Ba Tla Utloa Joang Ntle le Hore Re Khutlele?
1 “Ba tla utloa joang, ha ’moleli a le sieo?” (Ba-Roma 10:14) Ka sebele, ba tla utloisisa moelelo oa ’nete joang ntle le hore re etse maeto a ho boela a atlehang? Kae kapa kae moo re ileng ra khona ho qoqa le mong’a ntlo ka molaetsa oa ’Muso hoa tšoaneleha hore re etse leeto la ho boela. Khoeling ena re ka ’na ra khona ho khutlela moo re ileng ra qoqa pejana ka lintlha tse eketsehileng tsa Mangolo tse tsoang bukaneng leha e le efe eo re e tsamaisitseng, ’me ka katleho sena se ka lebisa thutong ea Bibele.
2 Haeba u tsamaisitse bukana “Bokamoso bo Sireletsehileng—Kamoo U ka bo Fumanang,” u ka ’na ua khona ho qala moqoqo o ka lebisang thutong ea Bibele ka tsela ena. U supile sekoahelong se qalang, u ka botsa:
◼ “Na u ka rata ho phela lefatšeng leo ho lona u tiisetsoang bokamoso bo sireletsehileng le lelapa la hao? [Emela karabo. Ebe u phetla serapeng sa 2.] Kaofela re na le takatso ena, le hoja ba bangata ba belaela hore na seo se tla ke se etsahale. Ho Molimo, ea tšepisang hore sena e tla ba ntho ea sebele, sena se ka etsahala.” Bala Esaia 32:17, 18 joalokaha e qotsitsoe serapeng sa 2, kapa u e bale Bibeleng ea hao. Tsoela pele, u hlalose hore ho na le batho ho pota lefatše ba seng ba ntse ba latsoa thabo le khotso ea kelello tse tlisoang ke ho ba le tšepo e tiileng ka bokamoso. Bua ka mehopolo ea Mangolo e leng serapeng sa 3, ebe u hlalosa kamoo ho ithuta bukana ena ho ka thusang mong’a ntlo hore a ithute ho eketsehileng. Haeba motho enoa a thahasella, etsa litokisetso bakeng sa ho etsa leeto la ho boela ka mor’a nako e khutšoaane ho ntšetsa pele puisano eo.
3 Ha u khutlela ka mor’a ho tsamaisa bukana “Na ho Teng Molimo o Tsotellang?,” mohlomong mantsoe a kang ana a ka atleha:
◼ “Ha ke ne ke u etetse nakong e fetileng, re ile ra tšohla potso ena, Na ho teng Molimo ea tsotellang? Na u nahana hore Molimo o amehile ka rōna hoo a ka felisang ho utloa bohloko le pefo? [Ka mor’a hore motho eo a arabele, phetla serapeng sa 32, ’me u tsoele pele.] Molimo o tšepisitse hore o tla nkela lefatše lena le khopo sebaka ka le lecha le ahiloeng ke batho ba molemo ba tla khona ho phela ka khotso. [Bala Pesaleme ea 37:11.] ’Na le uena re ka thabela bophelo lefatšeng leo le lecha haeba re lumela Bibele ’me re sebelisa keletso ea eona.” Hlalosa lenaneo la rōna la ho thusa batho ho ithuta Bibele.
4 Ha u etsa leeto la ho boela ka mor’a ho tsamaisa bukana e lekanang le makasine “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” u ka ’na ua qala ka ho mo bontša setšoantšo se leng sekoahelong ebe u botsa potso:
◼ “U nahana hore ho tla ba joang ho phela lefatšeng le phethahetseng? [E re mong’a ntlo a hlalose.] Seo u se bonang setšoantšong sena hase feela se iqapetsoeng se inahaneloang; se thehiloe litšepisong tse tiileng tse boletsoeng ka Bibeleng. [Bala Tšenolo 21:4 le Pesaleme ea 37:11, 29.] Ke rata ho u hlalosetsa hore na uena le lelapa la hao le ka thabela tlhohonolofatso ena joang.” Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello, tsoela pele ka puisano, ’me u buelle thuto ea Bibele.
5 Ha re fumana batho ba tiileng ba batlang ’nete, re bontša lerato la rōna la ’nete ka ho khutlela ho ea ba thusa hore ba nke khato ka seo ba se utloileng. Re sebelisa linnete tse halalelang tseo re li tšepetsoeng bakeng sa tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng ho rōna le ho ba utloang.—1 Tim. 4:16.