Likereke na li ka Pholosoa?
MORUTI e mong oa Leuganda ea bitsoang Stephen Tirwomwe o ile a re: “Batho ba Brithani ba ntse ba lumela hore Molimo o teng empa ha ba batle ho inehela ho Kreste.” Lilemong tse ka bang 20 tse fetileng, o ile a pholoha ha kereke ea hae e ne e felisoa ka mabifi Uganda. Kajeno, o ruta mekhatlong ea banna Leeds, Engelane, o fana ka puo ea hae ea metsotso e leshome pele bamameli ba hae ba qala ho bapala bingo.
Ka mose ho Atlantic, Mokhatlo oa Kereke ea Chache Amerika o thehiloeng morao-rao tjena o ntse o loana le mathata a tšoanang a amanang le lintho tsa moea. Mocha o amohelehang oa boitsebiso oa Internet oa mokhatlo ona o re: “Hona joale, lefatšeng lohle, United States ke eona naha e nang le palo e khōlō ka ho fetisisa ea batho ba buang Senyesemane ba sa keneng kereke le ba sa rateng lintho tsa moea. Re ntse re fetoha sebaka seo ho lokelang hore ho etsoe mosebetsi oa boromuoa ho sona.” Ka lebaka la hore boiteko ba mokhatlo ona o mocha ba ho fetola kereke bo ile ba hlōleha, o ile oa tlohela lineano eaba o ikopanya le baeta-pele ba linaha tsa Asia le Afrika bakeng sa ho qala “litšebeletso tsa boromuoa United States.”
Leha ho le joalo, ebe ke hobane’ng ha baromuoa ba Afrika, Asia le Latin-America ba ‘pholosa meea’ linaheng tseo ho boleloang hore ke tsa Bokreste tsa Europe le Amerika Leboea?
Ha e le Hantle ke Mang ea Pholosoang?
Ka lilemo tse fetang 400, baromuoa ba inehetseng ba tsoang Europe ba ile ba tsoela pele ho ea libakeng tse neng li ntse li eketseha tseo linaha tsa Europe li neng li li etsa likolone Afrika, Asia, Pacific le Amerika Boroa. Ba ile ba ikemisetsa ho isa bolumeli ba bona ho batho bao ho neng ho thoe ke bahetene linaheng tseo. Hamorao, likolone tsa Amerika, tseo ho neng ho boleloa hore li thehiloe ka melao-motheo ea Bokreste, li ile tsa kena khabong ’me tsa qetella li fetile baromuoa ba Europe ka ho theha limmishone tsa tsona tsa boevangeli lefatšeng lohle. Hona joale boemo bo fetohile.
Andrew Walls, mothehi le motsamaisi oa Setsi sa Thuto ea Bokreste Linaheng Tseo e Seng Tsa Bophirimela o re: “Sebaka seo [Bokreste-’mōtoana] bo
neng bo e-na le tšusumetso e matla ho sona pele se fetohile.” Ka 1900, karolo ea 80 lekholong ea ba neng ba ipolela hore ke Bakreste e ne e le batho ba Europe kapa ba Amerika Leboea. Leha ho le joalo, kajeno karolo ea 60 lekholong ea batho bohle ba ipolelang hore ke Bakreste e Afrika, Asia le Latin America. Tlaleho e ’ngoe ea morao-rao e hlahileng koranteng e re: “Likereke tsa K’hatholike tsa Europe li itšetlehile ka baprista ba tsoang Philippines le India,” ’me “hona joale moprista a le mong ho ba tšeletseng ba sebetsang lipharisheng tsa Mak’hatholike tsa Amerika o latoa naheng e ’ngoe.” Baevangeli ba Maafrika ba lulang naheng ea Netherlands, bao boholo ba bona ba tsoang Ghana, ba inka e le “kereke ea baromuoa k’honthinenteng eo bolumeli bo sa natsoeng ho eona.” ’Me hona joale baevangeli ba Brazil ba tsoile letšolo ho ea likarolong tse sa tšoaneng tsa Brithani. Mongoli e mong o re: “Baromuoa ba Bakreste ba se ba nkoa linaheng tseo pele ho neng ho romeloa baromuoa ho tsona.”
Ho Bonahala Qhoebeshano e Tla ba Khōlō
Ekare ho hlokahala baromuoa haholo k’honthinenteng ea Europe le ea Amerika Leboea tse ntseng li tsoela pele ho se natse bolumeli. Makasine e ’ngoe e re: “Bakreste ba ka tlaase ho karolo ea leshome lekholong ba ea kerekeng kamehla Scotland.” Fora le Jeremane teng palo ea ba kenang kereke e ka tlaase ho feta eo. Tlaleho e hlahileng koranteng e ’ngoe e bolela hore ha ho ne ho etsoa phuputso ho ile ha fumanoa hore “batho ba ka bang 40 ho ba lekholo Amerika le ba 20 ho ba lekholo Canada ba bolela hore ba ea kerekeng kamehla.” Ha ho bapisoa, ho boleloa hore ba bang teng kerekeng Philippines e ka batla e e-ba batho ba 70 ho ba lekholo, ’me hoa tšoana le linaheng tse ling tse tsoelang pele moruong.
Habohlokoa le ho feta, batho ba kenang kereke Karolong e ka Boroa ea Lefatše ba bonahala ba chesehela neano ho feta ba Karolong e ka Leboea ea Lefatše. Ka mohlala, ha ho etsoa phuputso har’a Mak’hatholike a United States le a Europe, khafetsa a bolela hore ha a tšepe baruti ba ka sehloohong ’me a buella hore batho feela ba kenang kereke ba be le seabo se eketsehileng le hore basali ba be le litokelo tse lekanang le tsa banna. Ka lehlakoreng le leng, Mak’hatholike a Karolong e ka Boroa ea Lefatše, a amohela neano ea kereke haholo litabeng tsena. Ha maikutlo a ho tšehetsa kereke a ntse a hōla Karolong e ka Boroa ea Lefatše, ho se ho ntse ho raloa motheo oa qhoebeshano ea ka moso. Ha setsebi sa histori le bolumeli se bitsoang Philip Jenkins, se bontša hore na lintho li tla ba joang, se re: “Ho bonahala eka lilemong tse leshome kapa tse mashome a mabeli tse tlang, litho tsa mekhatlo ea Bokreste tse Karolong e ka Leboea ea Lefatše le tse Karolong e ka Boroa ea Lefatše, li ke ke tsa hlola li talimana e le tsa Bokreste ka ho feletseng ebile li ke ke tsa talimana e le tsa [Bokreste ba] ’nete.”
Ka lebaka la liphetoho tsena, Walls o bolela hore khang e hlokang ho rarolloa ka potlako ke hore na ebe “Bakreste ba Afrika, Asia, Latin America, Amerika Leboea le Europe ba ka phela hammoho joang kerekeng e le ’ngoe, ka sebele ba hlile ba e-na le tumelo e le ’ngoe.” Maikutlo a hao ke afe? Na likereke li ka pholoha lefatšeng le arohaneng? Ke eng se hlileng se momahanyang Bakreste? Sehlooho se latelang se tla fana ka likarabo tsa Mangolo hammoho le bopaki bo hlakileng ba hore mokhatlo oa Bakreste ba momahaneng o se o ntse o hōla lefatšeng lohle.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Mohaho ona oo e neng e le oa kereke e se e le reschorente e nang le ’mino
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Nancy Palmieri