Pale ea Bophelo
Ho Ithuta Lebaka Leo ka Lona Molimo a Lumellang Mahlomola ho Ile ha Fetola Bophelo ba Ka
JOALOKAHA HO BOLETSE HARRY PELOYAN
Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola? Potso ena e ile ea nkhathatsa ho tloha ha ke sa le moshanyana. Batsoali ba ka e ne e le batho ba sebetsang ka thata, ba tšepahalang le ba neng ba rata lelapa la bona. Empa Ntate o ne a sa rate bolumeli, empa ’Mè eena o ne a bo rata hanyenyane. Kahoo ba ne ba sitoa ho araba potso ena.
KE ILE ka ipotsa potso ena haholo ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa le ka mor’a eona, ha ke ntse ke le lebothong la likepe tsa ntoa la United States ka lilemo tse fetang tse tharo. Ha ntoa e lala, ke ile ka abeloa ho sebetsa sekepeng se neng se rometsoe ho isa liphallelo Chaena. Ke ile ka ba moo ka nako e ka etsang selemo ’me ka bona batho ba bangata ba le mahlomoleng a tšabehang.
Machaena ke batho ba khothetseng le ba bohlale. Empa a mangata a ’ona a ne a le mahlomoleng a tšabehang ka lebaka la bofutsana le ka lebaka la liketso tse mabifi tse neng li bakiloe ke Ntoa ea II ea Lefatše. Bana ba banyenyane ba ratehang ke bona ba neng ba nkotla pelo le ho feta, ba bangata ba bona ba ne ba sa fepeha hantle ba bile ba apere marantha, ’me ba ne ba re kōpa lintho ha re fihla lebōpong.
Ke Hobane’ng ha Batho ba le Mahlomoleng?
Ke hlahile ka 1925 ’me ke hōletse California, U.S.A. Ke ne ke e-s’o ka ke bona maemo a kang ao pele. Kahoo, ke ne ke ipotsa khafetsa, ‘Haeba ’Mōpi ea matla ’ohle o teng, ke hobane’ng ha a lumella hore maemo a joalo a hlokofatse batho ba bangata hakaale, haholo-holo bana ba se nang molato?’
Ke ile ka boela ka ipotsa hore na haeba Molimo a hlile a le teng, ke hobane’ng ha a lumella hore tšenyo, polao ea batho ba bangata, lefu le mahlomola li hlokofatse batho ka lilemo tse makholo—haholo-holo Ntoeng ea II ea Lefatše moo ho ileng ha shoa batho ba fetang limilione tse 50? Ho feta moo, ntoeng eo eohle, ke hobane’ng ha baruti ba ile ba hlohlelletsa batho ba bolumeli bo le bong hore ba bolaeane kahobane e se ba sechaba se le seng?
Sebonela-hōle
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ka 1939, ’me batho ba bangata ba bolaoa lefatšeng lohle, ke ile ka nahana hore Molimo ha a eo. Joale, ha re le thupelong ea saense sekolong se phahameng, liithuti kaofela li ile tsa laeloa hore li etse mosebetsi o itseng oa saense. Kaha ke ne ke rata saense ea linaleli, ke ile ka ipha mosebetsi oa ho etsa sebonela-hōle se seholo se nang le seipone se bophara ba lisenthimithara tse 20.
Bakeng sa ho etsa sebonela-hōle sena, ke ile ka reka khalase e botenya ba lisenthimithara tse 2,5 e le bophara ba lisenthimithara tse 20 eaba ke kōpa motho ea sehang likhalase hore a e etse hore e be chitja. Eaba joale ke qalisa mosebetsi o thata oa ho e betla ka letsoho hore e be seipone se sekotjana. Mosebetsi ona o ile oa ja halofo ea nako eohle ea ka e ka thōko ea sekolo. Ha ke qeta ho etsa seipone sena, ke ile ka se hloma phaepheng e telele ea tšepe eaba ke kenya lilense tsa boholo bo sa tšoaneng hore ke bone.
Ka bosiu bo bong ha ho hlakile, khoeli e le sieo, ke ile ka nka sebonela-hōle sa ka seo ke se qetileng eaba ke ea le sona ka ntle ka lekhetlo la pele ’me ke ile ka bona linaleli le lipolanete tse leng setsing sa rōna sa potoloho ea lipolanete. Ke ile ka hlolloa ha ke bona kamoo linaleli, lipolanete le likhoeli li leng ngata kateng le kamoo li hlophisehileng hantle kateng. Joale, ha ke hlokomela hore ha e le hantle “linaleli” tse ling e ne e le lihlopha tsa linaleli tse joaloka sehlopha sa rōna sa linaleli sa Milky Way le hore se seng le se seng se na le linaleli tse limilione tse likete, ke ile ka hlolloa le ho feta.
Ke ile ka nahana ka re: ‘Ka sebele ho ke ke ha etsahala hore ebe lintho tsena li itlhahetse feela tjee. Ntho e hlophisehileng ha e iketsahalle feela tjee ka tsietsi. Bokahohle bo hlophisehile hantle haholo hoo bo bonahalang eka bo entsoe ke motho ea bohlale haholo. Na ho ka etsahala hore ebe Molimo o teng?’ Seo ke ileng ka se bona ka sebonela-hōle seo, se ile sa etsa hore ka tsela e itseng ke lahle maikutlo a matla ao ke neng ke e-na le ’ona pele a hore Molimo ha a eo.
Joale ke ile ka ipotsa: ‘Haeba ka sebele ho na le Molimo ea matla le ea bohlale hoo a ka etsang bokahohle bona bo hlollang, na ebe a ka hlōleha ho lokisa maemo a lefatše a utloisang bohloko? Ke hobane’ng ha a lumeletse mahlomola aa kaofela?’ Ha ke botsa batho ba ratang bolumeli lipotso tsena, ba ile ba sitoa ho nkaraba ka mokhoa o khotsofatsang.
Ka mor’a ho qeta lithuto tsa ka sekolong se phahameng le lilemo tse seng kae ke le k’holejeng, ke ile ka sebetsa Lebothong la Likepe Tsa Ntoa la United States. Leha ho le joalo, baruti ba sesole le bona ba ne ba sa khone ho araba lipotso tsa ka. Khafetsa, batho ba ratang bolumeli ba ne ba re, “Mesebetsi ea Morena ea makatsa.”
Ke Ile ka Tsoela Pele ho Batla Karabo
Ka mor’a hore ke tlohe Chaena, lipotso tseo ke neng ke e-na le tsona mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola ha lia ka tsa fela. Ke ne ke sa khaotse ho nahana ka tsona, haholo-holo ha ke ne ke bona mabitla a masole lihlekehlekeng tse sa tšoaneng tseo re neng re emisa ho tsona ha re haola le Pacific re lebile hae. Hoo e ka bang mabitla ao kaofela e ne e le a bahlankana bao bophelo ba bona bo neng bo khaolelitsoe ke lefu.
Ha ke fihla United States ’me ke lokolloa sesoleng, ke ne ke saletsoe ke selemo se le seng hore ke qete lithuto tsa ka Univesithing ea Harvard e Cambridge, Massachusetts. Ke ile ka qeta lithuto tsa ka ka mor’a selemo seo ’me ka fumana lengolo la ka, empa ha kea ka ka ea lapeng California. Ke ile ka etsa qeto ea ho lula ka nakoana Lebōpong le ka Bochabela la United States e le hore ke fumane likarabo tsa lipotso tsa ka. Ke ne ke rerile ho ea New York City, moo ho neng ho e-na le malumeli a mangata, e le hore ke ee litšebeletsong tse itseng tsa bolumeli ho bona hore na ho rutoa eng moo.
Ha ke le New York, Nkhono Isabel Kapigian (e leng, moholoane oa ’Mè), o ile a nkōpa hore ke tl’o lula lapeng ha hae. Eena le barali ba hae ba babeli, e leng Rose le Ruth, e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Kaha ke ne ke sa nahane hore ke tla rata lintho tseo ba li lumelang, ke ile ka qala ho ea litšebeletsong tsa malumeli a mang, ke buisana le batho ebile ke bala lingoliloeng tsa bona. Ke ne ke atisa ho ba botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola, empa le bona ba ne ba sa khone ho nkaraba. Ke ile ka phetha ka hore mohlomong Molimo ha a eo.
Ke Ile ka Fumana Likarabo
Joale ke ile ka kōpa Nkhono le barali ba hae hore na ebe nka bala tse ling tsa lingoliloeng tsa bona e le hore ke tsebe maikutlo a Lipaki Tsa Jehova. Ha ke bala likhatiso tsa tsona, ke ile ka hlokomela kapele hore Lipaki li ne li fapane haholo le malumeli a mang. Likarabo li ne li tsoa ka Bibeleng li bile li khotsofatsa haholo. Ka nakoana feela, lipotso tsa ka tse mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola li ne li arabiloe.
Hase hoo feela, ke ile ka hlokomela le hore Lipaki Tsa Jehova li ne li tšehetsa likarabo tsa tsona tse thehiloeng Bibeleng ka ho phela tumellanong le litumelo tsa tsona. Ka mohlala, ke ile ka botsa Nkhono hore na bahlankana ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba etsa’ng Jeremane Ntoeng ea II ea Lefatše. Na ba ile ba kena sesoleng sa moo, na ba ile ba re, “Heil Hitler!,” le ho lumelisa folakha ea swastika? O ile a araba ka ho re che. Ebile ka lebaka la ho se jele paate, ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso, moo ba bangata ba bona ba ileng ba bolaoa teng. O ile a hlalosa hore nakong ea ntoa, Lipaki Tsa Jehova hohle li ne li etsa ntho e tšoanang—li ne li sa jele paate. Esita le linaheng tsa puso ea sechaba ka sechaba, bahlankana ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba kenngoa chankaneng ka lebaka la ho se jele paate.
Joale Nkhono o ile a kōpa hore ke bale Johanne 13:35, e reng: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba le letšoao lena le ba khethollang la lerato hohle moo ba phelang teng. Ba ke ke ba jela paate ntoeng, le ho bolaeana kahobane e se ba sechaba se le seng! O ile a botsa: “Na u nahana hore Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba ka jela paate lintoeng tsa Roma, eaba baa bolaeana?”
O ile a kōpa hore ke bale le 1 Johanne 3:10-12. E re: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ho etsa ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo. . . . Re lokela ho ratana; eseng joaloka Kaine, ea ileng a simoloha ho ea khopo ’me a bolaea mor’abo.”
Seo Bibele e se rutang ka taba ena se hlakile. Bakreste ba ’nete baa ratana, ho sa tsotellehe hore na ba phela naheng efe. Kahoo, ba ke ke ba bolaea barab’abo bona ba moea kapa motho leha e le ofe. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.”—Johanne 17:16.
Lebaka Leo Mahlomola a Lumelloang ka Lona
Kapele ke ile ka ithuta hore Bibele e re bolella lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng mahlomola. E hlalosa hore ha Molimo a ne a bōpa batsoali ba rōna ba pele, o ba entse ba phethahetse eaba o ba beha serapeng sa paradeise. (Genese 1:26; 2:15) O ile a ba fa le mpho e ratehang haholo—e leng mpho ea ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela. Empa ba ne ba lokela ho sebelisa mpho eo hantle. Haeba ba ne ba ka mamela Molimo le ho boloka melao ea hae, ba ne ba tla tsoela pele ba phela paradeiseng ba phethahetse. Ba ne ba tla atolosa meeli ea paradeise eo ho fihlela lefatše lohle e e-ba paradeise. Bana ba bona le bona ba ne ba tla phethahala, e le hore ka mor’a nako, lefatše lena e be paradeise e thabisang e nang le baahi ba phethahetseng, le ba thabileng.—Genese 1:28.
Leha ho le joalo, haeba Adama le Eva ba ne ba ka khetha ho ipusa ka ntle ho tataiso ea Molimo, Molimo o ne a ke ke a hlola a ba lumella hore ba ’ne ba tsoele pele ba phela ba phethahetse. (Genese 2:16, 17) Bomalimabe bo hlahetseng batho ke hore, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba sebelisa hampe bolokolohi ba bona ba ho ikhethela eaba ba khetha ho ipusa ka ntle ho tataiso ea Molimo. Ba ile ba hlohlelletsoa ke sebōpuoa sa moea sa lerabele se ileng sa tsebahala ka hore ke Satane Diabolose. Satane o ile a lakatsa ho ipusa ka ntle ho tataiso ea Molimo a ba a lakatsa le borapeli, boo ka tšoanelo bo lokelang Molimo feela.—Genese 3:1-19; Tšenolo 4:11.
Kahoo Satane e ile ea e-ba “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:4) Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Jesu o ile a re Satane ke “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30) Ho se mamele ha Satane le ha batsoali ba rōna ba pele ho ile ha tlisetsa batho bohle ho se phethahale, pefo, lefu, masoabi le mahlomola.—Baroma 5:12.
“Ha ho Matleng a Motho”
Ho bontša kamoo ho se latele melao ea ’Mōpi ho neng ho tla ama batho kateng, Molimo o lumeletse liphello tsa ho se latele melao ea hae ka lilemo tse likete. Nako ena e file batho bohle monyetla o lekaneng oa ho bona bonnete ba seo Bibele e se buang ha e re: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae. . . . Jehova, u nkhalemele.”—Jeremia 10:23, 24.
Joale, ka mor’a lilemo tsena kaofela tse makholo, re ka bona hore ho ipusa ka ntle ho tataiso ea Molimo ho feletse ka tlokotsi. Kahoo, Molimo o rerile ho felisa seo batho ba lekileng ho se etsa ka ho ipusa ka ntle ho tataiso ea hae kapa melao ea hae.
Bokamoso bo Hlollang
Boprofeta ba Bibele bo bontša hore, haufinyane, Molimo o tla felisa tsamaiso ena ea lintho e lonya le e sehlōhō: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:10, 11.
Boprofeta bo ho Daniele 2:44 bo re: “Matsatsing a marena ao [mefuta eohle ea puso e leng teng hona joale] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Puso ea motho e ke ke ea hlola e lumelloa. Lefatše lohle le tla busoa ke ’Muso oa Molimo. Ha ’Muso oa Molimo o busa, lefatše lohle le tla etsoa paradeise ’me batho e tla ba ba phethahetseng ’me ba phele ka ho sa feleng ka thabo. Bibele ea tšepisa: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Molimo o rerile hore re be le bokamoso bo hlollang hakaakang!
Bophelo bo Fapaneng
Ho arabeloa ha lipotso tsa ka ka mokhoa o khotsofatsang ho ile ha fetola bophelo ba ka. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka batla ho sebeletsa Molimo le ho thusa ba bang ho fumana likarabo tsena. Ke ile ka utloisisa bohlokoa ba seo 1 Johanne 2:17 e se bolelang ha e re: “Lefatše [tsamaiso ea hona joale ea lintho e busoang ke Satane] lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” Ke ne ke labalabela ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. Ke ile ka etsa qeto ea ho lula New York eaba ke qala ho kopanela le phutheho ea moo ea Lipaki Tsa Jehova, ’me ke bile le liphihlelo tse ngata tse monate ha ke ntse ke thusa batho ba bang ho ithuta seo ke neng ke ithutile sona.
Ka 1949, ke ile ka kopana le Rose Marie Lewis. Eena le ’mè oa hae, e leng Sadie, le baralib’abo ba tšeletseng kaofela e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Rose o ne a sebeletsa Molimo ka nako e tletseng mosebetsing oa boboleli. O ne a e-na le litšobotsi tse ngata tse ratehang, ’me kapele-pele ke ile ka utloa ke mo rata. Re ile ra nyalana ka June 1950 eaba re lula New York. Re ne re thabela seo re se etsang re bile re thabela tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.
Ka 1957, ’na le Rose Marie re ile ra memeloa ho ea sebeletsa ka nako e tletseng ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova, e Brooklyn, New York. Ka June 2004 re ne re se re qetile lilemo tse 54 re thabile lenyalong, tse 47 tsa tsona re li qetile re le ntlo-khōlō e Brooklyn. Re ile ra thabela ho sebeletsa Jehova le ho sebetsa hammoho le balumeli-’moho le rōna ba likete ka lilemo tsena kaofela.
Mahlomola a Fetisisang ao ke Ileng ka Feta ho ’Ona
Ka masoabi, mathoasong a December 2004, lingaka li ile tsa hlokomela hore letšoafo le leng la Rose Marie le na le hlahala ea kankere. Lingaka tse khōlō li ile tsa lumellana ka hore hlahala ena e ne e hōla ka potlako le hore e ne e lokela ho tlosoa. O ile a buuoa bofelong ba December, ’me hoo e ka bang beke ka mor’a moo, ngaka e buoang e ile ea kena ka phaposing ea Rose sepetlele ke ntse ke le teng eaba e re: “Rose Marie, u ka ikela lapeng! U folile!”
Empa, matsatsinyana feela Rose Marie a khutletse lapeng, o ile a qala ho ba le mahlaba a bohloko haholo ka mpeng le likarolong tse ling tsa ’mele. Mahlaba ana a ne a sa khaotse, kahoo o ile a khutlela sepetlele hore a e’o hlahlojoa hape. Ho ile ha fumanoa hore ka tsela e itseng, mahloele a neng a tsoa lithong tsa hae tse ngata tsa bohlokoa a ne a sitisa litho tsena ho fumana oksijene e hlokahalang. Lingaka li ile tsa etsa sohle se hlokahalang ho thibela sena empa li ile tsa hlōleha. Libeke tse seng kae feela hamorao, ka la 30 January, 2005, ke ile ka etsahalloa ke ntho e bohloko ka ho fetisisa bophelong bohle ba ka. Mosali oa ka ea ratehang, e leng Rose Marie o ile a hlokahala.
Ka nako eo, ke ne ke batla ke le lilemo li 80 ebile ke ne ke bone batho ba utloa bohloko bophelong bohle ba ka, empa bohloko bona bo ne bo fapane. Joalokaha Bibele e bolela, ’na le Rose Marie re ne re le “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Ke ne ke bone ha batho ba bang ba utloa bohloko ’me le ’na ke ne ke ile ka utloa bohloko ha metsoalle le beng ka ’na ba hlokahala. Empa bohloko boo ke ileng ka bo utloa ha mosali oa ka a hlokahala bo ile ba e-ba matla haholo ’me bo ile ba nka nako e telele. Joale ke utloisisa hantle kamoo ho shoeloa ke baratuoa ho ’nileng ha tlisetsa batho masoabi a maholo kateng.
Leha ho le joalo, ho utloisisa hore na mahlomola a tsoa hokae le hore na a tla fela neng ho nthusitse haholo. Pesaleme ea 34:18 e re: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” Ntho ea bohlokoa e thusang ho mamella bohloko bona ke ho tseba hore Bibele e ruta hore ho tla ba le tsoho, le hore ba leng mabitleng ba tla tsosoa ’me ba be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. Liketso 24:15 e re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” Rose Marie o ne a rata Molimo haholo. Ke tšepa hore Molimo le eena o ne a mo rata ka tsela e tšoanang le hore o tla mo hopola ’me a mo tsose ka nako ea teng, ke tšepa hore nako eo e se e le haufi haholo.—Luka 20:38; Johanne 11:25.
Le hoja bohloko ba ho shoeloa ke motho eo u mo ratang bo le boholo, thabo e tla tlisoa ke ho amohela motho eo hape tsohong e tla ba khōlō le ho feta. (Mareka 5:42) Lentsoe la Molimo lea tšepisa: “Bafu ba hao ba tla phela. . . . Lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.” (Esaia 26:19) Batho ba bangata har’a “ba lokileng” ba boletsoeng ho Liketso 24:15 ho ka ’na ha etsahala hore ba tsohe pele. Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang! ’Me Rose Marie o tla ba har’a ba tla tsosoa. Ka sebele batho ba mo ratang ba tla mo amohela ka mofuthu! E tla ba ho khotsofatsang hakaakang ka nako eo ho phela lefatšeng le se nang mahlomola!
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Ke ile ka bona mahlomola ha ke ntse ke le Chaena
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ke ile ka sebeletsa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, ho tloha ka 1957
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ke ile ka nyala Rose Marie ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ke ka 2000 selemong sa rōna sa bo50 re nyalane