Thusa ba Bang ho Ithuta ’Nete
1 Jesu o ile a tla lefatšeng ho tla pakela ’nete. E le ho etsa hore ’nete e boleloe ho ba bang, o ile a koetlisa barutuoa ba hae hore e be matichere. O ne a kholisehile haholo ka katleho eo ba tla ba le eona ha ba ruta ba bang hoo a ileng a ba bitsa ‘barupeli ba phatlalatsa.’ (Matt. 13:52, NW) O ile a tšoantša e mong le e mong oa bona le monna ea rutehileng ea nang le polokelo ea letlotlo la sebele eo a neng a le ntša ho eona. Kajeno barutuoa ba Jesu ba sebelisa lingoliloeng ho potlakisa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. Ka mohlala, liphutheho tse ngata li na le libukana tse fapa-fapaneng tseo li ka li sebelisang ho thusa ba bang hore e be barutuoa. Lisebelisoa tsee tsa bohlokoa li ka sebelisoa joang?
2 E le ho qalisa moqoqo o lebisang ho nehelaneng ka bukana “Bokamoso bo Sireletsehileng—Kamoo U ka bo Fumanang,” u ka ’na ua botsa:
◼ “Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha, ho sa tsotellehe boiteko bohle ba motho, litebello tsa bokamoso bo sireletsehileng li le lerootho hakaale? [Emela karabo.] Bibele e hlalosa hore na ke hobane’ng ha boiteko bo bongata hakana bo hlōlehile.” Bala Pesaleme ea 146:3, 4. Ka mor’a ho behelana mabaka le mong’a ntlo ka boitsebiso bo leng serapeng sa 6, u ka botsa: “Ha e le hantle ke mang ea ka khonang ho re fa tšireletseho ea nako e telele?” Ho itšetlehile ka karabelo ea mong’a ntlo, u ka ’na ua etsa qeto ea ho tšohla lintlha tse loketseng tse serapeng sa 7 kapa ua lokisetsa ho etsa seo nakong e tlang.
3 Tsela e ’ngoe ke ena eo u ka khonang ho sebelisa bukana “Na ho Teng Molimo o Tsotellang?”:
◼ “Batho ba bangata ba botsitse potso e hlahang mongolong o tlas’a litšoantšo tsena tse peli. [Bala potso e botlaaseng ba leqephe la 6 le la 7, ’me u emele karabo.] Kaha Molimo ea lerato o ne a ke ke a lumella botle le bobe ka nako e le ’ngoe, u nahana joang ka tšepiso ea hae e tlalehiloeng moo ho Esaia 65:21-24?” Haeba u fumana tlhaloso e bontšang thahasello e itseng, phetla serapeng sa 37, ’me u hlalose seo ’Muso oa Molimo o tla se finyella.
4 Ha u nehelana ka bukana “Ho na le ho Eketsehileng Bophelong!,” u ka re:
◼ “Ho ba bangata bophelo bo fetohile mosebetsi o tenang o nyahamisang, o bosula hobane o sa fetohe. U nahana hore ho hlokahala eng hore bophelo e be bo nang le morero haholoanyane? [E re mong’a ntlo a bolele maikutlo a hae.] Bibele e bontša hore Molimo o re boloketse lintho tse molemo. Bona seo a se bolelang mona ho Tšenolo 21:4, 5.” Haeba ho loketse, ntšetsa puisano eo pele ka lintlha tse tsoang serapeng sa 42 sa bukana ena.
5 A sebelisa bukana e lekanang le makasine “Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!,” mohoeletsi e mocha lilemong a ka ’na a botsa:
◼ “Na u ka thabela ho phela lefatšeng la paradeise le tšoanang le lee? [Mo bontše sekoahelo ka qalong le ka qetellong, ’me u emele tlhaloso.] ’Na le lelapa leso re lebeletse ho phela mona ka lebaka la seo Bibele e se bolelang mona ho Johanne 17:3.” Ka mor’a ho bala lengolo leo, bolela hore u tla siela motho enoa bukana e lekanang le makasine hore a e bale ka monehelo oa lisente tse 90.
6 Haeba u sebelisa libukana tse ling kapa libukana tse lekanang le makasine tšebeletsong ea hao khoeling ena, u ka etsa hore likenyelletso tsa hao li tšoane le linehelano tse leng litlhahisong tse ka holimo. Hopola hore u bue ka bokhutšoaane ’me u etse litlhaloso tse ntle le tse hahang tse tla tsosa thahasello ea beng ba matlo.
7 Jehova o re file ’nete. Re lokela ho sebelisa menyetla eo re nang le eona bakeng sa ho e abela ba bang, ka lingoliloeng le ka ho qoqa le batho bao re teanang le bona. Ka tsela ena re ipaka hore re barupeli ba phatlalatsa molemong oa ba bang.—Matt. 28:19, 20.