Paka Hohle Moo Batho ba Leng Teng
1 Ka ho hlokomela karolo e phethoang ke moea oa Molimo tšebeletsong ea hae, moapostola Pauluse o ile a re: “Molimo a ’na a hōlisa.” O boetse a lumela: “Re basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:5-9) Ena ke tokelo e tsotehang. Re ka bontša phatlalatsa joang hore re ananela ho ba basebetsi-’moho le Molimo? Ka ho bolela litaba tse molemo ho bohle bao re kopanang le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo esita le libakeng tse ling.
2 Re laeloa ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Mat. 28:19) Haeba re kopana le batho ba seng bakae feela ha re le tšebeletsong, re ka nyahama ka potlako le ho ikutloa ho se letho leo re le finyeletseng. Ka lehlakoreng le leng, re thabela tšebeletso ea rōna haholo ha re khona ho fumana batho ba bangata le ho buisana le bona. Sena e ka ba phephetso kaha se re hloka hore re nke bohato ba pele ho ea hohle moo batho ba leng teng hore re ka iteanya le bona.
3 Mehlala e Sebetsang: Re ka pakela batho limmarakeng, lirapeng tsa boikhathollo, libakeng tsa ho phomola tseleng, liteisheneng le boemelong ba litekisi. Ha u tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba, na u itokiselitse ho fana ka bopaki ha le ntse le le leetong? Lipaki tse peli tse neng li palame bese e tletseng haholo bakeng sa ho ea sebokeng sa tšebeletso ea tšimo li ile tsa buisana ka setšoantšo sa Paradeise se bukeng ea Tsebo, ’me tsa tšohla litšepiso tsa Molimo tsa bokamoso. Hantle feela joalokaha li ne li nahanne, monna e mong e mocha ea neng a eme haufi le tsona o ne a hloaile tsebe ’me o ile a khahloa haholo ke seo a se utloang. Pele a theoha, o ile a amohela buka ’me a kōpa hore motho e mong a mo etele lapeng la hae.
4 Bahoeletsi ba bangata ba fumane thabo ka ho paka ka mokhoa o sa reroang. Morali’abo rōna e mong o ile a ea setsing sa mabenkele thapameng e ’ngoe ’me a atamela batho ba qetileng ho reka bao ho bonahalang ba sa potlaka. O ile a tsamaisa lingoliloeng tsohle tseo a neng a li nkile. Monna e mong ea neng a letile ka koloing ea hae o ile a thabela ho amohela limakasine ho morali’abo rōna. O ne a kile a ea libokeng pele, ’me puisano ea bona e ile ea tsosolosa thahasello ea monna eo.
5 Ke tokelo ho phahamisa lebitso la Jehova. Ka ho bonahatsa cheseho ea rōna mosebetsing oa boboleli, re bontša hore ha rea hlokomoloha morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo ho rōna. Ka lebaka la hore “joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng” ea ho thusa batho ba bang, a re eeng hohle moo batho ba leng teng ’me re ba pakele ka “letsatsi la poloko” la Jehova.—2 Bakor. 6:1, 2.