Ba Thuse Hore ba Utloe “Hape”
1 “Re sa tla boela re u utloe hape holim’a taba eo.” (Lik. 17:32) Ke karabelo ea ba bang ha ba utloa puo ea Pauluse e tsebisahalang ea Leralleng la Mars. Ka ho tšoanang kajeno, ba bang ba ikemiselitse ho utloa ho eketsehileng ka molaetsa oa ’Muso oo re o arolelanang le bona ketelong ea rōna ea pele.
2 Re etsa boholo ba ho ruta ha rōna ha re khutlela ho hlaolela thahasello. Tokisetso e ntle e tla re thusa ho fumana liphello tse ntle. Leqepheng la 50 Buka ea Tataiso ea Sekolo e buella hore: “Taba ea pele ke hore u be le lintlha tse tšehetsang boitsebiso li hlakile kelellong. Leka ho fihlela hore na ke hobane’ng ha ntho e le joalo. Bona haeba u ka bolela ka mantsoe ao e leng a hao. E-ba le kutloisiso e ntle ea bopaki ba Mangolo. Lokela ho sebelisa mangolo ka mokhoa o molemo.”
3 Haeba u tsamaisitse buka “Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?,” u ka ’na ua bua mantsoe a kang ana:
◼ “Ha re ne re buisana nakong e fetileng, re ile ra tšohla mabaka a hore re tšepe Bibele. Buka eo ke u sietseng eona e botsa potso, ‘Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?’ [Bala kenyelletso e leqepheng la 5, ’me u emele karabo ea potso e leng qetellong.] Bibele e re bolella hore haufinyane Molimo ka boeena o tla rarolla mathata ’ohle a moloko oa batho a tsietsang, ’me e fana ka tataiso mabapi le tsela eo re tlamehang ho e nka hore re thabele litlhohonolofatso tsa nako eo e monate. [Bala Pesaleme ea 119:105.] Buka ena e etselitsoe ho ba thuso bakeng sa thuto ea Bibele ea botho le ea lelapa. Nka thabela ho u bontša kamoo u ka e sebelisang kateng.”
4 Maetong ao ho ’ona u siileng pampitšana “Lebaka la Hore U Tšepe Bibele,” u ka re:
4◼ “Kaofela ha rōna re thahasella se tšoeroeng ke bokamoso. Ka lebaka la maemo a hona joale a lefatše, u nahana hore ho tla etsahala eng? [Emela karabo.] Le hoja motho a ka nahanela feela se tla etsahala, Molimo o tseba hantle se tla etsahala. [Bala Esaia 46:10.] Ho ka ’na ha u makatsa ho ithuta hore Bibele e bolela esale pele hore haufinyane re tla thabela litlhohonolofatso tsa lefatše le lecha la paradeise. [Bala serapa sa boraro leqepheng la 4.] E re ke u bolelle haholoanyane ka tšepiso ena e hlollang.”
5 Haeba u boela moo u qalileng thuto ea Bibele, mohlomong u ka leka katamelo ena:
◼ “Matsatsing a seng makae a fetileng ke ile ka u bontša kamoo re ithutang Bibele re sebelisa buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Re ile ra bua ka lirapa tse seng kae khaolong ea 13, tse bontšang kamoo Bibele e ka fetolang bophelo ba motho kateng. Joalokaha ke u tšepisitse, ha re tsoele pele ka puisano ea rōna. Na u ka thabela ho nka kopi ea hao ea buka hammoho le Bibele ea hao?” Ntšetsa puisano pele moo u e siileng teng, u bue ka lirapa tsa 4-6 tsa khaolo ea 13. Etsa litokisetso tsa ho khutlela ho tla ntšetsa puisano pele.
6 Ha ho letlotlo le leholo leo re ka le fetisetsang ho ba bang ho feta tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Tsebo e joalo e ka ruta batho ho tšaba Jehova ’me ea ba khothalletsa ho tsamaea tseleng ea hae, e leng ho tlisang litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.—Liprov. 2:20, 21.