Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/96 maq. 4-5
  • Thabela Keketseho eo Molimo a Fanang ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabela Keketseho eo Molimo a Fanang ka Eona
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Menehelo Mosebetsing oa Lefatše ka Bophara oa Mokhatlo e Tšehetsa Katoloso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Borapeli ba ’Nete Boa Atoloha Europe Bochabela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Ba Sebeletsa Mokhatlo oa Bara ba Motho oa Bakreste Linaheng Lisele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 12/96 maq. 4-5

Thabela Keketseho eo Molimo a Fanang ka Eona

1 Bakreste lekholong la pele la lilemo e ne e le baboleli ba ’Muso ba chesehang. Ba ile ba thaba ha ‘liphutheho li eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.’ (Lik. 16:5) Boboleli ba bona bo sebete bo ile ba atolohela Asia, Europe le Afrika, ’me ba fella ka kotulo e khōlō ea balumeli.

2 Jesu o boletse esale pele hore mehleng ea qetello, mosebetsi oa boboleli o ne o tla finyella ‘lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona le lichabeng tsohle’! (Mat. 24:14) Selemong sa tšebeletso sa 1996, re tsoela pele ho amohela litlaleho tsa keketseho e babatsehang le litlhōrō tse ncha tsa bahoeletsi ho tsoa linaheng tsa lefatše lohle. Ho thehiloe liphutheho tse ngata tse ncha. Keketseho ena e potlakileng e entse hore ho hlokahale hore ho hahuoe makholo a Liholo tsa ’Muso tse ncha le Liholo tsa Kopano esita le ho atolosa mehaho e mengata ea makala.

3 Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1996 e tlalehile ka mosebetsi o moholo oa kaho o etsahalang Afrika. Mosebetsi o tšoanang o ntse o tsoela pele hohle Latin America. Selemong sa tšebeletso sa 1996, Mexico e tlalehile tlhōrō e ikhethang ea bahoeletsi ba 470 098 le karolelano ea lithuto tsa Bibele tse 600 751, tse entseng hore ho qalisoe liphutheho tse ncha tse 466! Ho eketsoa ha mehaho ea lekala la moo ho reretsoe hore ho qetoe ho ea bofelong ba 1999. Khōlo e tšoanang le linaheng tse ling tse ngata ha e emise merero e meng e fapa-fapaneng ea kaho ea puso ea Molimo.

4 Litšenyehelo tsa ho haha li phahame hohle, ’me barab’abo rōna linaheng tse ngata ba na le ho fokolang haholo linthong tse bonahalang tseo ba ka nehelanang ka tsona. Leha ho le joalo, ka lebaka la cheseho ea bona e matla tšebeletsong ea Jehova, ka sebele ba hatela pele moeeng esita le ho eketseha ka manane a maholo. Liproverbia 28:27 (NW), e re tiisetsa hore “ea fang motho ea haelloang a ke ke a hloka.” Ho ithaopela ha rōna ka ho rata ho thusa ho koahela litšenyehelo tsa mosebetsi oa kaho ho tla fella ka “ho leka-lekanya” lintho tse bonahalang, ’me ho lumelle bohle ho latsoa thabo e tlisoang ke ho fana le monyaka oa ho bona keketseho eo Jehova a fanang ka eona!—2 Bakor. 8:14, 15; Lik. 20:35.

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Lekala la Paraguay

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Lekala la Ecuador

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Katoloso ea Mohaho e Tsoelang Pele Mexico

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Lekala la Dominican Republic

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Lekala la Brazil Hammoho le Mehaho e Atolosoang

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Lekala la Uruguay le Ntseng le Hahuoa

Liholo tsa ’Muso tsa litjeho tse tlaase Latin America

1. Brazil

2. Nicaragua

3. Chile

4. Colombia

5. Mexico

6. Brazil

7. Peru

8. Venezuela

9. Mexico

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela