Ho Thusa ba Bang ho Ananela Bohlokoa ba Buka Moloko oa Batho o Batla Molimo
1 “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.” (Ba-Heb. 4:12) Kaha likhatiso tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng li thusa batho ho rua molemo matleng a Lentsoe la Molimo, re li sebelisa ho tsosa thahasello Bibeleng ha re paka ka mokhoa o sa reroang kapa ha re e-ea ka ntlo le ntlo.
2 Mpho ea buka ka January ke Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R4,50. Re ’nile ra sebelisa khatiso ena ho tloha ka 1991 ’me re tloaelane hantle le litaba tsa eona tse ka hare tse babatsehang. Leha ho le joalo, ho sa ntse ho le bohlokoa hore u lokisetse nehelano ea hao ea molaetsa oa ’Muso hore u phetle ntlha e loketseng bukeng. Sena se ka etsoa joang?
3 Mokhoa oa ho Lokisetsa: Pele, khetha polelo bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo eo mohlomong e tla ipiletsa ho batho ba lipelo li tšepahalang tšimong ea lōna. Ntlha e latelang, nahana ka ketsahalo ea morao-rao kapa taba e thahasellisang batho ka kakaretso eo u ka tsebang ho bua ka eona ka bokhutšoaane le mong’a ntlo pele u lebisa tlhokomelo ea hae polelong e hatisitsoeng eo u e khethileng. Mohlomong ho na le lengolo le bontšitsoeng kapa le qotsitsoeng leo u ka le balang, ebang ke Bibeleng kapa bukeng ka ho toba, ho tšehetsa khang ea hao. Leka ho mo siea ka potso kapa khopolo eo u ka e sebelisang e le motheo oa leeto la ho boela.
4 Nehelana ka Moloko oa Batho o Batla Molimo: Mohlomong u ka tseba ho qalisa moqoqo ka ho lebisa tlhokomelo litabeng tse buang ka ho itšunya ha bolumeli litabeng tsa lefatše kapa tse bontšang tšusumetso ea bolumeli bophelong ba batho.
Joale botsa potso e kang ena:
◼ “U nahana hore Molimo o talima litsamaiso tsa bolumeli tse susumetsang litaba tsa lefatše joang kajeno? [Emela karabo.] Na e ka ba ntho e makatsang ho ithuta hore thuto ea motheo ea malumeli ’ohle ea tšoana le hore lithuto tsena li fapane haholo le lithuto tsa Bibele?” Haeba mong’a ntlo a ikemiselitse ho mamela, ’montše litaba tse ka hare tsa buka, ’me u hlalose ka bokhutšoaane hore ebang motho o thahasella bolumeli kapa che, bophelo ba hae bo angoa ke litšusumetso tse matla tsa bolumeli. ’Montše hore a ka rua molemo ka ho ithuta lebaka leo ho batla Molimo ha moloko oa batho ho lebisitseng litseleng tse ngata ho e-na le ho ithuta ho khetholla bolumeli ba ’nete.
5 Ha re ntse re le tšebeletsong, motho e mong a ka itsebahatsa e le setho sa sehlopha sa malumeli a ka sehloohong. Ka mosa re ka lumela ntlha ena, ebe mohlomong re re: “Hoa thahasellisa ho kopana le batho ba malumeli a fapaneng. Ho batla Molimo ha moloko oa batho ho nkile litsela tse fapaneng. [Haeba ho loketse ntlheng ena, u ka bua ka Liketso 17:26, 27.] Na ua lumela hore ka kakaretso batho ba latela bolumeli ba batsoali ba bona ho e-na le ho ipatlela Molimo ka bobona? Ka mantsoe a mang, ba tsoaletsoe bolumeling bo itseng. Ena ke ntlha e hlalosoang mona khaolong ea pele ea buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo. [Phetla leqephe 8, serapa 12.] Ho ithuta ka ho eketsehileng ka malumeli a mang ho fana ka leseli ebile hoa ruta. Buka ena e hlalosa tšimoloho ea malumeli a ka sehloohong a lefatše, mekhoa ea ’ona le lithuto.”
6 Ka linako tse ling e ka ’na ea e-ba ho loketseng ho nehelana ka limakasine kapa pampitšana. Re na le mabaka ’ohle a ho chesehela ho khothaletsa ba bang ho bala buka ena e le hore ba ka hlomelloa hamolemo ho latsoa matla a Lentsoe la Molimo bophelong ba bona ka ho arabela tataisong ea lona.