso, le ho thusa. Ka tsela ena, phello e ne e ka ba setsoalle se tla tšoarella bophelo bohle.
Joale ho ile ha bitsoa liithuti, seithuti ka seng se fana ka lebitso la sona ’me se bolela moo se tsoang teng le hore na mosebetsi oa sona e ’nile ea e-ba ofe tšebeletsong ea Jehova. Tse ling li ne li e-tsoa Puerto Rico, Argentina, Canada, le Hong Kong, ’me tse ling e le tse tsoang karolong e ka bochabela ea United States. Kantle ho Senyesemane, tse ling tsa tsona li ne li bua Sepanishe, Sefora, Setaliana, kapa Sechaena.
Kamor’a moo molula-setulo o ile a bitsa James Hinderer joaloka e mong oa barupeli. A theile lintlha tsa hae ho Mattheu 7:24, 25, Moena Hinderer o ile a hatisa bohlokoa ba ho phetha seo motho a se qalileng ka ho etsa lintho, ka ho sebelisa seo motho a ithutileng sona. Ka hona, liithuti li ne li tla be li haha “ntlo” ea tsona letlapeng ho fapana le lehlabatheng le sa fokhohang.
Kamor’a moo Randall Davis, morupeli e mong, o ile a buisana le liithuti. A theile lintlha tsa hae ho Esaia 54:13, o ile a re li ne li tla rutoa ke Jehova kahoo li ne li tla khona ho fetisetsa thupelo ho ba bang. Li ne li tla hloka ho itšetleha ka matla ka “mothusi” oa ’nete, moea o halalelang oa Jehova Molimo.—Johanne 14:26, NW.
Kamor’a moo Albert Schroeder o ile a bolela kamoo mantsiboea ao a neng a mo hopotsa ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoahali thutong ea Bibele. O ile a hopola la 1 Tlhakola, 1943, ha liithuti tse lekholo, barupeli ba bane (ho akarelletsa le eena), le baeti ba tsoang Brooklyn ba ne ba phuthehile South Lansing, New York, bakeng sa ho buloa ha Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. Lilemo tse kaholimo ho 44 ho tloha ka nako eo, Jehova o ’nile a hlohonolofatsa Sekolo sa Gileade, joalokaha ho bonoa ka ho qhalanngoa ha baromuoa ba koetlisitsoeng ka Bibele ba kaholimo ho 6 000 lefatšeng lohle. Joale Moena Schroeder o ile a bolela lihlooho tse fapa-fapaneng tse tla rutoa Sekolong Sa Ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Har’a tsona ke Lithuto tsa Bibele, Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Puso ea Molimo (thuto e lebisang tlhokomelo e khōlō boikarabelong ba balebeli le bahlanka ba sebeletsang), Tsamaiso ea Molimo, le Ho Bua Phatlalatsa. O ile a boela a tlisa tlhokomelo libukeng tse fapa-fapaneng tsa ho ithuta, ho akarelletsa Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Ha a qetella, Moena Schroeder o ile a bolela phethahatso ea Esaia 45:23, a bolela hore ha e le hantle, bahanyetsi ba bolumeli ba ne ba khumametse Molimo hobane ba ile ba tlameha ho lumela hore Lipaki tsa Jehova li nepile mabaleng a meriana, molao, le tsela ea Bibele ea ho bala nako.
“Le Be Baetsisi ba Pauluse” e ne e le sehlooho se khethiloeng ke sebui se latelang, Karl Klein oa Sehlopha se Busang. O ile a bontša kamoo moapostola Pauluse ka makhetlo a ileng a kōpa ba bang hore ba mo etsise. O ne a ka etsa sena, hobane o ne a etsisa Kreste. (1 Ba-Korinthe 11:1) Liithuti li ile tsa eletsoa hore li etsise Pauluse ka tsebo ea hae le tšebeliso ea hae e hloahloa ea Mangolo, ka boboleli ba hae bo sebete le bo chesehang, ka ho hloka ha hae boikhabi, le ka boinyenyefatso ba hae le boikokobetso ba hae, le ka ho mamella ha hae a sa belaele.
Theodore Jaracz, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang, joale a fana ka puo ea ho buloa ha sekolo sena, “Sekolo Se Secha—Ka Morero Ofe?” O ile a qala ka ho bolela hore ba ithaopetseng sekolo sena ba ne ba lumetse ho sebeletsa kae kapa kae moo ho neng ho hlokahala tšimong ea lefatše ka bophara. Ka Lipaki tse fetang limillione tse tharo le kotara liphuthehong tse kaholimo ho 54 000, ho na le tlhokahalo e khōlō ea banna ba tšoanelehang hore ba lise le ho ruta, le ho etella pele mosebetsing o moholo oa ho bolela evangeli. Khale koana Jehova o ile a bolela esale pele hore o ne a tla fana ka ‘banna e le limpho.’ (Pesaleme ea 68:18, NW) O ile a etsa hona mehleng ea baapostola, joalokaha ho bontšitsoe ke moapostola Pauluse ho Ba-Efese 4:8-11. Kajeno, Jehova o boetse o fana ka ‘banna e le limpho’ ’me o koetlisa ba bang ba bona ka sekolo sena se secha.
Moena Jaracz o ile a tsoela pele ho bolela hore le hoja liithuti kaofela li e-na le matla a tlhaho, Kreste a ka a hōlisa. Empa hoo ho hloka boiteko ’me sebui se ile sa senola tšepo ea hore liithuti tse 24 li ne li tla etsa boiteko boo. O ile a hlokomelisa hore ho ke ke ha fapohuoa litekanyetso tse lokileng tsa Jehova ’me a re ba etellang pele ba ka thusa ka mohlala oa bona oa botho le tšusumetso ea bona. Likarolong tse ngata tsa lefatše, ho na le tlhokahalo e khōlō ea banna ba tšoanelehang ho amohela boikarabelo ba tlhophiso. Tlhokahalo ena e akarelletsa le liphutheho tse khōlō tseo e ka ’nang eaba li na le moholo a le mong feela kapa ba babeli le lenane le fokolang la bahlanka ba sebeletsang. Kahoo ho hlakile hore na ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore ho theoe Sekolo Sa Ho Koetlisetsoa Bosebeletsi—ho koetlisa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sa nyalang hore ba ka sebeletsa kae kapa kae tšimong ea lefatše. Ka baka la koetliso ea bona, ba tla be ba hlomelletsoe hamolemonyana hore ba hlokomele keketseho e le balisa.
Lipaki tsohle tsa Jehova li ka leboha Molimo ka ho etsa hore ho khonehe hore ho be le Sekolo Sa Ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Ha a qetella, Moena Jaracz o ile a bolela hore: “Ke kholisehile hore kaofela ha rōna re kopantsoe ka mohopolo le maikutlo ho Jehova joalokaha ho boletsoe Pesalemeng ea 79:13: ‘’Me rōna, sechaba sa hao, mohlape oo u leng moalosi oa oona, re tla u leboha ka ho sa eeng kae, re bolele lithoko tsa hao litloholong le litloholoaneng.’” Joale, ka pina le thapelo, ketsahalo ena e hopolehang haholo le e thabisang e ile ea fihla qetellong.