Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/96 maq. 3-6
  • Ka Kōpo le Nehoe Molebeli oa Sekolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Kōpo le Nehoe Molebeli oa Sekolo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Arabela polelo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
  • Arabela lipotso tse latelang:
  • Fana ka (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
  • Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
  • Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase: Hos. 10:12; Sof. 2:3; Hos. 14:2; Jak. 1:26, 27; 1 Joh. 2:15-17
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 12/96 maq. 3-6

Ka Kōpo le Nehoe Molebeli oa Sekolo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelishoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 2 Septe ho ea ho la 19 August 1996. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea thlhahlobo, ho ka sebelisoa Biblele feela ho araba potso leha ele efe. Litšupiso tse latelanga lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa]

Arabela polelo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Boprofeta bo ho Mikea 3:12 bo supa thipitlo le ho etsa Jerusalema lesupi ho ileng ha tla ka 607 B.C.E. [12, si-SU leq. 156 ser. 4]

2. Ka sebele ha ho “hlapi e kholo” e ka khonang ho koenya motho kaofela. (Jon. 1:17) [11, si-SU leq. 153 ser. 4]

3. Phethahatsong ea Daniele 12:1, Mikaele o ’nile a ‘ema’ ho tloha ka 1914 ha e ne e e-ba Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo; haufinyane o tla “ema” ka lebitso la Jehova e le Morena oa Mohlabani ea sa hlōloeng, a tlisa thipitlo tsamaisong ena e khopo. [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 11/1 leq. 23 ser. 23.]

4. Boprofeta bo ho Daniele 9:24, 25 bo supa tsoalong ea Jesu. [6, kl-SU leq. 36 ser. 8]

5. Kaha Basamaria ba ne ba e-na le likhopolo tsa bohata tsa bolumeli ’me ba sa amohele karolo leha e le efe ea Bibele e le e bululetsoeng, ba ne ba sa tsebe Molimo. [12, kl-SU leq. 43 ser. 3]

6. Kaha Jesu o ile a boloka Sabatha, Bakreste ba tlas’a tlamo ea ho etsa se tšoanang. (Mat. 12:12) [3, td-SU 35A]

7. Boprofeta ba Hosea bo ne bo tobisitsoe ka ho khetheha ’musong oa meloko e ’meli ea Juda. [5, si-SU leq. 144 ser. 8]

8. Tlhokahalo ea pele bakeng sa ho sebeletsa Komiting ea Kaho ea Libaka ke ea ho ba le phihlelo e ntle ea ho haha le tsebo ka mekhoa ea kaho. [3, jv-SU leq. 326 ser. 1]

9. Ho ea ka Sofonia 3:9 (NW), batho ba Molimo ba tla ba bonngoeng lefatšeng le lecha hobane kaofela ba tla bua puo e tloaelehileng—Seheberu. [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 6/1 leq. 30.]

10. Adama le Eva ba ile ba thetsoa ke Satane ’me ka ho se mamele ba ja tholoana e thibetsoeng, kahoo ba siteloa Jehova. [11, td-SU 36C]

Arabela lipotso tse latelang:

11. Ke hobane’ng ha ho loketse hore libaka tse ka sehloohong tsa liboka tsa liphutheho lefatšeng ka bophara li bitsoe Liholo tsa ’Muso, hona mohaho oa pele o ileng oa rehoa lebitso lee o ne o le hokae? [2, jv-SU leq. 319 ser. 2]

12. Ke polelo efe ea Mangolo e builoeng ke Baheberu ba bararo e senolang hore ho utloa ha bona Molimo ho ne ho sa itšetleha ka tšireletso le topollo tsa bomolimo? (Dan. 3:16-18) [4, si-SU leq. 141 ser. 19]

13. Ke lengolo lefe la Bibele le bolelang esale pele sebaka seo Mesia a tsoaletsoeng ho sona? [12, si-SU leq. 156 ser. 6]

14. Ke hobane’ng ha mesebetsi e matla e entsoeng ka lebitso la Jesu e ke ke ea e-ba bopaki bo tiileng ba ho amoheloa kapa ho tšehetsoa ke Molimo? [13, kl-SU leq. 46 lir. 6-7]

15. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa rapelle hore Molimo a emise lintoa le khaello ea lijo hang-hang le hore a thibele mahloriso ’ohle? [1, jv-SU leq. 317 ser. 4]

16. “Tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” tseo ho buuoang ka tsona ho Haggai 2:7 ke bo-mang, hona ba “tla mona” ka tsela efe? [17, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 6/1 leq. 31 ser. 5.]

17. Boprofeta ba Habakuke bo khothalletsa Bakreste kajeno joang hore ba lule ba le matla tumelong? [15, si-SU leq. 163 ser. 14]

18. Mikea e ne e le motho oa mofuta ofe? [12, si-SU leq. 155 ser. 1]

19. Ho Haggai 2:9 (NW), ke tempele efe e neng e le ‘ntlo ea morao,’ ’me “ea pele” e ne e le efe, hona ke hobane’ng ha khanya ea ‘ntlo ea morao’ e ne e le khōloanyane ho feta ea “ea pele”? [17, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 6/1 leq. 30.]

20. Hosea 14:2 e ne e khothalletsa Baiseraele ho etsa eng, hona Lipaki tsa Jehova li phethahatsa boprofeta boo joang kajeno? (Baheb. 13:15) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 9/15 leq. 10 lir. 1-2.]

Fana ka (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Motse oa ․․․․․․․․ o ne o bitsoa motse oa tšollo ea mali ke moprofeta ․․․․․․․․ lilemong tse ka bang tse 200 ka mor’a hore ․․․․․․․․ a qete mosebetsi oa hae oo a o filoeng ke Molimo mono. [11, 14, si-SU leq. 154 ser. 10, leq. 160 ser. 10]

22. Ho hlokahala hore re rapele Molimo ka ․․․․․․․․ , re susumetsoa ke lipelo tse tletseng tumelo le lerato; hape re tlameha ho mo rapela ka ․․․․․․․․ ka ho ithuta Lentsoe la hae. [12, kl-SU leq. 45 ser. 4]

23. Ka mor’a hore Baroma ba ripitle Jerusalema ka ․․․․․․․․ , ․․․․․․․․ e le sechaba ba ile ba nyamela historing, feela joalokaha Obadia a ile a bolela esale pele. [11, si-SU leq. 152 ser. 12]

24. Borapeli ba Moloke, molimo ea ka sehloohong oa bohata oa ․․․․․․․․ , bo ne bo akarelletsa ․․․․․․․․ a nyonyehang a neng a nyatsuoa ke Molao. (Lev. 20:2-5; Lik. 7:42, 43) [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 6/1 leq. 30.]

25. Litsela tse tharo tsa bopaki tse pakang hore Jesu e ne e le Mesia ke (1) ․․․․․․․․ , (2) ․․․․․․․․ , le (3) ․․․․․․․․ . [5-8, kl-SU maq. 34-8 lir. 6-10]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Kutloisiso ea Amose (8:11; 9:2, 3; 9:11, 12) e ile ea thusa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo ho hlokomela hore e ne e le thato ea Molimo hore bao e seng Baiseraele ba bokelleloe phuthehong ea Bokreste. (Lik. 15:13-19) [10, si-SU leq. 150 ser. 16]

27. Ha (Amose; Joele; Habakuke) a ne a bitsoa ke Jehova, e ne e se moprofeta kapa mora oa moprofeta empa e ne e le molisana oa linku le ea khang (litholoana tsa palema; lifeiga; mehloaare) tsa(ea) lifate tsa sykomora. [9, si-SU leq. 148 ser. 1]

28. Joele 2:32 e ile ea qotsoa ke (Petrose; Johanne; Pauluse) ho (Liketso 2:40; Baroma 10:13; 1 Timothea 2:4), moo a hatisang bohlokoa ba ho bitsa lebitso la Jehova. [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 4/1 leq. 20 ser. 16.]

29. Mantsoe a ho Mikea 2:12 a phethahala mehleng ea kajeno ho (bongata bo boholo, Iseraele oa moea, linku tse ling), haholo-holo ho tloha ka (1914, 1919, 1922) ho ea pele ha ba ne ba hloekisetsoa tsela ea ho pholoha botlamuoeng ba bona ba bolumeli (Roma, Bokreste-’mōtoaneng, Babylona e Moholo). [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 5/1 leq. 14.]

30. Moprofeta (Elija, Nahume, Esaia) o ile a phatlalatsa khahlanong le motse-moholo oa Assyria (Athene, Babylona, Nineve) hore boiphetetso ba Molimo bo tla lihuoa holim’a lira tse sa Mo feng boinehelo bo khethehileng. [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 5/15 leq. 24.]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase: Hos. 10:12; Sof. 2:3; Hos. 14:2; Jak. 1:26, 27; 1 Joh. 2:15-17

31. E le hore borapeli ba rōna bo tle bo amohelehe ho Molimo, ha boa tlameha hore bo se ke ba silafatsoa ke mekhoa ea lefatše feela empa hape bo tlameha ho akarelletsa lintho tsohle tseo Molimo a li nkang e le tsa bohlokoa.[17, kl-SU leq. 51 ser. 20]

32. Ka ho etsa se nepahetseng bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, re tla kotula mosa o lerato oa Jehova.[6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 3/15 leq. 23 lir. 2-3.]

33. Lipaki tsa Jehova kajeno li phethahatsa boprofeta ka ho rorisa Jehova tšebeletsong ea tsona ea ho bolela ka ’Muso.[7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 9/15 leq. 10 lir. 1-2.]

34. Joaloka Bakreste ba ’nete, re tlameha ho qoba mekhoa leha e le efe e bonahatsang moea oa lefatše le se nang bomolimo le re pota-potileng. [15, kl-SU leq. 50 ser. 17]

35. Re ke ke ra nkela mohau oa Molimo tlaase. [16, si-SU leq. 165 ser. 11]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela