Balebeli ba Etellang Pele—Molebeli oa Tšebeletso
1 Molebeli oa tšebeletso o thahasella haholo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le tsoelo-pele ea mosebetsi oa ho bolela evangeli tšimong e abetsoeng phutheho. Kahoo o phetha karolo ea bohlokoa bakeng sa ho re thusa ho phethahatsa boikarabelo ba rōna ba ho bolela litaba tse molemo. Joaloka ’moleli oa evangeli ea chesehang, o etella pele ho hlophiseng lintho tsohle tse amanang le tšebeletso. Joaloka tichere e nang le bokhoni, o thusa bahoeletsi ka bomong ho ntlafatsa katleho ea bona tšebeletsong.—Baef. 4:11, 12.
2 Moholo enoa o hlokomela ka ho toba mosebetsi oa bahlanka ba sebeletsang ba abetsoeng ho sebetsa libukeng, limakasineng le tlhophisong ea masimo. Ke eena ea ikarabellang bakeng sa ho tiisa hore ho na le phepelo e lekaneng ea libuka, limakasine le liforomo tsa tšebeletso tse tla sebelisoa khoeli le khoeli. Hang ka selemo o hlahloba faele ea tšimo ho fumana liaterese tsa malapa ’ohle ao re tsebisitsoeng hore a se ke a eteloa, ’me o abela barab’abo rōna ba tšoanelehang ho etela malapa ao.
3 Molebeli oa tšebeletso o ikarabella bakeng sa ho laola litšobotsi tse sa tšoaneng tsa boboleli, ho akarelletsa le ho paka libakeng tsa khoebo, seterateng le ka thelefono. O hlokolosi ho etsa litokisetso tse sebetsang tsa ho kopana bakeng sa tšebeletso ho pholletsa le matsatsi a har’a beke, ho kopanyelletsa le matsatsi a phomolo. O bontša thahasello ea sebele mosebetsing oa thuto ea Bibele. O batla litsela tsa ho fana ka thuso ea moea ho ba seng ba sa tsoe kamehla kapa ba seng ba sa kopanele tšebeletsong. O bontša kameho e khōlō mosebetsing oa bo-pula-maliboho, ’me o tsamaisa lenaneo la Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang.
4 Joaloka setho sa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho, molebeli oa tšebeletso o buella liphetoho leha e le life tse hlokahalang litsing tsa Thuto ea Buka ea Phutheho. Ha a etela setsing sa heno, tiisa hore u ba teng le hore u kopanela le eena tšebeletsong ea tšimo.
5 Bohle ka phuthehong ba lokela ho ithaopela ho tsamaisana le tataiso eo molebeli oa tšebeletso a fanang ka eona. Sena se tla re thusa ho eketsa katleho ea rōna mosebetsing oa ho etsa barutuoa le ho fumana thabo e khōloanyane tšebeletsong ea rōna.