Cheseho e Susumetsang Bongata
Moapostola Pauluse o ile a babatsa Bakorinthe kahobane ho chesehela ha bona mosebetsi o motle ho ne ho “hlohlellelitse bongata” ba Bakreste-’moho le bona. (2 Bakor. 9:2) Hangata, motho ka mong, lelapa, sehlopha sa thuto ea buka, kapa phutheho kaofela e ka ba le tšusumetso e tšoanang ka ho kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho bolela evangeli. Litsela tse ling tseo u ka khonang ho bontša ho chesehela tšebeletso ka tsona ke tsena.
◼ Boloka matsatsi a hao a Moqebelo bakeng sa tšebeletso ea Letsatsi la Limakasine.
◼ Kopanela tšebeletsong e itseng ea tšimo ka Lisontaha.
◼ Kopanela bopaking ba mantsiboea.
◼ Kopanela matsatsing leha e le afe a khethehileng a ho paka a lokiselitsoeng.
◼ Sebelisa matsatsi a phomolo mosebetsing kapa sekolong ho ea tšebeletsong.
◼ Tšehetsa tšebeletso nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho.
◼ E-ba pula-maliboho ea thusang khoeli e le ’ngoe kapa ho feta selemong.
◼ Lokisa maemo a hao hore u be pula-maliboho oa kamehla haeba ho khoneha.
Bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000, leqepheng la 17-19.