Menehelo Mosebetsing oa Lefatše ka Bophara oa Mokhatlo e Tšehetsa Katoloso
Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia 54:2, 3, borapeli bo hloekileng ba Jehova bo tsoela pele ho atoloha ho pholletsa le lefatše. Sena se akarelletsa linaha tse sa tšoaneng k’honthinenteng ea Afrika le lihleke-hlekeng tse haufi. Lilemong tse leshome tse fetileng, lithibelo mosebetsing oa ’Muso li ile tsa tlosoa libakeng tse kang Angola, Cameroon, Equatorial Guinea, Ethiopia, Madagascar, Malawi, Mozambique le Togo. Linaheng tsena le tse ling moo masimo a soeufaletseng kotulo, baromuoa ba Gileade, ba qetileng Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, litho tsa malapa a Bethele, le ba bang ba amohetse likabelo.—Mat. 9:37, 38.
Ka ho hlakileng, keketseho ea barapeli ba ’nete mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova e hloka hore ho hahuoe Liholo tsa ’Muso tse ncha tse makholo-kholo. Hape ho ile ha hlokahala hore ho nahanoe ka Liholo tsa Likopano le mehaho ea makala e mecha kapa e atolositsoeng. Ho tšehetsa merero ena ka lichelete hammoho le ho boloka mosebetsi oa ’Muso o ntse o tsoela pele e seng feela Afrika empa le likarolong tse ling tsa lefatše ho entse hore ho sebelisoe menehelo e mengata e eang mosebetsing oa lefatšeng ka bophara oa Mokhatlo.
Litšoantšo tse maqepheng a mabeli a kenyelletso ena li u fa leseli la seo Mokhatlo o ’nileng oa ikemisetsa ho se finyella tšimong ea Afrika. Se bontšitsoeng mona ke e meng ea mehaho e ntseng e hahuoa le merero ea kaho e tlang ho qala haufinyane. Lekala la Afrika Boroa le ’nile la ameha ka mafolo-folo mererong e mengata ho ena linaheng tsa boahisani.
Ka ho hlahloba chate ea tšebeletso ea tšimo ho 1996 Yearbook, u ka ba le setšoantšo se nepahetseng mabapi le seo bahoeletsi linaheng tsena ba se etsang tšebeletsong. Keketseho e ikhethang e etsahetse linaheng tse ngata, ’me monyetla oa khōlo o bonahala lipalong tse ikhethang tsa ba bileng teng Sehopotsong. Ha re lula re hopotse se finyelloang e le karolo ea boboleli ba ’Muso ba lefatšeng lohle le ea mosebetsi oa ho etsa barutuoa lik’honthinenteng tse ling, hoo ho hatisa ho rōna hore na re na le tokelo e kaakang ea ho tšehetsa ka lintho tse bonahalang tsela ena ea borapeli ba ’nete.—Luka 16:9; 1 Tim. 6:18.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Holo ea ’Muso KwaZulu-Natal, Afrika Boroa, e hahiloe ka matsatsi a 9
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Holo ea ’Muso e hahiloeng ka ho baballa Nigeria
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Holo ea Kopano Mozambique e nang le litulo bakeng sa ba 1500, e lokela ho phethoa bofelong ba 1996
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Mehaho ea lekala Mozambique, e lokela e be e loketse ho sebelisoa nakong ea selemo ka 1996
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Lekala la Sierra Leone, le reretsoe hore le be le phethiloe selemong sena
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Holo ea Kopano e bulehileng ka mahlakoreng e phethiloe Mauritius, hammoho le mehaho ea lekala, e tlang ho phethoa mathoasong a 1997
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Lekala la Zimbabwe le ntse le hahuoa
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Holo ea Kopano e bulehileng ka mahlakoreng le lekala le lecha li ntse li hahuoa Senegal
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Lekala le lecha Kenya, motse-moholo, Nairobi
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Lekala la Madagascar, le tla phethoa haufinyane
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Mehaho ea lekala e bueletsoeng bakeng sa Malawi