Bibele—Mohloli oa Matšeliso le Tšepo Lefatšeng le Khathatsong
1 Lefatše lena le bolokile moloko oa batho tlas’a khatello e matla ’me o hloka matšeliso le tšepo. Bibele ke eona feela mohloli oa matšeliso a ’nete. E fana ka tšepo ea lefatše le lecha la ho loka. (Ba-Roma 15:4; 2 Pet. 3:13) Buka ea Insight, Moqolo oa 1, leqepheng la 311, e re: “Hoja e se ka Bibele re ne re ke ke ra tseba Jehova, re ke ke ra tseba melemo e hlollang e tlisoang ke sehlabelo sa Kreste sa thekollo, ’me re ne re ke ke ra utloisisa litlhokahalo tse lokelang ho finyelloa bakeng sa ho fumana bophelo bo sa feleng joaloka setho kapa mofo oa ’Muso oa Molimo oa ho loka.”
2 Ka November re tla lebisa tlhokomelo e khethehileng karolong e phethoang ke Lentsoe la Molimo, Bibele, ho thusa batho ho sebetsana ka katleho le likhatello tsa lefatše. Re tla nehelana ka buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Re ka re’ng e tla thusa batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng hore ba ananele bohlokoa ba Bibele?
3 Ka mor’a ho itsebisa hore na u mang, mohlomong u ka bua mantsoe a kang ana:
◼ “Mohlomong u tla lumela hore re pota-potiloe ke mathata a re hlokisang khotso ea kelello. Re ka fumana keletso e sebetsang hokae e ka re bontšang kamoo re ka sebetsanang ka katleho le mathata aa? [Emela karabo.] Ke fumane Bibele e khothatsa hobane e re ruta kamoo re ka thabang kateng. [Bala Luka 11:28.] Morero oa mosebetsi oa rōna ke ho khothalletsa batho ho bala Bibele le ho rua molemo taeong ea eona. Thuso ena ea ho ithuta Bibele, e leng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e ka u thusa ho etsa seo. Hlokomela seo e se bolelang ka sesosa sa mathata a mangata a lefatše. [Bala polelo ea bobeli serapeng sa 9 leqepheng la 187.] Haeba u batla ho bala buka ena, nka thabela ho u siela kopi ena ka monehelo oa R3,50.”
4 U ka ’na ua khetha katamelo e bonolo joaloka ena:
◼ “Re thahasella ho khothalletsa hore ho hlomphuoe Lentsoe la Molimo, Bibele haholoanyane. Ke tla rata ho u fa kopi ea pampitšana ena, Lebaka la Hore U Tšepe Bibele. E hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ka tšepela Bibeleng bakeng sa ho fumana tšepo e tiileng ea lefatše le molemo. [Phetla leqepheng la 6, ’me u bale Pesaleme ea 37:29 hammoho le serapa se phethang.] Ipalle pampitšana ena, ’me lekhetlong le tlang ha ke u etetse, ntsebise hore na u nahana joang ka tšepo e fanoang ke Bibele.”
5 Bahoeletsi ba bang ba ka rata ho sebelisa katamelo ena e tobileng bakeng sa ho qala thuto ea Bibele:
◼ “Ke u etetse ho tla ithaopela ho ba le thupelo ea thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng le uena. Bibele e bululetsoe ke Molimo, ’me taeo ea eona e ka otlolla lintho. Re sebelisa thuso ena ea ho ithuta Bibele, e leng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? nka thabela ho u bontša kamoo u ka ithutang Bibele kateng. [Phetla leqepheng la 175, ’me u tšohle lirapa tsa 1-3 le mong’a ntlo. Ho latela thahasello e bontšitsoeng, phetla lengolo le le leng kapa a mabeli ’me u tšohle ntlha e boleloang. Hlalosa kamoo ho phetla mangolo a bontšitsoeng ho tla thusa mong’a ntlo ho ithuta mehopolo ea Molimo litabeng.] Nka thabela ho khutla ’me re buisane ka taba ena haholoanyane. U ka inkela buka ena ka monehelo oa R3,50 feela.”
6 Bibele ke mohloli oa matšeliso le tšepo haesita le ’nete e ka re isang bophelong bo sa feleng. (Joh. 17:3, 17) Ho arolelana tsebo ea Bibele le ba bang ho thabisa Jehova, ea “ratang hoba batho bohle ba bolokehe.”—1 Tim. 2:4.