Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/93 maq. 1-2
  • Batla Lithuto tsa Bibele ka Tieo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batla Lithuto tsa Bibele ka Tieo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Falimehela ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Ho Jala le ho Nosetsa—Mehato e Isang ho Etseng Barutuoa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Karolo ea 1: Thuto ea Bibele ke Eng?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 8/93 maq. 1-2

Batla Lithuto tsa Bibele ka Tieo

1 Ho na le bopaki bo ntseng bo eketseha ba hore lefatše lena la khale le ntse le felloa ke nako. (2 Tim. 3:1-5) See se bolela’ng? Se bolela hore bophelo ba batho bo kotsing. Leha ho le joalo, ho matleng a rōna ho thusa ba bang hore ba bolokehe. (Liprov. 3:27) Ho finyella sena, re lokela ho leka ka tieo ho qalisa le ho khanna lithuto tsa Bibele.

2 Ho finyeletsoe molemo o moholo ka ho aba lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Empa seo batho ba se hlokang haholo ke thuso ea botho ka ho khanneloa thuto ea ka mehla ea lehae ea Bibele. Re ka ba thusa joang hore ba utloisise see?

3 Re ka botsa lipotso tse amang batho ba bangata. Lipotso tse joalo li ka ama lebaka la ho theoha ha boitšoaro, la bophelo bo sa tsitsang ba lelapa, la pefo le tlōlo ea molao tse sokelang hakana, le lebaka la ho lumella ha Molimo ea lerato maemo a hona joale, le tse ling. Falimehela litaba le liketsahalo tse thahasellisang haholo ho batho ba leng tšimong ea lōna. Ba bontše likarabo tsa Bibele tse hlakileng bakeng sa lipotso tsena. Bontša kamoo lingoliloeng tseo re li abang li ka ba thusang ka teng ho ithuta se boleloang ke Bibele ka litaba tsena le tse ling tsa bohlokoa tse re amang bohle.

4 Ke habohlokoa ho kenyeletsa mong’a ntlo moqoqong. Falimehela ho lemoha se mo amang. Theha moqoqo oa hao ho seo a se thahasellang kapa se mo tšoenyang. Lebisa tlhokomelo boitsebisong bo leng bukeng, bukaneng e lekanang le makasine, makasine, kapa pampitšana e hlalosang tharollo ea Bibele mathateng a batho. Pele u tsamaea, botsa potso e le ’ngoe kapa tse peli tseo u lumelang hore li tla etsa hore a lebelle ketelo ea hao e tlang ka thahasello. Ha u khutlela, tiisa hore u mo hopotsa lipotso tsena, ebe u sebelisa lingoliloeng ho mo thusa ho fumana karabo ea Bibele.

5 Ho qalisa ha rōna lithuto le ho li khanna ka mehla ho ka fetola bophelo ba batho. Ho hlokahala hore re bontše thahasello ea sebele ho bao re teanang le bona tšimong kapa maemong a sa tloaelehang a letsatsi le letsatsi. Ho hlokahala tokiseletso e ntle bakeng sa ho tsosa thahasello ea bona ka ho tsoelang pele. Ho hlokahala mamello bakeng sa hore u ’ne u khutlele ho fihlela u etsa hore ba je ka mehla lijo tsa moea. Ho boetse ho hlokahala hore batho ba be le thahasello ka bobona. Re tlameha ho batla ho ba thusa ka tieo hore ba bolokehe timetsong e tlang. Mosebetsi oa rōna oa thuto ea Bibele o lokela ho etsetsoa thapelo ea ka mehla le e tiileng.—1 Ba-Thess. 5:17.

6 Re lokisetsa ho hatisa likhopotso tse ngata ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso likhoeling tse seng kae tse tlang tse tla thusa bahoeletsi ka ho eketsehileng hore ba khanne lithuto tsa Bibele tse hatelang pele. Ka kōpo hopolang hore neng kapa neng ha ho khoneha, lithuto tsa Bibele li lokela ho khannoa ka buka Phela ka ho sa Feleng. Khatiso ea bobeli e lokelang ho ithutoa e lokela ho ba buka Ho Kopana Borapeling. (Ka kōpo bona Karolo ea Lipotso, kmSU 5/86.)

7 Ho khothatsa haholo ho bona hore batho ba ka bang millione ba fetohile barutuoa ba kolobelitsoeng lilemong tse tharo tse fetileng. (Matt. 28:19, 20) Hona joale re khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang limillione tse ’nè le halofo khoeli ka ’ngoe, ’me sena se bontša kameho ea rōna ka bophelo ba batho ba bang. Ho thoe’ng ka uena? Na u ntse u etsa boiteko bo tiileng ba ho kopanela mosebetsing oa thuto ea lehae ea Bibele? Hopola hore bophelo ba rōna le ba batho ba bang bo itšetlehile ka botšepehi ba rōna tabeng ena.—Ezek. 3:17-19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela