Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/92 leq. 2
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Litaba tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Litaba tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 9/92 leq. 2

Litaba Tsa Puso ea Molimo

Afrika Boroa: Liholo tse latelang tsa ’Muso li ile tsa neheloa: Diepkloof (Soweto), Amanzimtoti, Lenasia (ka boroa ho Johannesburg), le Eersterust (Pretoria).

Benin: Tlaleho ea April e bontša hore bahoeletsi ba 2793 ba ile ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 4442 ’me ba etsa maeto a ho boela a 30 814. Lipalo tsena li bontša litlhōrō tse ncha tse tharo.

Bulgaria: Ka selemo se le seng feela, palo ea bahoeletsi e eketsehile ho tloha ho ba 107 ho ea ho ba 218 ba tlalehileng ka March. Ena ke keketseho ea 104 lekholong. Bahoeletsi ba bile le karolelano ea lihora tse 19,7 tšebeletsong ea tšimo ’me ba ile ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse etsang kakaretso ea tse 585. Kopano ea bona ea pele e khethehileng e ile ea tšoaroa ka March, ’me ho bile teng ba 900.

Czechoslovakia: Ka March ho bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 25 111 ba ileng ba tlaleha. Ena ke keketseho ea 9 lekholong ho kakaretso ea selemo se fetileng.

Ecuador: Selemong sena ba bileng teng Sehopotsong ba bile 99 987. Ka baka la tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 21 734 ka April, ho lebelletsoe keketseho e tsoelang pele.

Jeremane: Ka March ho tlalehile bahoeletsi ba 159 821, e leng keketseho ea 3 lekholong ho kakaretso ea selemong se fetileng.

Nicaragua: Ho ile ha fihleloa litlhōrō tse ncha hoo e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso ea ’Muso ka April. Palo ea ba bileng teng Sehopotsong e menne ha hlano kakaretso ea bahoeletsi, eo e neng e le 9629 khoeling eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela