‘Ba Ile ba Hanyetsa Puso ea Manazi ka Tieo ’me ba Lokela ho Rōleloa Khaebana’
NAKONG ea puso ea hae e sehlōhō ha e sa le tona-khōlō ea Jeremane, Adolf Hitler, o ile a fumana mangolo a likete-kete. Ka 1945, ka mor’a hore Russia e hape libaka tse pota-potileng Berlin, boholo ba mangolo ana a ile a isoa Moscow ho ea bolokoa teng. Rahistori Henrik Eberle o hlahlobile mangolo ao a likete a behiloeng sebakeng seo ho bolokoang litlaleho tsa khale ho sona Moscow e le hore a tsebe hore na ke bo-mang ba neng ba ngolla Hitler le hona hobane’ng. Eberle o ile a hatisa qeto eo a e fihletseng bukeng ea hae e nang le sehlooho se reng Briefe an Hitler (Mangolo a Eang ho Hitler).
Dr. Eberle o re: “Hitler o ile a ngolloa ke matichere le liithuti, masistere le baruti, batho ba sa sebetseng le bo-rakhoebo ba phahameng, balaoli ba sesole sa metsing le masole a khopo a Manazi. Ba bang ba ne ba mo hlompha joalokaha eka ke Mesia ea tsoetsoeng hape; ba bang ba mo nka e le ea khopo ka ho fetisisa.” Na Hitler o ile a fumana mangolo a ipiletsang a tsoang baeta-peleng ba likereke a nyatsang ka matla liketso tsa Manazi? A ne a le teng, empa o ne a a fumana seoelo.
Leha ho le joalo, moo ho bolokoang litlaleho tsa khale teng Moscow, Eberle o ile a fumana faele e nang le mangolo a mangata a neng a rometsoe Hitler ke Lipaki Tsa Jehova tse libakeng tse sa tšoaneng Jeremane, tse neng li ipelaetsa ka boitšoaro ba Manazi. Ha e le hantle, Lipaki tse tsoang linaheng tse ka bang 50 li ile tsa romela Hitler mangolo a ka bang 20 000 hammoho le lithelekramo, li ipelaetsa ka tšoaro e mpe ea Lipaki Tsa Jehova. Lipaki tse likete li ile tsa tšoaroa ’me tse makholo a ’maloa li ile tsa bolaoa kapa tsa shoa ka lebaka la tšoaro e sehlōhō. Dr. Eberle o phetha ka ho re: “Ho latela hore na ke batho ba bangata hakae ba ileng ba hlokofatsoa ke puso ea Manazi, palo ena [ea Lipaki] e bonahala e fokola. Leha ho le joalo, e fana ka bopaki ba hore ho bile le batho ba ileng ba momahana ho hanyetsa puso ea Manazi ka tieo, ’me ba lokela ho rōleloa khaebana.”