Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 7/1 maq. 18-21
  • Bibele ea Pele ea Sepotoketsi—Pale e Bontšang Mamello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele ea Pele ea Sepotoketsi—Pale e Bontšang Mamello
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mocha oa Mofetoleli
  • O Ahloloa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi
  • Almeida Khahlanong le Komiti ea Ntlafatso ea Phetolelo
  • Bibele ea Sepotoketsi ea Phetheloa
  • Lefa le Tšoarellang
  • Fumana ’Nete Eohle!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ke Qalile ke Kolla Ntsi Hanong ka Qetella ke Hafa ka Nkatana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • “Lumela! Na Ua Tseba Hore Lebitso la Molimo ke Mang?”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Hatisa Le Ho Aba Lentsoe La Molimo Le Halalelang
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 7/1 maq. 18-21

Bibele ea Pele ea Sepotoketsi—Pale e Bontšang Mamello

“EA MAMELLANG o tla atleha.” Lepetjo lena le hlaha leqepheng leo ho lona ho ngotsoeng sehlooho sa pampitšana ea bolumeli ea lekholong la bo17 la lilemo, e ngotsoeng ke João Ferreira de Almeida. Ha ho na tlhaloso e nepahetseng ho feta ena bakeng sa monna ea ileng a ikabela mosebetsi oa ho fetolela le ho hatisa Bibele ka Sepotoketsi.

Almeida o hlahetse motseng oa Portugal o ka leboea oa Torre de Tavares, ka 1628. Kaha o ile a fetoha khutsana e sa le ngoana, o ile a hōlela Lisbon, motse-moholo oa Portugal, a hōlisoa ke rangoan’ae eo e neng e le moitlami. Ho boleloa hore ha Almeida a itokisetsa ho ba moprista, o ile a fumana thuto ea boemo bo phahameng haholo, e leng eona e ileng ea mo thusa hore a ipabole ka tsebo ea hae ea lipuo a sa le monyenyane haholo.

Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka Almeida a ka be a ile a tseba ho sebelisa litalenta tsa hae hore a fetolele Bibele hoja o ne a ile a lula Portugal. Ha Liphetoho li etsa hore Libibele tsa lipuo tse ling li tlale Europe ka leboea le Europe bohareng, Portugal e ile ea lula e ntse e laoloa ka matla ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi la K’hatholike. Ha motho a ne a ka ba le Bibele ka puo ea habo o ne a ka isoa ka pel’a Lekhotla le Otlang Bakhelohi.a

Mohlomong Almeida o ile a fallela Netherlands ha a le lilemo li 14 e le ha a batla ho baleha khatello eo e sehlōhō. Nakoana ka mor’a moo, o ile a kena leetong la ho ea Asia, a feta le Batavia e Indonesia (e bitsoang Jakarta hona joale), ’me ka nako eo e ne e le setsi sa tsamaiso sa K’hamphani ea Madache ea India Bochabela, e neng e le Asia Boroa-bochabela.

Mocha oa Mofetoleli

Ha Almeida a le karolong ea ho qetela ea leeto la hae Asia, ho ile ha a etsahala phetoho e khōlō bophelong ba hae. Ha a ntse a tsamaea ka sekepe lipakeng tsa Batavia le Malacca (e bitsoang Melaka hona joale), e Malaysia bophirimela, o ile a fumana pampitšana ea Maprostanta e ngotsoeng ka Sepanishe e neng e e-na le sehlooho se reng Diferencias de la Cristiandad (Liphapang Tse Teng Bokreste-’mōtoaneng). Ho phaella litlhaselong tseo e neng e li etsetsa lithuto tsa bohata tsa bolumeli, pampitšana ena e ne e e-na le polelo eo ka ho khetheha e ileng ea khahla mohlankana enoa Almeida: “Ho sebelisa puo e sa tsejoeng kerekeng ha ho thuse momameli ea sa utloisiseng se buuoang ka letho le haeba ho etsoa joalo ka morero oa ho tlotlisa Molimo.”—1 Bakorinthe 14:9.

Se neng se lokela ho etsoa se ile sa totobala ho Almeida: Tsela ea ho senola liphoso tsa bolumeli e ne e le hore ho etsoe hore Bibele e utloisisoe ke batho bohle. Ha a fihla Malacca, o ile a sokolohela kerekeng ea Dutch Reformed eaba hang-hang o qala ho fetolela likarolo tsa Likosepele ho tloha puong ea Sepanishe ho ea ho ea Sepotoketsi, ’me a li abela batho “ba neng ba bontša hore ba hlile ba rata ho tseba ’nete.”b

Lilemo tse peli hamorao, Almeida o ne a le malala-a-laotsoe hore a etse mosebetsi o moholoanyane—oa ho fetolela Mangolo a Segerike a Bakreste a feletse ho tloha ho Vulgate ea Selatine. O ile a e qeta ka nako e ka tlaase ho selemo, ena e ne e le ntho e khōlō haholo hore e ka etsoa ke mocha ea lilemo li 16! Ka sebete o ile a romella phetolelo ea hae ho ’musisi e moholo oa Modache, Batavia, hore e hatisoe. Kamoo ho bonahalang kateng, Kereke ea Dutch Reformed e Batavia e ile ea romela buka ea hae e ngotsoeng ka letsoho Amsterdam, empa moruti eo e neng e se e le khaba le ileng eo buka ena e neng e le tlhokomelong ea hae, o ile a shoa eaba mosebetsi oa Almeida oa nyamela.

Ha Almeida a ne a kōptjoa hore a etsetse phutheho ea Dutch Reformed e Ceylon (eo hona joale e bitsoang Sri Lanka) kopi ea phetolelo ea hae ka 1651, o ile a fumana hore phetolelo ea hae ea ho qala e ne e nyametse sebakeng seo kereke e bolokang libuka le litlaleho ho sona. Ha aa ka a khathala matla, o ile a qetella a fumane kopi ea eona—mohlomong e ne e le kopi eo a qalileng ka eona—’me selemong se latelang o ile a qeta phetolelo e ntlafalitsoeng ea Likosepele le buka ea Liketso. K’honsistoric ea Batavia e ile ea mo putsa ka li-gulden tse 30. E mong oa bo-mphato’a Almeida o ile a re: “Chelete ena e ne e le sente ho latela mosebetsi o moholo oo a neng a o entse.”

Ho sa tsotellehe taba ea hore mosebetsi oa hae o ne o sa nkeloe holimo, Almeida o ile a ’na a tsoela pele, o ile a fana ka phetolelo e ntlafalitsoeng ea Testamente e Ncha e feletseng ka 1654. Le nakong ena ho ile ha buuoa ka monyetla oa hore phetolelo ena e hatisoe empa ha hoa ka ha e-ba nko ho tsoa lemina ntle feela le hore ebe ho ile ha etsoa likopi tse seng kae tse ngotsoeng ka letsoho hore likereke tse ling li li sebelise.

O Ahloloa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi

Lilemong tse leshome tse latelang Almeida o ne a le maphathaphathe ka mosebetsi oa boruti le oa boromuoa oa Kereke ea Dutch Reformed. O ile a behoa boruting ka 1656 eaba o il’o sebeletsa Ceylon pele, moo a neng a pholohe ka lesoba la nale ha tlou e ne e batla e mo hatakela, ’me hamorao o ile a ea sebeletsa India e le e mong oa baromuoa ba pele ba Maprostanta ba ho etela naha eo.

Almeida e ne e le mosokolohi oa Moprostanta ea sebeletsang naheng e ’ngoe. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba neng ba bua Sepotoketsi libakeng tseo a neng a li etela ba ne ba mo nka e le mokoenehi ebile e le lehlabaphio. O ne a qabana hangata le baromuoa ba Mak’hatholike kaha o ne a sa hlathe koana le koana ha a nyatsa boitšoaro bo bobe le bobolu ba baruti le hore o ne a pepesa lithuto tsa kereke. Likhohlano tsena li ile tsa fihla sehlohlolong ka 1661 ha Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Goa India le ne le ahlolela Almeida lefu ka lebaka la bokhelohi. Setšoantšo sa Almeida se ile sa chesoa a le sieo. Kapele ka mor’a moo, ’musisi e moholo oa Modache o ile a mo bitsetsa Batavia mohlomong e le ha a makalitsoe ke tsela e mabifi eo Almeida a neng a bua ka eona.

Almeida e ne e le moromuoa ea chesehang, leha ho le joalo ha aa ka a lebala hore ho ne ho hlokahala Bibele ea Sepotoketsi. Ha e le hantle, lintho tse neng li bakoa ke ho se tsebe Bibele—ho neng ho bonahala haholo ho baruti esita le ho batho feela—li ile tsa matlafatsa boikemisetso ba hae le ho feta. Selelekeleng sa pampitšana e ngotsoeng ka 1668, Almeida o ile a etsa phatlalatso ena ho babali ba hae: “Ke tšepa hore . . . haufinyane ke tla le tlotla ka Bibele e feletseng e ngotsoeng ka puo ea habo lōna, mpho e khōlō ka ho fetisisa le letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa leo ho e-s’o be motho ea le fang lona.”

Almeida Khahlanong le Komiti ea Ntlafatso ea Phetolelo

Ka 1676, Almeida o ile a fa k’honsistori ea kereke ea Batavia buka eo a e ngotseng ka letsoho ea Testamente e Ncha hore e e ntlafatse. Likamano pakeng tsa mofetoleli enoa le bantlafatsi ba phetolelo li ile tsa senyeha li tloha feela. J. L. Swellengrebel eo e leng mongoli oa lipale tsa bophelo, o bolela hore ho ka ’na ha etsahala hore ebe lintlheng tse ling bo-mphato’a Almeida ba buang Sedache ba ne ba thatafalloa ke ho utloisisa mokhoa oo a neng a ngotse ka oona le mokhoa oo a neng a hlalositse mantsoe ka oona. Ho ne ho boetse ho e-na le ho se lumellane ka Sepotoketsi seo a se khethileng. Na Bibele ee e ne e lokela ho sebelisa Sepotoketsi se sebelisoang sebakeng seo kapa Sepotoketsi sa ’makhonthe seo ba bangata ba neng ba sa tl’o se utloisisa? Qetellong, cheseho ea Almeida ea hore a bone mosebetsi oa hae o phethiloe e ne e lula e tsosa likhohlano.

Mosebetsi o ile oa tsoela pele ka monyebe, mohlomong ka lebaka la hore ho ne ho e-na le likhohlano kapa ka lebaka la hore ba neng ba ntlafatsa mosebetsi ba ne ba se na thahasello. Ka mor’a lilemo tse ’nè e ne e le hona bantlafatsi ba phetolelo ba ntseng ba isana holimo le tlaase ka likhaolo tse qalang tsa Luka. A ferekantsoe ke ho lieha hona, Almeida o ile a romella kopi ea buka eo a e ngotseng ka letsoho Netherlands hore e il’o hatisoa empa bantlafatsi ba phetolelo ba sa tsebe.

Ho sa tsotellehe matsapa ao k’honsistori e ileng ea a nka a ho leka ho thibela hore phetolelo eo e hatisoe, Testamente e Ncha ea Almeida e ile ea hatisoa Amsterdam ka 1681, ’me likopi tsa eona tsa pele li ile tsa fihla Batavia selemong se hlahlamang. Nahana hore na e tlameha ebe Almeida o ile a nyahama hakaakang ha a fumana hore ho na le liphetoho tseo bantlafatsi ba phetolelo ba li entseng phetolelong ea hae Netherlands! Kaha bantlafatsi ba phetolelo ba ne ba sa tsebe Sepotoketsi, Almeida o ile a hlokomela hore ba ne ba kenyelelitse “phetolelo e sa qaqang e bileng e ikhanyetsang e neng e sitisa batho hore ba utloisise Moea o Halalelang.”

’Muso oa Netherlands le oona o ne o sa khotsofala, ka lebaka leo o ile oa ntša taelo ea hore libuka tsohle tse hatisitsoeng li senngoe. Leha ho le joalo Almeida o ile a susumetsa ba boholong hore ba siee libuka tse ’maloa empa liphoso tse khōlō tse teng libukeng tseo li lokisoe ka letsoho. Libuka tsena li ne li tla sebelisoa ho fihlela ho hlophisoa buka e ntlafalitsoeng.

Bantlafatsi ba phetolelo ba Batavia ba ile ba kopana hape ho ntšetsa pele mosebetsi oa bona Mangolong a Bakreste a Segerike ’me ba tsoela pele ho hlophisa Mangolo a Seheberu ha Almeida a a qeta. K’honsistori e ile ea etsa qeto ea ho boloka maqephe a lokelang ho hatisoa a seng a tekennoe polokelong ea kereke e le ha e tšoha hore mofetoleli enoa a ka ’na a felloa ke mamello. Ho hlakile hore Almeida o ile a ipelaetsa ka qeto ena.

Nakong ena, bophelo ba Almeida bo ne bo se bo thefulehile haholo ka lebaka la ho sebetsa ka thata ka lilemo tse mashome le ka lebaka la mathata a bakoang ke maemo a leholimo a libakeng tse chesang tse mongobo. Ka 1689, ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo, Almeida o ile a tlohela ho etsa mesebetsi ea kereke e le hore a ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa ho fetolela Mangolo a Seheberu. Ka masoabi, o ile a hlokahala ka 1691 nakong eo a neng a ntse a fetolela khaolo ea ho qetela ea Ezekiele.

Khatiso ea bobeli ea Testamente e Ncha e ile ea phetheloa nakoana pele ho lefu la hae, ’me e ile ea hatisoa ka 1693. Leha ho le joalo, ho bonahala eka bantlafatsi ba phetolelo ba se nang boiphihlelo ba ile ba boela ba etsa liphetoho phetolelong oa hae. G. L. Santos Ferreira bukeng ea hae e bitsoang A Biblia em Portugal (Bibele Portugal), o re: “Bantlafatsi ba phetolelo . . . ba ile ba etsa liphetoho tse khōlō phetolelong ea Almeida e tsoileng matsoho, ba senya botle bohle boo bantlafatsi ba phetolelo ba khatiso ea pele ba neng ba sitiloe ho bo fetola.”

Bibele ea Sepotoketsi ea Phetheloa

Ha Almeida a se a hlokahetse, tšusumetso ea hore ho ntlafatsoe le hore ho hatisoe Bibele ea Sepotoketsi Batavia e ile ea fela. Ka kōpo ea baromuoa ba Madanishe ba sebeletsang Tranquebar, karolong e ka boroa ea India, Mokhatlo oa London o Khothalletsang Tsebo ea Bokreste, o ile oa fana ka chelete ea hore ho etsoe khatiso ea boraro ea Testamente e Ncha ea Almeida ka 1711.

Mokhatlo oo o ile oa etsa qeto ea ho hloma sebaka sa khatiso Tranquebar. Leha ho le joalo, ha sekepe se neng se laetse thepa ea khatiso le moqeqeko oa Libibele tsa Sepotoketsi se le tseleng e eang India, se ile sa haptjoa ke masholu a leoatleng a Mafora a ileng a qetella a se lahlile kherehloa koung ea Rio de Janeiro, Brazil. Santos Ferreira o ngotse tjena: “Ka lebaka leo ho seng motho ea ka le hlalosang le ka lebaka la maemo ao ba bang ba a nkang e le mohlolo, mabokose a neng a tšetse thepa ea khatiso a ile a fumanoa a sa thetsoa a le ka tlaase-tlaase karolong ea sekepe e tšelang thepa eaba leeto la ’ona le tsoela pele ka sona sekepe seo a ea Tranquebar.” Baromuoa ba Madanishe ba ile ba hlahloba ka hloko phetolelo ea Almeida ea libuka tse saletseng tsa Bibele eaba baa li hatisa. Buka ea ho qetela ea Bibele ea Sepotoketsi e ile ea tsoa ka 1751, hoo e ka bang lilemo tse 110 ka mor’a hore Almeida a qale mosebetsi oa hae oa ho ba mofetoleli oa Bibele.

Lefa le Tšoarellang

Ho tloha a sa le monyenyane Almeida o ile a hlokomela hore ho hlokahala hore ho be le Bibele ea Sepotoketsi e le hore bo-motho feela makhetha ba ka utloisisa ’nete ea Bibele ka puo ea bona. O ile a phehella morero oo oa hae bophelo ba hae bohle ho sa tsotellehe khanyetso ea Kereke e K’hatholike, ho hloka thahasello ha bo-mphato ba hae, mathata a sa feleng a ho ntlafatsa phetolelo le ho kula ha hae ho neng ho ntse ho tota. Mamello ea hae e ile ea putsoa.

Batho ba bangata ba buang Sepotoketsi moo Almeida a ileng a bolela teng ba fokotsehile kapa ha ba sa le eo, empa Bibele ea hae eona e sa le teng. Lekholong la bo19 la lilemo, Mokhatlo oa Bibele oa Brithani le Linaha Lisele le Mokhatlo oa Bibele oa Amerika e ile ea aba libuka tse likete tsa phetolelo ea Almeida Portugal le metseng e haufi le leoatle ea Brazil. Ka lebaka la seo, le kajeno Libibele tse thehiloeng phetolelong ea hae ea pele ke tsona tse tsebahalang ka ho fetisisa ebile ke tsona tse fumanehang ka bongata linaheng tse buang Sepotoketsi.

Ntle ho pelaelo, batho ba bangata ba tlameha ho leboha bafetoleli ba Bibele ba khale ba kang Almeida. Empa haholo-holo re tlameha ho leboha Jehova, Molimo ea buisanang le batho, eo “thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Ha e le hantle, ke Eena ea bolokileng Lentsoe la hae ’me a etsa hore le fumanehe molemong oa rōna. E se eka re ka nka ‘letlotlo lena la bohlokoahali’ le tsoang ho Ntate oa rōna ea maholimong e le la bohlokoa kamehla ’me ra ithuta lona ka mafolofolo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Karolong ea bobeli ea lekholo la bo16 la lilemo, Kereke e K’hatholike e ile ea thibela ka matla ho sebelisoa ha Bibele ka lipuo tse ling ha e ne e phatlalatsa Index of Forbidden Books. Ho latela The New Encyclopædia Britannica, tokisetso ena “e ile ea atleha ho emisa mosebetsi oa Mak’hatholike oa ho fetolela [Bibele] lilemong tse 200 tse ileng tsa latela.”

b Likhatiso tsa khale tsa Bibele ea Almeida li mo bitsa Padre (Ntate) Almeida, ’me sena se entse hore ba bang ba lumele hore e ne e le moprista oa K’hatholike. Leha ho le joalo, Bahlophisi ba Bibele ea Almeida ba Madache ba ile ba sebelisa lentsoe leo ka phoso e le ha ba nahana hore ke tlotla e sebelisoang ke moruti kapa ’moleli.

c Lekhotla le tsamaisang Kereke ea Dutch Reformed.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

LEBITSO LA MOLIMO

Mohlala oa bohlokoa oa botšepehi ba Almeida joaloka mofetoleli ke hore o sebelisitse lebitso la Molimo ha a fetolela litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo.—Sheba setšoantšo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Cortesia da Biblioteca da Igreja de Santa Catarina (Igreja dos Paulistas)

[’Mapa o leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

LEOATLE LA ATLANTIC

PORTUGAL

Lisbon

Torre de Tavares

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Batavia lekholong la bo17 la lilemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From Oud en Nieuw Oost-Indiën, Franciscus Valentijn, 1724

[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]

Mongolo o hlahang leqepheng la pele la khatiso ea pele ea Sepotoketsi ea Testamente e Ncha, e hatisitsoeng ka 1681

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Biblioteca Nacional, Portugal

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela