Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ho Nehemia 8:10, Bajuda ba ile ba bolelloa hore ba “je lintho tse nonneng,” le hoja Molao o ho Levitike 3:17 o ile oa re: “Ho hang le se ke la ja mafura leha e le afe.” Lipolelo tsee li ka hlalosoa joang ka tsela e lumellanang?
Ka Seheberu, mantsoe a fetoletsoeng e le “lintho tse nonneng” ho Nehemia 8:10 le “mafura” ho Levitike 3:17 ha a tšoane. Lentsoe la Seheberu cheʹlev, le fetoletsoeng e le “mafura” ho Levitike 3:17, le bolela mafura a liphoofolo kapa a batho. (Lev. 3:3; Baahl. 3:22) Taba e potolohileng temana ea 17 e bontša hore Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ja tleke-tleke ea mafura a mala le a liphio a liphoofolo tsa mahlabelo kapa a sehlana kaha “mafura ’ohle ke a Jehova.” (Lev. 3:14-16) Kahoo mafura a liphoofolo tse neng li nyeheloa ho Jehova a ne a sa lokela ho jeoa.
Ka lehlakoreng le leng, lentsoe le fetoletsoeng e le “lintho tse nonneng” ho Nehemia 8:10 ke mash·man·nimʹ, ’me lentsoe lena le hlaha hona mona feela Mangolong a Seheberu. Le nkiloe leetsing sha·menʹ, le bolelang “nona.” Moelelo oa sehlopha sa mantsoe a amanang le leetsi lena ho bonahala o bolela nala le katleho. (Bapisa le Esaia 25:6.) Le leng la mantsoe a sebelisoang haholo a nkiloeng leetsing lena ke lereho sheʹmen leo hangata le fetoleloang e le “oli,” ho akarelletsa polelo e reng “oli ea mehloaare.” (Deut. 8:8; Lev. 24:2) Joalokaha le sebelisitsoe ho Nehemia 8:10, ho bonahala mash·man·nimʹ e bolela lijo tse phehiloeng ka mafura a mangata ao mohlomong a neng a bile a akarelletsa nama e nang le mafura a seng makae empa eseng tleke-tleke ea mafura a phoofolo.
Le hoja Baiseraele ba ne ba thibetsoe ho ja tleke-tleke ea mafura, ba ne ba ka ja lijo tse monate tse nang le mafura. Lintho tse ling, tse kang mahobe a entsoeng ka lijo-thollo, li ne li sa phehoe ka mafura a liphoofolo, empa li ne li phehoa ka oli ea limela, ’me hangata ho ne ho sebelisoa oli ea mehloaare. (Lev. 2:7) Kahoo, Insight on the Scriptures e hlalosa hore “lintho tse nonneng” tseo ho buuoang ka tsona mona “ke likarolo tse nonneng, eseng lintho tse otileng, empa ke lintho tse hlabosang tse neng li akarelletsa lijo tse monate tse phehiloeng ka oli ea limela.”
Leha ho le joalo, Bakreste baa hopola hore thibelo ea ho ja mafura e ne e le karolo ea Molao. Ha ba tlas’a Molao, ho akarelletsa le litaelo tsa oona tse amanang le mahlabelo a liphoofolo.—Bar. 3:20; 7:4, 6; 10:4; Bakol. 2:16, 17.