Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/96 leq. 8
  • Ho Batla ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bua ’nete le Moahelani oa Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • “Tumelo e Latela Ntho e Utloiloeng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete tse Nakong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lokisetsang Mosebetsi oa Limakasine ka April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 4/96 leq. 8

Ho Batla ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng

1 Sepheo se seng sa mosebetsi oa boboleli ke ho fumana ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48) Ho aba limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ho ipakile e le tsela e babatsehang haholo ea ho phethahatsa sena, kaha likoranta tsa rōna li hlokomelisa batho ka tšepo ea ’Muso. Re tla tsamaisa limakasine tsena ka April. Re tšepa hore moo ho fumanoang thahasello re ka khona ho qalisa lithuto tse ncha tsa Bibele ka buka Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Tse ling tsa litlhahiso tse ka u tsoelang molemo ke tsena:

2 Ha u sebelisa “Molula-Qhooa” oa April 1, u ka buella sehlooho “Rorisang Morena oa Bosafeleng!,” ’me ua re:

◼ “Batho ba bangata bao re buisanang le bona ba na le tumelo ho Molimo. Ba bang ba thatafalloa ke ho lumela ho eena. U ikutloa joang? [Emela karabo.] Re pota-potiloe ke bopaki bo hlakileng bo bontšang hore e tlameha ebe Molimo o teng. [Bala Pesaleme ea 104:24.] Ha re bona k’hamera kapa k’homputha, habonolo feela rea lumela hore e tlameha ebe li entsoe ke motho ea bohlale haholo. Na e ne e tla ba ho utloahalang ho bolela hore lintho tse rarahaneng haholo, tse kang lefatše hammoho le rōna batho, li itlhahetse feela ka tsietsi?” Sebelisa serapa sehloohong seo ho bontša lebaka le utloahalang la ho lumela ho Molimo. Nehelana ka limakasine ka monehelo o tloaelehileng.

3 “Molula-Qhooa” oa April 15 o na le sehlooho “Lebaka Leo ka Lona Molimo a Hlohonolofatsang Borapeli ba ’Nete.” Pele u se buella, u ka botsa:

◼ “Ha e le mona ho e-na le malumeli a makholo lefatšeng, na u nahana hore kaofela aa amoheleha ho Molimo? [Emela tlhaloso.] Jesu o boletse esale pele hore ho sa tsotellehe ho ipolela ha batho e le balumeli, ba sa etseng thato ea Molimo ba tla lahloa. [Bala Matheu 7:21-23.] Ke habohlokoa hore re khetholle bolumeli ba ’nete bo ileng ba rutoa ke Jesu.” Phetla sehlooho “Bolumeli ba ’Nete bo Tlameha ho Hlahisa Litholoana Life?,” se qalang leqepheng la 16, ’me u bue ka mohlala o le mong ho hlakisa ntlha ena.

4 Ha u buella sehlooho se seholo ho “Tsoha!” ea May 8, “Ha Lintoa li se li se Teng,” mohlomong u ka re:

◼ “Lekholong lena la lilemo ho bile le lintoa tse makholo, ho akarelletsa lintoa tse peli tsa lefatše. Ho ntse ho le joalo, hoo e ka bang baeta-pele bohle ba lefatše ba bolela hore ba batla khotso. Motho e mong le e mong eo ke mo tsebang o bua joalo. Haeba motho e mong le e mong a batla khotso, ke hobane’ng ha ba sa e finyelle? [Emela karabo.] U nahana hore ke’ng eo re e hlokang hore re bone khotso ea sebele lefatšeng?” Ka mor’a karabelo ea mong’a ntlo, phetla leqepheng la 8 le la 9 ’me u bale mangolo a kang Pesaleme ea 46:8, 9. U sebelisa litšoantšo le mangolo a qotsitsoeng, bontša kamoo ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso ea ka ho sa feleng kateng lefatšeng ka bophara. Joale nehelana ka limakasine ka monehelo o tloaelehileng ’me u etse tokisetso ea ho khutla.

5 Haeba u fumana ba bangata ba bolelang hore ba phathahane, mohlomong u ka leka sena:

◼ “Re thahasella ho thusa batho ba phelang bophelo bo maphatha-phathe ’me ba na le nako e fokolang haholo ea hore ba ka nahana ka tšobotsi ea moea ea bophelo. Likoranta tsa rōna, Molula-Qhooa le Tsoha!, li reretsoe ho nehelana ka boitsebiso bo tobileng bo mabapi le lintho tse amang uena le lelapa la hao. Ke rata ho u siela likopi tsena hore u li bale.”

6 Hopola ho neha ba amohelang limakasine monyetla oa ho etsa peeletso ea e ’ngoe ea limakasine tsena. Ka sebele ba tla rua molemo ka ho bala Molula-Qhooa le Tsoha!, tse tlisang “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo haholoanyane.”—Esa. 52:7, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela