Ho Hang Jehova a ke ke a le Tlohela
BAKRESTE ba Judea ba ne ba hlorisoa ka sehlōhō, ba bile ba lokela ho loanela hore ba se ke ba rata lintho tse bonahalang joaloka baahisani ba bona. Moapostola Pauluse o ile a ba khothatsa ka ho qotsa mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Baiseraele pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Pauluse o ile a ngola a re: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Baheberu 13:5; Deuteronoma 31:6) Ha ho pelaelo hore tšepiso ena e ile ea matlafatsa Bakreste ba Baheberu ba ileng ba amohela lengolo la hae.
Tšepiso eo e lokela ho re matlafatsa ha re ntse re loana le matšoenyeho a bakoang ke ho phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Haeba re tšepa Jehova ’me re bontša seo ka liketso, o tla re matlafatsa le ha re le maemong a thata haholo. E le hore re bone kamoo Jehova a ka phethahatsang tšepiso ena kateng, a re boneng se etsahalang ha ka tšohanyetso motho a felloa ke mosebetsi.
Ho Tobana le Maemo a sa Lebelloang
Palo ea batho ba sa sebetseng e ntse e eketseha lefatšeng ka bophara. Ho ea ka makasine e ’ngoe ea Poland, ho hloka mosebetsi ho nkoa e le “pharela bophelong le moruong.” Linaha tse ruileng le tsona li na le bothata bona. Ka mohlala, esita le har’a litho tsa Mokhatlo oa Tšebelisano Moruong le Tsoelo-peleng, batho ba sa sebetseng ka 2004 “ba ne ba le ka holimo ho limilione tse 32, ’me ba ne ba eketsehile ho feta nakong ea Ho oa ho Hoholo ha Moruo ha Bo-1930.” Ofisi e Khōlō ea Lipalo-palo ea Poland e ile ea tlaleha hore batho ba limilione tse tharo ba ne ba sa sebetse ka December 2003, e leng “liphesente tse 18 tsa batho ba lilemong tsa ho sebetsa.” Mohloli o mong oa litaba o ile oa bolela hore ka 2002, Maafrika a neng a sa sebetse Afrika Boroa a ne a etsa liphesente tse 47,8!
Batho ba bangata, ho akarelletsa le bahlanka ba Jehova, ba lula ba tšohile hore ba ka ’na ba felloa ke mosebetsi le ho lelekoa mosebetsing ba sa lebella. Mang kapa mang o hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Re ka ’na ra iphumana re bua mantsoe ana a mopesaleme Davida: “Mahlomola a pelo ea ka a atile.” (Pesaleme ea 25:17) Na u ka atleha ho loantša maemo aa a sa thabiseng? A ka u ama maikutlong, moeeng le licheleteng. Haeba u sa sebetse, na ho na le seo u ka se etsang ho khutlisetsa maemo setloaeling?
Ho Loantša ho Imeloa Maikutlong
Setsebi sa kelello se bitsoang Janusz Wietrzyński se re: “Ho felloa ke mosebetsi ho ba boima haholo ho banna” hobane ka tloaelo ho nkoa hore ke bona ba hlokomelang malapa. Se ile sa boela sa re: “Monna a ka ferekana maikutlong” ka lebaka la ho se sebetse. A ka halefa kapa a inehela hore ha ho letho leo a ka le etsang. Ntate ea lelekiloeng mosebetsing a ka ’na a ikhalala eaba o qala “ho qabana le ba lelapa la hae.”
Ntate e mong oa Mokreste ea bitsoang Adam, ea nang le bana ba babeli, o hlalosa kamoo a ileng a ikutloa kateng ha a ne a feletsoe ke mosebetsi. O re: “Ke ne ke ferekana habonolo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e nkhalefisa. Esita le bosiu ke ne ke lora ka mosebetsi le ka ho ba le lintho tse hlokahalang bakeng sa bana ba ka le mosali oa ka, kaha le eena o ne a feletsoe ke mosebetsi a sa lebella.” Ha Ryszard le Mariola, banyalani ba bang ba nang le ngoana a le mong, ba ne ba felloa ke mosebetsi o neng o ba fa chelete, ba ne ba e-na le sekoloto se seholo se saletseng morao bankeng. Mosali o re: “Ke ne ke tšoenyeha kamehla, letsoalo la ka le ntse le mpolella hore re entse phoso ka ho alima chelete bankeng. Ke ne ke ipeha molato ka linako tsohle.” Ha re talimane le maemo a mofuta ona, ho bonolo hore re halefe, re tšoenyehe, kapa re hloname, ’me maikutlo ana a ka re imela. Ebe re ka etsa’ng ho laola maikutlo a seng matle ao re ka ’nang ra ba le ’ona?
Bibele e re fa keletso ea kamoo re ka lulang re e-na le tšepo. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso ena: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Ha re bua le Jehova ka thapelo, re tla ba le “khotso ea Molimo,” e leng khutso e tsamaisanang le tumelo ea rōna ho eena. Mosali oa Adam, e leng Irena, o re: “Lithapelong tsa rōna, re ile ra bolella Jehova boemo ba rōna le hore re ikemiselitse ho nolofatsa bophelo ba rōna haholo. Monna oa ka ea tšoenyehang kapele ha bothata bo hlaha, o ile a qala ho ba le maikutlo a hore pheko e tla hlaha.”
Haeba u felloa ke mosebetsi u sa lebella, u na le monyetla oa ho sebelisa keletso ena ea Jesu Kreste e hlahang Thutong ea Thabeng: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng. . . . Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:25, 33) Ryszard le Mariola ba ile ba sebelisa keletso ena ha ba ntse ba nahana hore na ba etse joang. Mariola o re: “Monna oa ka o ne a nkhothatsa kamehla ’me o ne a hatisa hore Jehova a ke ke a re tlohela.” Monna oa hae o phaella ka ho re: “Ka ho rapela hammoho re sa phetse, re atametse haholo ho Molimo ebile le rōna re atamelane haholo, ’me re fumane khothatso eo re e hlokang.”
Moea o halalelang oa Molimo le oona o tla re thusa hore re mamelle. Moea o halalelang o ka re thusa hore re be le boitšoaro bo etsang hore re khobe matšoafo. (Bagalata 5:22, 23) Ho ka ’na ha e-ba thata ho khoba matšoafo, empa bonneteng ha ho thata hakaalo hobane Jesu o ile a tšepisa hore “Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.”—Luka 11:13; 1 Johanne 5:14, 15.
U se ke Ua Hlokomoloha Litlhoko Tsa Hao Tsa Moea
Esita le Mokreste ea tiileng a ka ’na a qala a feletsoe ke matla ha a lelekoa mosebetsing a sa lebella, empa ha rea lokela ho hlokomoloha litlhoko tsa rōna tsa moea. Ka mohlala, nahana ka Moshe ea neng a e-na le lilemo tse 40, eo bophelo ba hae bo ileng ba fetoha ha a felloa ke tjako lelapeng la borena, ’me a tlameha ho ba molisana, e leng mosebetsi o neng o khesoa ke Baegepeta. (Genese 46:34) Moshe o ile a tlameha ho tloaela maemo ana a macha. Ka lilemo tse latelang tse 40, o ile a fa Jehova sebaka sa hore a mo tataise le hore a mo lokisetse mosebetsi o mocha oo a neng a tla o etsa. (Exoda 2:11-22; Liketso 7:29, 30; Baheberu 11:24-26) Ho sa natsoe mathata a hae, Moshe o ne a amehile ka lintho tsa moea, a ikemiselitse ho rutoa ke Jehova. E se eka re ke ke ra kheloha melao-motheo ea rōna ea boitšoaro le litumelo tsa rōna ha re hlaheloa ke maemo a bohloko!
Le hoja ho felloa ke mosebetsi ka tšohanyetso e ka ba ntho e ferekanyang, ke nako e ntle ea hore re matlafatse kamano ea rōna le Jehova Molimo le batho ba hae. Adam, eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a nahana joalo. O re: “Ha ’na le mosali oa ka re felloa ke mesebetsi, ha ho mohla re kileng ra nahana ka hore re se ke ra ea libokeng tsa Bokreste kapa hore re khoehlise mosebetsing oa rōna oa boevangeli. Ho nahana ka tsela ena ho ile ha re thusa hore re se ke ra imeloa ke ho tšoenyeha ka bokamoso.” Ryszard o bua se tšoanang, o re: “Ha e ne e se ka liboka le tšebeletso, matšoenyeho a ka be a ile a re imela. Ho qoqa le batho ba bang ka lintho tsa moea hoa hlasimolla, hobane re nahana ka litlhoko tsa bona eseng tsa rōna.”—Bafilipi 2:4.
Ho e-na le ho tšoenyeha ka mosebetsi, lekang ho sebelisa nako ena e eketsehileng linthong tsa moea, thutong ea botho, mesebetsing ea phutheho, kapa ho etseng ho eketsehileng tšebeletsong. Kahoo, le se ke la lula feela le phuthile matsoho, empa le be le “ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena”—’me seo se tla le thabisa se be se thabise le batho ba tšepahalang ba nkang khato ka molaetsa oa ’Muso oo le o bolelang.—1 Bakorinthe 15:58.
Ho Lokisetsa Lintho Tse Hlokoang ke Lelapa la Hao
Leha ho le joalo, lijo tsa moea ha li thibe lephako. Re lokela ho hopola molao-motheo ona o reng: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Adam o re: “Le hoja barab’abo rōna ka phuthehong ba potlakela ho re thusa ka seo re se hlokang, re tlameha ho ikitlaelletsa ho fumana mosebetsi, hobane re Bakreste.” Re ka tšepa thuso e tsoang ho Jehova le ho batho ba hae, empa re hopole hore ho hlokahala hore re etse boikhathatso ba ho fumana mosebetsi.
U ka etsa boikhathatso ba eng? Adam o re: “U se ke ua phutha matsoho eaba u lebella hore Molimo a u etsetse mohlolo. Ha u batla mosebetsi, u se ke ua tšaba ho bolela hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Hangata bahiri ba nka seo e le sa bohlokoa.” Ryszard o fana ka keletso ena: “Kōpa leha e le mang feela ea ka u utloellang mosebetsi, u khathalletse mekhatlong e thusang batho ho batla mosebetsi, u bale liphatlalatso tse kang tse reng: ‘Ho batloa mosali ea ka hlokomelang sekooa,’ kapa tse reng, ‘Mosebetsi oa nakoana: ho batloa batho ba kotulang litholoana.’ U se ke ua khathala! U se ke ua khetha mosebetsi le haeba u tlameha ho etsa mosebetsi oo batho ba o khesang kapa o sa u khotsofatseng.”
Ha ho pelaelo hore “Jehova ke mothusi oa [hao].” A ‘ke ke a u tlohela kapa a u furalla.’ (Baheberu 13:5, 6) Ha ua lokela ho tšoenyeha ho tlōla. Mopesaleme Davida o ile a ngola a re: “Rōlela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.” (Pesaleme ea 37:5) ‘Ho rōlela tsela ea rōna ho Jehova’ ho bolela hore re tšepile eena le hore re etsa lintho ka tsela ea hae, esita leha ho le thata.
Adam le Irena ba ile ba phela ka ho hlatsoa lifensetere le litepisi le ka ho reka ka bohlale. Ba ne ba boetse ba khathalletsa mokhatlong o thusang batho ho batla mosebetsi. Irena o re: “Thuso e ne e tla ka nako eo re hlileng re e hlokang.” Monna oa hae o phaella ka ho re: “Maemo a ile a re hlokomelisa hore lithapelo tsa rōna li ne li sa lumellane ka ho feletseng le thato ea Molimo. Sena se re rutile hore re tšepe bohlale ba hae le hore re se ke ra ea ka kutloisiso ea rōna. Ho molemo hore re letele pheko ea Jehova re khutsitse.”—Jakobo 1:4.
Ryszard le Mariola ba ile ba sebetsa likoropo ba bile ba ntse ba etsa mosebetsi oa ho paka libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e khōlō ho tsona. Ryszard o re: “Re ne re fumana mesebetsi nakong eo re neng re hlile re e hloka, ha re ne re feletsoe ke lijo. Re ne re hana mesebetsi e lefang hantle e neng e ka kena-kenana le boikarabelo ba rōna ka pel’a Molimo. Re ne re khetha ho letela Jehova.” Ba lumela hore Jehova o ile a tsamaisa litaba e le hore ba hire folete ka chelete e tlaase haholo le hore qetellong Ryszard a fumane mosebetsi.
Ho felloa ke mosebetsi e ka ba ntho e bohloko haholo, empa ke hobane’ng ha u sa nke hore ke monyetla oa ho bona hore Jehova a ke ke a u lahla? Jehova o u hlokometse. (1 Petrose 5:6, 7) O tšepisitse se latelang ka moprofeta Esaia: “U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa.” (Esaia 41:10) Le ka mohla u se ke ua khathala matla ka lebaka la ketsahalo e sa lebelloang, le haeba e le ea ho felloa ke mosebetsi. Etsa sohle se matleng a hao, ebe tse ling u li siela Jehova. Emela Jehova, ‘u bile u khutsitse.’ (Lillo Tsa Jeremia 3:26) U tla fumana khapukhapu ea mahlohonolo.—Jeremia 17:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Le sebelise nako eo linthong tsa moea
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ithute ho baballa chelete le lintho tse ling, ’me u se ke ua khetha ho tlōla ha u batla mosebetsi