“Le ba Rute . . . Tsohle Tseo ke le Laetseng Tsona”
1 Ho etsa barutuoa ho kopanyeletsa ho ruta. Pele motho a ka fetoha morutuoa oa Kreste, o tlameha ho rutoa “ho boloka tsohle” tseo Jesu a li laetseng. (Matt. 28:19, 20) Tsela e molemo ea ho finyella sena ke ka thuto ea lehae ea Bibele.
2 Hase ka mehla ho leng bonolo ho qalisa lithuto tsa Bibele. Haeba u na le bothata ba ho fumana thuto ea Bibele, u se ke ua nyahama. Hore ho be le katleho ho qaliseng lithuto tsa Bibele ho hloka boikemisetso le takatso e tiileng ea ho fetisetsa ’nete ho ba bang.—Ba-Gal. 6:9.
3 Ho Hōlisa Thahasello: Puisano ea lōna e qalang e ka tsosa thahasello e fokolang feela. Baena ba rōna ba bangata ba tloaetse ho etsa maeto a ho boela feela moo ba ileng ba tsamaisa lingoliloeng kapa moo ba ileng ba fumana thahasello e khōlō. Maemong a mangata re tlameha ho hlaolela thahasello ea mong’a ntlo ’neteng. Mohlomong mong’a ntlo o amohetse pampitšana feela, bukana e lekanang le makasine, kapa limakasine. U ka khona ho sebelisa e ’ngoe ea tsona ho qalisa thuto ea Bibele. Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello e eketsehileng molaetseng oa rōna, re ka ’montša khatiso e ’ngoe e loketseng ketelong e latelang.
4 Tokisetso ke senotlolo sa ho atleha. Ke hobane’ng ha u sa khethe pele ho nako Lengolo le qotsitsoeng pampitšaneng, bukaneng e lekanang le makasine, kapa makasineng oo u rerileng ho u sebelisa leetong la hao la ho boela? Ka tsela ena u ka khona ho hokahanya litlhaloso tse tsoang khatisong le puisano ea hao. U ka ba ua khona ho bala serapa se le seng kapa tse peli ka ho toba ho tsoa khatisong.
5 Mohlomong u ka re:
◼ “Re ntse re arolelana boitsebiso bo bong ka boprofeta bo hlollang bo phethahalang hona joale.” Bala Mattheu 24:3, ebe u hokahanya litšoantšo le litlhaloso tse ho maqephe 149-54 bukeng ea Phela ka ho sa Feleng. Katamelo e tšoanang e ka sebelisoa moo mong’a ntlo a amohetseng makasine, bukana e lekanang le makasine, kapa pampitšana feela.
6 Re lokela ho potlakela ho latella thahasello leha e le efe. Leka ho khutlela pele beke e fela e le hore puisano eo le qeteletseng ka eona e lule e ntse e le ncha kelellong ea mong’a ntlo. Nako le nako ha u ile, bua ka lirapa tse ’maloa ho tsoa khatisong eo u e siileng.
7 Kajeno ho sa ntse ho na le mosebetsi o mongata o tlamehang ho etsoa kotulong e khōlō e boletsoeng esale pele ke Jesu. (Matt. 9:37, 38) Ha re tsoela pele ho ruta ba pelo li tšepahalang, re na le tiisetso ea Jesu ea hore o ‘na le rōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela bofelo ba tsamaiso ea lintho.’