Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/96 leq. 4
  • Bua ’nete le Moahelani oa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bua ’nete le Moahelani oa Hao
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batla ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete tse Nakong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 5/96 leq. 4

Bua ’nete le Moahelani oa Hao

1 E ’ngoe ea litaelo tse peli tse khōlō ka ho fetisisa ke ena: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Mat. 22:39) Lerato le joalo le tla re susumelletsa ho abela baahelani ba rōna ntho e molemo eo re nang le eona—’nete eo re e fumaneng Lentsoeng la Molimo. Kaha limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li phahamisa molaetsa oa Bibele oa ’nete, ho aba limakasine tsena nakong ea khoeli ea May ke tsela e ’ngoe ea hore re ‘bue ’nete le baahelani ba rōna.’—Baef. 4:25.

2 “Tsoha!” ea May 8 e lokela ho buelloa ho fihlela li felile kaofela. U ka ’na ua qala nehelano ea hao ka ho botsa:

◼ “U itšoara joang ha ho buuoa ka lefatše le se nang ntoa? [Emela karabo.] Na u ne u tseba hore ha e le hantle malumeli a lefatše a ntšetsa lintoa pele le ho bolaea? [Emela karabo.] Ka ho fapaneng, hlokomela seo Bibele e reng barapeli ba ’nete ba Molimo ba tla se etsa.” Bala Esaia 2:2-4 ho tloha qalong ea leqephe la 4 la makasine, ’me ebe joale leqepheng la 10 u bala serapa sa pele tlas’a sehloohoana “Ho Etela Barati ba Khotso.” Botsa hape: “Na ua tseba hore na Molimo o tla etsa seo joang? Karabelo e fumanoa makasineng ena. Ke tla rata ho u siela limakasine tsena tse peli ka monehelo oa R2,00.”

3 Ha u nehelana ka “Molula-Qhooa” oa May 15, leka ho bua ka ketsahalo ea litaba tsa morao-rao e entseng hore batho ba ikutloe ba sa sireletseha, ebe joale ua botsa:

◼ “U nahana hore ho ne ho tla hloka eng ho re etsa hore re ikutloe re hlile re sireletsehile bophelong boo? [Emela karabo.] Ka botšepehi bohle, na ke ho utloahalang ho tšepa batho hore ba ka rarolla mathata a tobaneng le moloko oa batho? [Emela karabo; joale bala Pesaleme ea 146:3.] Mopesaleme joale o re fa lebaka la ho ba le tšepo ka bokamoso. [Bala Pesaleme ea 146:5, 6.] Sehlooho sena, ‘Tšireletseho ea ’Nete—Hona Joale le ka ho sa Feleng,’ se hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa Jehova Molimo hore a tlise maemo a molemo lefatšeng.” Nehelana ka limakasine tse peli ’me u bolele hore u tla khutla u tl’o tšohla kamoo ho ka khonehang ho thabela bophelo bo sireletsehileng le hona joale.

4 Sehlooho se kaholimo sa “Tsoha!” ea June 8 se lokela ho hapa thahasello ea batho tšimong ea ka ntlo le ntlo le ea khoebo. U ka e kenyelletsa ka ho re:

◼ “Basali ba bangata ba bile le phihlelo e tšosang ea ho hleka-hlekoa ke ba batona mosebetsing. Boemo bo mpefala hoo makhotla a qalileng ho ahlola bafosi le ho buseletsa mahlatsipa. E le tšebeletso sechabeng, re hatisitse tlaleho ena, e lelekang litšōmo tse tloaelehileng ka taba ena. E boetse e fana ka maele a sebetsang ho basali le banna mabapi le hore na ba ka itšireletsa joang hore e se ke ea e-ba mahlatsipa kapa ba qosoang ka ho hleka-hleka ba batona kapa ba batšehali. Na u ka rata ho bala tokollo ee ea makasine oa Tsoha!? [Emela karabo.] Re siea likoranta tsa rōna ka monehelo o monyenyane oa R2,00.”

5 Haeba u rata nehelano e khutšoanyane, u ka ’na ua leka sena:

◼ “Ba bangata ba ikutloa hore boholo ba limakasine tse tummeng tsa kajeno bo bontša khoebo, botona le botšehali, kapa pefo haholo. [Hlahisa Molula-Qhooa le Tsoha!] Re aba limakasine tsena tse molemo tse thehiloeng Bibeleng. Ke tse rutang haholo ’me li re ruta ho rapela Molimo, ho rata baahelani ba rōna, le ho boloka boitšoaro bo nepahetseng. Haeba u rata mofuta ona oa boitsebiso bo baloang, kea tseba hore u tla thabela seo u tla se fumana litokollong tsena.”

6 Haeba re chesehela bo bua ’nete le baahelani ba rōna, re ka ’na ra khona ho tlisetsa ba bangata thabo e khōlō.—Lik. 8:4, 8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela