Rokang Letsibolo la Jehova!
1 Ka Sontaha, Nisane 9, 33 C.E., bongata bo boholo bo tšoereng mahlaku a palema bo ile ba roka Mor’a Jehova oa letsibolo, Morena Jesu Kreste, joaloka “Ea tlang joaloka Morena ka lebitso la Jehova!” (Luka 19:38, NW; Ba-Heb. 1:6) Ka Mantaha le Labobeli, Nisane 10 le 11, Jesu o ne a tšoarehile ka matla ka boboleli ba hae ba phatlalatsa, a etsa hore matsatsi ao a ho qetela e be a maphatha-phathe ka ho fetisisa bophelong ba hae ba lefatšeng.
2 Kajeno, esita le bongata bo boholo le ho feta bo tšoereng mahlaku a palema tsa tšoantšetso bo hoeletsa ka lentsoe le phahameng: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” (Tšen. 7:9‚ 10) Ka March 26, re tla bokana hammoho ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. Ha letsatsi leo le atamela, na re ka matlafatsa boiteko ba rōna tšebeletsong ’me ka ho etsa joalo re tlatsetse mohoong ona oa thoriso oa lefatše lohle?
3 Eketsa Tšebeletso ea Tšimo: Bahoeletsi ba bangata ba se ba ngolisitse joaloka bo-pula-maliboho ba thusang ka March. Na u tla rata ho ikopanya le bona? Haeba ho joalo, nehelana ka kōpo ea hao ka ntle ho tieho. E mong oa baholo o tla thabela ho araba lipotso leha e le life tseo le ka bang le tsona ka mosebetsi ona.
4 Ebang u ka khona ho sebetsa joaloka pula-maliboho ea thusang kapa che, u tla rata ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ka March. Mohlomong phutheho e ka lokisetsa ho paka ka sehlopha letsatsi le letsatsi har’a khoeli. Ho lokela hore ho be le tšimo e lekaneng bakeng sa morero oo.
5 Liphutheho tsohle li lokela ho lokisetsa seboka se khethehileng sa tšebeletso ea tšimo ka Moqebelo, March 26. Le hoja ho e-na le mosebetsi o mongata oa ho lokisetsa Sehopotso, ho khothaletsoa hore e mong le e mong ea ka tsebang ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka Moqebelo hoseng a etse joalo. Ho phaella ho sebetseng ka ntlo le ntlo, kholisehang hore bao le ba memetseng ho ba teng Sehopotsong ba na le lipalangoang le hore ba tseba nako le sebaka sa seboka ka ho hlakileng.
6 Mema le ho Khothatsa ba Bang: Jesu o ile a laela balateli ba hae: “Le ’ne le tsoele pele ho etsa sena ho nkhopola.” (1 Ba-Kor. 11:24, NW) Ha balateli ba mehlala ea Jesu ba tlotsitsoeng ba mamela taelo eo, mohlanka e mong le mong oa Jehova o mengoa ho ba teng le ho keteka mokete oa Sehopotso. Har’a lintho tse ling, u lokela ho mema liithuti tsa Bibele, beng ka uena, bao u bileng le lipuisano tsa Bibele le bona, balekane ba sa lumelang le basebetsi-’moho. Ngola lethathamo hore ho se be ea lebaloang.
7 Ho tla ba le menyetla e eketsehileng ea ho khothatsa batho ba thahasellang Sehopotsong. Kholiseha hore u fihla nako esale teng e le hore u ka lumelisa ba bacha ba tlileng ka lekhetlo la pele. Haeba liithuti tsa hao tsa Bibele tse ’maloa li e-ba teng, ho ka ba molemo hore mohoeletsi e mong a lule le tse ling nakong ea seboka. Mema ba qalang ho tla ho ba teng ka mehla Sebokeng sa Phatlalatsa sa phutheho. Moholo ea khethiloeng ho fana ka puo ea phatlalatsa o lokela ho lokisetsa hantle ho fana ka puo e susumetsang.
8 Ha mokete oa Sehopotso o fela, ha re bina hammoho pina 105, “Rokang Letsibolo la Jehova!,” e se eka re ka tseba ho hetla morao ka khotsofalo khoeling ea mosebetsi o chesehang oa puso ea Molimo thorisong ea Jehova!