Sebelisa Likhatiso Tsa Rōna Hamolemo
1 Mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova o re file likhatiso tse ngata tse sa tšoaneng ho re thusa mosebetsing oa rōna oa ho bolela le ho ruta. (Matt. 28:19, 20) Kananelo ea rōna bakeng sa likhatiso tsa Mokhatlo e lokela ho re susumelletsa ho li sebelisa hamolemo tšebeletsong ea rōna.
2 Ha re phethahatsa tšebeletso ea rōna, re batla ho thusa batho ba kang linku hore ba kene tseleng e isang bophelong. Lingoliloeng li ka re thusa ho etsa joalo. Ha re buisana ka Mangolo le motho ea thahasellang, mohlomong re ka fumana hore o thahasella sehlooho se itseng. Haeba re tseba hantle boitsebiso ba bohlokoa bo likhatisong tse sa tšoaneng, re tla khona ho fetola nehelano ea rōna le ho fana ka khatiso e amanang ka ho toba le lithahasello tsa motho eo re buang le eena. Sena se ka ’na sa re hloka hore re etse leeto la ho boela re nkile khatiso e loketseng.
NEHELANA KA SE HLOKAHALANG
3 Ka ho sebetsa tšimo ea rōna ka botlalo, re tla fumana batho ba thahasellang Bibele ka botšepehi le ba ratang ho ithuta ho eketsehileng ka eona. Likhatiso leha e le life tsa rōna li ka ba thusa ho fumana kutloisiso ea Bibele. Empa ha re bua le motho ea se nang tumelo Bibeleng le ea lumelang hore ea itoantša kapa hore ha e lumellane le saense, e ka ba ho loketseng ho nehelana ka buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Khatiso ena e shanofatsa ho tšoauoa ha Bibele liphoso ke motho ’me e fana ka litlhaloso tse hlakileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha Bibele e lokela ho amoheloa e le Lentsoe la Molimo. Kapa mohlomong u ka nehelana ka buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, u sebelisa likhaolo 15 le 16.
4 Batho ba bangata ba talimane le mathata a bophelo malapeng a bona. Mohlomong ba na le tsebo e fokolang ea keletso ea Bibele kapa kamoo ba ka e sebelisang ka teng. E le hore re ka ba thusa ho talimana le mathata a bophelo le ho fumana litharollo tse sebetsang, re ka nehelana ka buka ea Bophelo ba Lelapa. Hase hangata liphetoho li ka tlang kapele, empa re ka bontša hore ha e le hantle keletso ea Bibele e hlile ea sebetsa.
5 Ha u etela batho ba nang le bana, nahana ka ho fana ka likhatiso tse lokiselitsoeng ka ho toba ho hopotsoe ka bacha. Mohlomong u ka sebelisa khatiso ea Bacha Baa Botsa. Bahoeletsi ba bangata ba ’nile ba thusa batsoali le bacha ka ho tšoanang ka ho nehelana ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele kapa Ho Mamela Mosuoe e Moholo.
6 Ho bonolo ho nka lipampitšana, ’me li ka sebelisoa ho qalisa lipuisano ha re sebetsa ka ntlo le ntlo hammoho le ha re fana ka bopaki bo sa reroang. Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? ke pampitšana e tšelisang haholo le e nang le boitsebiso ba bohlokoa. Na u tsamaea u nkile lipampitšana tse ’maloa tse sa tšoaneng? Na u na le litlhaloso tse lokiselitsoeng bakeng sa ho li kenyelletsa?
7 Ha re ntse re arolelana litaba tse molemo le ba bang, re batla ho sebelisa hamolemo lithuso tse ngata tsa ho ithuta Bibele tseo “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a faneng ka tsona. (Matt. 24:45-47) Lijo tsa moea tse ngata joalo li bontša ho fana ha Jehova ka seatla se bulehileng le kameho ea hae bakeng sa batho bohle.